sotho.155.yourlifeguide_heaven
THUSO YA TSA MOYA
Moruti George o araba dipotso tsa babadi ho latela ka moo Lentswe le bolelang ka teng
O ka tena eng kerekeng
Ke motjha ya sa tswa amohelwa kerekeng e ntjha dikgweding tse mmalwa tse fetileng. Baetapele ba kerekeng ba sa tswa tletleba ka hore ditho tse ding tsa phutheho di lla ka moaparo wa ka. Ba re dikete tsa ka tse kgutshwane le dibaki tsa teng tse telele, di hlahisa mmele tlolo, athe basadi ba bang bona ba tenwa ke hore banna ba bona ba dutse ba nqekotsa. Ha ke sa tseba jwale hore ke lokela ho etsa jwang.
Modimo o reng ka seo ke se aparang?
Maria, Kapa
Maria ya ratehang: Diaparo tsa hao ha di ame Modimo. Leha ho le jwalo, banna ba ameha haholo ke seo ba se bonang. Ha o tena diaparo tse hlahisang mmele haholo, o ka nna wa baka mathata le ho sitisa batho ba bang haholoholo banna, leha ba se ba le ka kerekeng. Lentswe la Modimo le re bolella hore re se inahanele rona feela empa re nahanele le batho ba bang. (Bafilipi 2: 3-4).
Lerato la nnete le jwalo.
Moya wa Satane
Ha ke itshepe. Hona ho thefula le tswelopele ya ka ka ditsela tse ngata ho kenyeletsa le moyeng.
Ke ipona ke se motho wa letho, ke dutse ke kgathatsehile ka seo batho ba se nahanang ka nna. Ha ke na le tswelapele. Ha motho a ntjheba hampe feela kapa a bua, ke thefuleha moyeng mme letsatsi la ka la Sontaha le senyehe kaofela - ka nako e nngwe ho senyehe beke kaofela. Nka etsa jwang? Ke moya ona wa Satane ona o etsang hore ke se kgone ho ikgutsa leha ke le sebakeng sa boikgutso!
CG, Thekong
CG ya ratehang: Ke mokgwa o wena o itimang thabo ka ona. Nahana ka dikamano tsa hao le Modimo (Jeremia 29:11, Dipesaleme 139:14-18). Modimo o a o rata (Jeremia 31:3) hape o bohlokwa haholo ho Ona (Matthew 10:31). O o amohela o le jwalo ka ha o le jwalo (Baefese 1:6) o bile o rata jwalo ka ha a rata Jesu. (1 Johanne 4:16; Johanne 17:23).
O senya bokamoso ba hae
Moradi wa ka ha a tsotelle mosebetsi wa hae wa sekolo. O ratana le monna ya moholo ho yena. Ke tshohile, ke bona ekare o tla ima le pele a pasa materiki a senye bokamoso bohle ba hae.
Ya tshohileng, e-mail
Ya tshohileng: O tshwanetse ho tshoha. Iphe nako ya ho bua le yena ka botshepehi, o totobatsa tshabo ya hao ho yena. Batjha ba bangata ba bua ka bolokolohi metswalleng ya bona. Etsa hore a kgatholohe kelellong, o se mo omanye kapa hona ho mo tshosa - empa mo thuse hore a hlokomele ditlamorao tsa boitshwaro boo ba hae. Sa bohlokwa haholo, se lebale ho mo rapella.
Na ho nepahetse?
Na ke toka ho ithoba moya ho latela mokgwa wa Botjhabela wa ho imamela. Ho phomotsa kelello, ho thusa hore motho a hokahane le moya wa Modimo. Empa ba bang ba re, mokgwa ona wa Botjhabela ha o tsamaisane le wa BoKreste. Na ke nnete? Na ho ithoba moya ho ka o atametsa ho Modimo hape ho fumane dikarabo tsa dipotso tsa hao ho Ona?
KM, Soweto
KM ya ratehang: Bibele e re ruta ka ho ithoba maikutlo ho ya ka Lentswe le mesebetsi ya Modimo. (Joshua 1:8; Dipesaleme 77:12).
Hona ho etsahala ka hore kelello ya hao le maikutlo di nahane ka Lentswe la Modimo e le hore le tjhentjhe le ka moo o tobanang ka teng le maemo a bophelo.
Mokgwa ona wa Botjhabela ha o tshwane. E etsa hore o kopane le meya e meng e seng ya Kgalalelo. [s]
KE PHOLOSITSWE, YENA HA A PHOLOSWA - KE MO HLALE?
Ke pholositswe mme ke ratana le monna ya sa pholoswang. Ke a mo rata empa na ke mo hlale?
Na dikamano tsa rona di tla atleha kapa tshepo ya ka ya hore ka le leng dithapelo tsa ka di tla arabelwa, a tjhentjhe, a pholoswe, e tla phethahala?
Ya kgathatsehileng, Rustenburg
Ya kgathatsehileng: Ha re na taolo kgethong ya ba bang. Moratuwa wa hao a ka nna a fumana Mmopi, empa seo se ka nna sa se ke sa etsahala. Bibele e re bao e seng badumedi ha ba a lokela ho jariswa ka thata (2 Bakorinte. 6:14-15).
Ha ba a lokela ho tshwarwa ka mokgwa osele kapa ho jariswa joko e boima. Se mo hatelle hore a tjhentjhe. Hlonepha Lentswe la Modimo mme o mo behe matsohong a Ona. Ha e le wa hao, o tla rata Jesu wa hao ka letsatsi le leng.
KALAFO YA MOYA
Seo o se tenang ha se
ame Modimo ka letho
Ngolla ho Pastor George: Heavenly Help, Box 473014, Parklands, 2121
