sotho.1552.sibusisoNEW
HO HO sweu twa! Moya o hlabang, o kenella masapong leha o tenne diaparo tse futhumalang ho le hokae. Lehlwa le bile le fefowela hodima motho. O tlameha ho tsamaya o shebile fatshe, hoo nko e ka bang ya ya re qi fatshe. Ho thata le ho phahamisa leoto ekare o tlamelletswe majwe.
O jere morwalo wa 120kg. Fatshe mona ha ho a tia le hantle. Ho betere le ho tsamaya ka hara seretse, neng kapa neng o ka nna wa kgetshemela ka hara mokoti o sa tsebeng le botebo ba ona.
Leetong lena, leo mofuthu o leng ka tlase ho -30 C, Sibusiso Vilane (37) o ne a ntse a re ka pelong: "Wa utlwa he! ke se ke fihlile jwale!"
Ha se hore o ne a tsamaya moo ha bohloko a tshepisitswe ka bokamoso ba mabenyane. O holetse Motseng wa misheneng wa Shongwe haufi le Nelspruit, moo a hotseng a disa dikgomo tlasa maemo a lehodimo a matle a Afrika.
Empa ho etele South Pole a jere merwalo, ho se le dintja tse mo thusang kapa seetswa seo a ka ritsang ka sona hodima lehlwa, ebile ntho e kgolo ka ho fetisisa ho tseo a di fihletseng bophelong ba hae. Ka mora tseo tsohle, ka 2003, ebile yena monna wa motho e motsho wa pele wa ho hlwella thaba ya Everest - a e pheta hape ka 2005.
Ha ba se ba le thabeng ya Everest kgetlo la bobedi, Vilane le Alex Harris ba ne ba qale ho rera ho etela South Pole. Ho itlhophisetsa leeto leo mmeleng le kelellong e ne e se potele.
Ho thata
"Ke ne ke mathe mabelo a marathone makgetlo a mabedi, ke palama le baesekele," ho hlalosa Vilane. "Ke boetse hape ke ikwetlisa ka ho hula mabidi a boima sebaka se se lelele hore mmele wa ka o lokele leeto." Ke nnete ho hlwella thabeng ya Everest ho ne ho nthuse - haholoholo hore ke tsebe ho mamella serame se tshabehang.Leha ho le jwalo, ho ikwetlisa mmeleng ho ne ho se thata hakaalo. Ntho ya bohlokwa haholo ke ho lokisa kelello.
Vilane ya bolele ba 1,6m, o moya o fatshe, o bile o rata batho, ha ho bonolo ho mo hlokomela hore o matla hakaalo ha o qala ho kopana le yena. Ho bua nnete, ha a na letho leo a ka le hlahisang ho paka hore ke monna wa pele wa motho e motsho wa ho hlwella Mt Everest le wa ho fihlella South Pole ha ho bonolo ho mo bona ha o sa mo tsebe.
Katleho
"Ho sebetsa serapeng sa diphoofolo ho mo tiisitse pelo," ho hlalosa ntate enwa wa bana ba bane. "Ke ne ke kwenne haholo mmeleng le kelellong hobane ke ne ke tlameha ho tsamaya leeto le le lelele hara hara jwanng.
"Hape le ho holela mahaeng ke disa, ke ekga metsi nokeng, ke tsamaya maeto a malelele ho ya le ho kgutla sekolong, ke bapala dipapadi tse thata tsa bashanyana - le hona ho ne ho ntiise pelo."
Vilane o a dumela hore o ile a ba le tjheseho ya ho etsa dintho tse ding tseo banna ba bang ba batho ba batsho ba so kang ba di etsa mme le lerato la ho batla ho etsa dintho tse sa tlwaelehang ke e nngwe ya dintho tse neng di mo kenye tjheseho leha ho le thata.
"Ha ke nyahame pelo. Ke batla ho bontsha le ba neng ba nahana hore nke ke ka fihlela letho bophelong hore ba ne ba ithetsa," ho bolela yena. Ha a bua ka leeto la hae la South Pole o itse: "Ho ne ho thwe ha ho motho e motsho ya kileng a beha leoto la hae sebakeng seo - mme ke ne ke batla ho bontsha hore seo se ka etsahala ha feela le rona re batla ho se etsa. Ke ne batla ho bontsha ba bang esitana le nna ka sebele hore nka atleha ho sohle seo ke batlang ho se fihlela ha feela ke ikemiseditse."
Sethotsela
Ntle ho serame se tshabehang le kotsi eo Vilane a neng a tobane le yona, o ne a iphumane a tjamelane le maemo ao a neng a sa a lebella, phephetso e kgolo leetong lena leo e leng pale ya bahale feela. O ne a fumane molaetsa wa hore moradi wa hae o hlasetswe ke letshweya ha bohloko mme o kula hampe.
"Ke ne ke batle ke emelwa ke pelo. Ke ne ke batla ho qeta ka leeto leo mme ke kgutlele hae hanghang," ho bolela yena.
