sotho.1557.careerweb
Mesebetsi e metle
pale ka PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho ka YVETTE WOLMARANS
KGOTSO Lente (23), ha a ka lahla tshepo le ka mora ho tswa sekolo a bala Grade 10. Mohlankana enwa wa Springs, East Rand, eo mmae e leng titjhere ha ntatae a sebetsa dikonterakeng tsa ho aha, o ne a tlameha ho etsa matsapa a ho ikahela bokamoso bo botle, a sa nahane hore ka le leng o tla sebetsa le batho ba kang Zola, DJ Cleo le RJ Benjamin le khampane ya mmino, Ghetto Ruff, eo kajeno a e etsetsang website. "Ho tloha bongwaneng ba ka haesale ke rata dipapadi tsa video. Ke ne ke rata ho rala haholo mme ke kgona ho etsa mefuta e fapaneng ya bonono."
Websites di se di le bohlokwa haholo ho tsa papatso dilemong tsena tsa bo 2000 mme batho le dikhampane, ba sheba ditlhalosetso tsa bohlokwa ho khomputara pele ba etsa qeto ya ho reka. Dikhampane tse kang Ghetto Ruff le tsona di tseba websites tse ntle haholo tse kgonang ho hohela babohi.
Kgotso o lokela ho tseba mananeo a matjha a khomputara a kang HTML, le dintho tse ding tsa bohlokwa, a kgone ho kenya ditshwantsho, tseo tse ding tsa tsona di shebahalang eka di a phela. Website e jwalo e a babatseha, e siya motho a kgathetse.
Ba mmalwa batho ba lehlohonolo jwalo ka Kgotso ba kgonang ho kena karolong ena e kgolo hakana ya tsa kgwebo ya dikhomputara - leha kgwebo ya IT (information technology) e etellwa pele haholo ke batjha, empa tsela eo yena a fumaneng thupello le mosebetsi ka teng, ke sesupo sa ka moo mamello le maikemisetso di ka behang motho maemong a matle ka teng bophelong. Empa Kgotso o ne a sa ithutela ho ba webmaster feela kholetjheng. O ne a sebedisetse Internet molemong wa hae. Ka mora sekolo, o ne a etse dithuto tsa 'electronic engineering' technical college, a boela a ya etsa materiki hore a kgone ho ingodisetsa dithuto tsa diploma ya programming.
"Ke ne ke e rata haholo hobane ke ena le bokgoni ho tsa bonono!"
Ke nakong eo a neng a batla mosebetsi o motjha ka mora ho nna a etswa a kena mananeong ana a khomputara mane Johannesburg International Airport moo a neng a qale ho hlokomela hore Internet e fela e le sesebediswa sa bohlokwa. "Ke ne ke butse Internet ke batla mosebetsi o motjha mme ka qala ho hlokomela hore lerato la ka le ka kae!
"Ka fumana dithuto tsa mahala tse neng di etswa hona moo ho khomputara tsa kakanyo ya Website. Seo motho a neng a lokela ho se etsa feela ke ho kena ho Google kapa Yahoo, a ithute mme a ingodisetse ho ngola ditlhahlobo."
Motho a lokele ho hlahisa mosebetsi o tutsweng matsoho kgwebong ena, hore a kgahle bareki. "Ba ne ba le bangata batho ba akanyang di-website," ho bolela Kgotso. "Nna ke rata le mmino mme leha ke ne ke sa rate ho ba sebini kapa mohlahisi wa ona empa ke ne ke bona hantle ka moo bonono le mmino di ka kopanang ka teng."
A ya buisana le DJ Cleo, motswalle wa hae wa dilemo, ya neng a sa tswa bula khampane ya Wheel Of Steel Productions. Website eo a neng a e akanyetse DJ Cleo e ne e atlehe hona hoo Lance Stehr wa Ghetto Ruff a neng a mo kope hore a ntjhafatse website ya khampane ya hae - eo kajeno e seng e ena le dintho tse ngata tseo tse ding tsa tsona o ka di kenyang khomputareng ya hao jwalo ka mekgabiso le di-video.
Ke dilemo tse tharo feela a qadile mosebetsi ona. Kajeno o na le khampane ya hae, OG Multimedia, e nang le lebitso la Ghetto Ruff. Khampaneng ena ya hae o se a entse di-website tse kang tsa lenaneo la Zola 7 , T Musicman, RJ Benjamin le I-Ticulate.
Ho etsa website
Mekgwa e meraro kakanyong ya website le tlhokomelong ya yona, ho bolela Colin Thakur, mookamedi wa lefapha la IT, Durban Institute of Technology.
lGraphic support: O hloka bonono bo botle. O akanya website, ho tloha ditshwantshong. Thakur o re naheng ena ho na le leqeme la batho ba nang le bokgoni mosebetsing ona. lContent Management: Ho ona ho hlokahala kgeleke puong e entseng dithuto tsa boqolotsi ba ditaba kapa tsa dikgokahanyo.
lInfrastructure: Ona ke wa webmaster ya sebele, e etsang hore khomputara e bue le Internet kapa le website ya khampane e nngwe e sebedisa 'server.'
O ka ithutela kae
lDikholetjheng tsa poraevete: Di amohelehile dithuto tsa bona tsa Certified Internet Webmaster. Di molemo bathong ba seng ba sebetsa lefapheng lena hobane ba tla kgona ho sebetsa ntle ho tataiso.
lDi-technikon: Dithuto tsa dilemo tse tharo tsa National Diploma ho Web Development le tsona di molemo mothong ya batlang ho kena lefapheng lena la IT. Di ntle ho ba sa tswa pasa materiki.[s]
KA HODIMO: E nngwe ya 'webpages' tsa Kgotso.
BONA SESOTHO - December 2005
LE LETSHEHADI: "Ho molemo ha le wena o le motshehetsi," ho bolela Kgotso, webmaster ya Ghetto Ruff, a dutse pela setshwantsho sa Zola kantorong ya bona. "O ba le tlhokomelo hape o inehele - ho wena ha se mosebetsi feela o tlwaelehileng.
KA TLASE: Ho mamela mmino wa SA o phodileng ke tsela eo Kgotso a etsang ka yona dipatlisiso tsa ho ntjhafatsa website ya Ghetto Ruff.
Kgotso Lente o ne a tswe sekolo pele a eba le dilemo tse 25 empa o se a ipeile maemong a matle mosebetsing wa mmino naheng ena
Mosebetsi wa webmaster
BONA SESOTHO - December 2005
