sotho.1558.queen
Ha a na thaka mminong wa rap!
Ke mosadi wa seema ka tlhako ya ratang boithabiso le menate, ya bileng a nang le neo e babatsehang. Ke mohlala dimilioneng tsa basadi, o ba bontsha ka moo bophelo bo botle le tjhebeho e ntle di leng bohlokwa ka teng!
RE iphumane re le molato ho babadi ba rona ka nako eo re neng re utlwang hore filimi ya Mad Money eo Queen Latifah e leng sebapadi se pele ho yona, e se e tla hlahiswa, ra imakalla hore hobaneng re so ka re ngola letho ka yena ho fihlela lena.
Bonneteng sebini sena se ipuelang feela, seo e leng sebapadi le mmakgwebo, ke mohlala basading lefatsheng lohle, o motlotlo ka botenya ba hae, ke ka hona re makatswang ke hore ha re so ngolle babadi ba rona letho ka yena.
Difiliming tse ngata, Latifah o ne a tshehetsa dibapadi tse pele. Leha a le hlwahlwa, empa bongata ba difilimi tse ding di ebe di se monate hakaalo leha di shebelleha.
Pale ya bophelo ba hae e qala Newark, New Jersey, moo Dana Elaine Owens a neng a hlahele teng ka la 18 Hlakubele, 1970. Mmae, Rita, e ne e le titjhere ha ntatae, Lancelot e le lepolesa. Dana o ne a le dilemo di robedi ha motswallae a qala ho mo bitsa "Latifah," lentswe la Searabo le bolelang mosa.
Ha a le 19 albamo ya hae ya pele, All Hail The Queen, ya hlahiswa. E ne e rekise hantle mme ya latelwa ke Nature Of A Sista le Black Reign, ho kenyeletswa le e neng e hape kgau ya Grammy, U.N.I.T.Y.
Di tloha feela Latifah o ne a hlahise maikutlo a hae mme a hatella ntshetsopele ya mmino wa rap o melaetsa e kgothatsang, e seng wa ho tlotlolla basadi. U.N.I.T.Y., ha re etsa mohlala, e bua ka mathata a basadi ba rohakwang mminong ona. Mosebetsi wa hae wa mmino o bile le katleho. A kgahla le batshehetsi, Latifah a ba a fetela le difiliming le ho TV.
A ratwa karolong ya hae ya ho ba sebapadi se pele sa setabane ka 1996 ho Set It Off.
Ho ne ho sa makatse ke hona hore dikoranta tse ding di bile tsa ngola ka hore le yena e fela e le setabane sa nnete. "Ke bona motho a nthohaka ha a re ho nna, 'o setabane?'" ho bolela Latifah.
"Mosadi a ke ke a ba matla mme a tseba ho hlahisa maikutlo a hae a sa tshabe letho, a be hlwahlwa haholo le taolong ya kgwebo ya hae, a itshepe, a tsebe ho bapala karolo ya hae filiming hantle jwalo ka ha ekare ke bophelo ba hae ba nnete, a be a tsebe hantle seo a se batlang bophelong - a sebeletse ho se fumana ntle le hore a nyenyefatswe ka hore ke setabane? Ke ho fela ha seo le se nahanang seo!"
Dikarolo tse ding tseo Latifah a di bapetseng, di ile tsa etsa hore a kgethelwe dikgau tsa Oscar - karolong ya Best Supporting Actress - moo a neng a bapala karolo ya Matron "Mama" Morton ho Chicago.
Ka 2007, Latifah o ne a ikgapele Kgau ya pele ya Golden Globe, ka karolo ya mosadi ya nang le HIV ho Life Support.
Ena ke katleho e makatsang empa Queen Latifah o se a fihlelletse maemo a hodimo. "Dimilione tsa basadi ba batenya, ba batle lefatsheng, di mo nka e le mohlala ho bona," o boletse jwalo Lynn Norment wa Ebony.
Selemong se fetileng, Latifah o ile a hlahisa diaparo tsa hae tsa Dana O, tsa basadi ba batenya.
"Ke nako e telele jwale re nyenyefatswa," ho bolela yena. "Kgale ba re rokelwa mese e mebe e meholohadi. Re ba tenya, re eme hantle. Diaparo di batla ho sehwa hantle ho latela seemo sa rona."
Latifah o boetse a hatella hore ho na le phapang pakeng tsa botenya - ho ithata - le bohlaswa. Leha a le motlotlo ka botenya ba hae, o lokolohile ha a bua ka ho fokotsa matswele hoo a neng a ho etsiswe ke maemo a bophelo. O re a ne a se a mo imela, a mo thefula mahetla ha bohloko.
"Ke ne ke eja ka tshwanelo, ke ikwetlisa, empa a sa theohe hohang! "Ka re, 'Nke ke ka dumela ho hlolwa'. E ne eka a sisitse, ho se le diboti tse ntle tse ntekanang.
"Ke ne ke a rata matswele a ka. Ha ke a fokoletsa botle, tjhe. Ke tena boti ya boholo ba DD jwale. Ke ne ke batla ho tena ya DDD. Ba a dibotse haholo! Ho bile boima ho amohela," ho bolela yena.
Bophelo bo botle
Haufinyane Latifah ebile e mong wa batshehetsi ba batjha ba Jenny Craig Inc, e nngwe ya dikhampane tse kgolo tsa USA e laolang boima ba mmele. O ne o hlokomedisa hore ho theola boima ba mmele ho ka thusa motho hore a dule a phetse hantle, ho fokotse le menyetla ya ho kenwa ke lefu la tswekere la Type II le a mang a tsamaisanang le monono o matla.
"Ho theola boima ba mmele ka 7% feela, le ho ikwetlisa beke le beke, ho ka theola menyetla ya lefu la tswekere ka 58%," ho boletse yena. Ke lona feela lebaka le ka etsang hore motho a theole boima ba mmele mme bohle re ikemisetse ho phela bophelo bo hlwekileng, re se none tlolo ya molao.
O reng ka bokamoso? Latifah haesale a lakatsa ho ba le lelapa empa hobane o maphathephathe mosebetsing, ha a nyalwa, ha a na bana. Ho bua nnete, o lakatsa ho ipatlela bana bao a ka ba hodisang ho ena le ho ba le ba hae.
"Batho ba bua dinthontho ka basadi ba batlang ho hodisa bana bao e seng ba bona mme ke nahana hore ha ba bue nnete," ho bolela yena. "Ba re - ntle haeba o le Angelina Jolie - o ipatlela bana bao o ba hodisang ba re ke hobane o se na monna kapa o le setabane, o ke ke wa kgona ho ba le ba hao.
"Ha se nnete eo. Ho hodisa ngwana eo e seng wa hao, ke ketso e ntle ho feta tsohle tseo o ka di etsang ho nahanela le ho thusa motho e mong. Ke lehlohonolo haholo mme ke tsela eo ke batlang ho itebohela ka yona. Ke na le tumelo e tiileng ya hore lelapa la ka le ka ba monate le tletse lerata la bana.
"Ke batla ho leboha feela molemo oo le nna ke o fumaneng ka ho hodisa ngwana eo ka
lerato." [s]
BONA SESOTHO - May 2008
PALE ISAAC KWELA SETSHWANTSHO NU METRO & GALLO
Filiming ya hae e ntjha, Mad Money, o ne a bapala le Diane Keaton le Katie Holmes ho ya utswa didolara tse seng di senyehile tse neng di se di tla tjheswa. Ba ne ba atlehe ho utswa lekgetlo la pele leha ba ne ba sa utswa tjhelete e ngata haholo jwalo ka ha ba ne ba lebeletse, mme ba pheta hape. Ba pheta hape. Pele ho nako e kae, baokamedi ba qala ho ba beha merebele...
Ke tena DD jwale. Ke ne ke batla ho tena DDD. Ba a dibotse ho feta!
TSADIFILIMI
u
BONA SESOTHO - May 2008
t
O ne o tseba?
Abuti wa Latifah, Lancelot, o ne a bolawe ke sethuthuthu seo Latifah a neng a sa tswa mo rekela sona ka 1992. Le jwale o sa ntse a tsamaya a rwetse dinotlolo tsa sona molaleng.
Latifah ke e mong wa dibini tse pedi tsa mmino wa hip-hop tse kileng tsa kgethelwa Kgau ya Academy ka ho bapala difilimi. E mong ke Will Smith, ka karolo ya hae ho Ali le ho The Pursuit Of Happyness.
Mohla la 4 Pherekgong, 2006, Latifah e ne e be sebini sa pele sa hip-hop se neng se fumane naledi ho Hollywood Walk Of Fame.
Filiming ya Ice Age, Latifah o ne a bapala lentswe la Ellie, tlou e ikgethang.
O rata kickboxing haholo bakeng sa boikwetliso.