"Ke ne ke se ke le moo ka setopo feela, moya le kelello di kgutletse hae, ke ne ke tshwana le sethotsela, ke ikgulanya," Se neng se mpefatse maemo ka ho fetisisa ke hore Vilane le Harris ba ne ba sa kgone ho qoqa.
"Ho qoqa, seo ba bangata re sa se natseng hohang, ha fetoha monyetla wa bohlokwa, re ho labalabela ka thata," ho bolela Vilane. "Re ne re bua feela ka nako ya phomolo, ha re lokisa dijo. Ntle ho moo ho ne ho lla topo feela ekare motho ka mong o torong."
Le jwalo leeto la fatsheng
la ditoro!
Bobedi bona bo ne bo kene tseleng ka Pudungwane 2007, bo ikemiseditse ho le phetha ka matsatsi a 60. "Lehlwa la nyopisa merero ya rona mme ra qeta ka mora matsatsi a 65," ho bolela Vilane. "Ha le ka kgetheha dibeke tse pedi feela ho ba le meya e matla ba 20km/h. Ho tsamayeha ka thata haholo, ha re kgone ho fihlela morero wa rona wa ho tsamaya dihora tse 10 ka letsatsi.
"Alex yena o ne a tswe diso ke serame nna ka thuswa ke letlalo la ka le letsho, ka lehlohonolo le tseba ho mamella ntho tse thata," ho bolela yena.
Leha ho le jwalo o re ho tsamaya lehlweng leo le lesweusweu ke ntho e thata ho feta tsohle tseo a kileng a kopana le tsona bophelong ba hae.
"Ha le qeta ho kgetheha, ho ne ho eba le ho hong ho kang phofshwana ka hodima lona, mme yona e ne etsa ho tsamayehe ka thata le ho feta. "Ho ne ho se phapang letsatsi le letsatsi. Re ne re tsoha, re phutha tente ya rona mme re qalelle leeto la rona la ho potoloha lehlwa, re tsamaya re thella, re wa re kgasa ka mangole."
Tshehetso
Moradi wa ka a ba betere haholo ka nako eo re seng re kgutlela morao.
O re lelapa la hae - mohatsae, Nomsa (32) le bana Sethabile (15), Bhekiwe (13), Bavukile (7) le Siphosethu, ya dikgwedi di 14 - ba mo tshehetsa haholo. "Re a hlomoha ha a tsamaya empa re motlotlo haholo ka yena," ho bolela Nomsa.
Ho a makatsa hore batho ba bang setjhabeng sa habo ha ba nke Vilane jwalo ka motho ya atlehileng bophelong.
"Ho bona, katleho ya motho e kalwa ka leruo la hae. Athe nna ke ntse ke le Sibusiso Vilane yane wa kgale eo ba mo tsebang, ke ntse ke dula moo e sa leng ke dula teng le pele ke hlwella thaba ya Everest kapa ke eya South Pole."
Empa hoo ha ho bolele hore bohle ha ba bone katleho eo a seng a e fihletse bophelong.
"Sibusiso ke motho ya nang le maikemisetso le boinehelo ho sohle seo a se etsang. O sebete mme ha a nna a tletleba ka lefeela ha a shebane le mosebetsi o thata," ho bolela Sifiso Nkosi, ya neng a sebetsa le yena serapeng sa diphoofolo. "Hape ke motho ya lerato ya bileng a leng mohau - o rata lelapa la hae haholo."
Vilane o ikemiseditse ka bokamoso...
O batla ho ya tshela Alaska. Ka mora moo yena le Alex ba ka nna ba ya etela Empty Quarter, se seng se dihlekehleke tse kgolo lefatsheng, ba fete ka borwa ho Saudi Arabia le dibakeng tse ding tsa Oman, United Arab Emirates le Yemen.
Ka nako eo a neng a ntshwara ka letsoho, ke utlwa ka moo a ntiisang ka teng ka hopola hore ana matsoho a tlwaetse ho tshwara dintho tse thata le hona a tiisa le ho feta ka moo nna ke neng ke nahana hore a tiisitse ka teng. [s]
BONA SESOTHO - May 2008
PALE STEVEN MAKHANYA DITSHWANTSHO SIBUSISO VILANE LE ALEX HARRIS
Kopana le sekwankwetla sa Afrika Borwa
O se a hlwelletse thabeng ya Everest - habedi le hona - a hoballa ho leba South Pole. Nelson Mandela a mo tlotla, a re o beha batho ba batsho maemong a hodimo lefatsheng. Ebe Sibusiso Vilane, ya moya o fatshe, o susumetswa keng?
BOPHELOBANNETE
BONA SESOTHO - May 2008
u
t
BONA SESOTHO - May 2008
Ha le kgethehile dibeke tse pedi kaofela ho ba le meya e fokang ka 20km/h
Kgorula ya Sibusiso, Siphesethu, eo a neng a utlwe bohloko ha a utlwa hore o hlasetswe ke letshweya.
Ke tlhoro ya thaba e telele ho di feta kaofela lefatsheng, Mount Everest.
O matla
Se thusang Sibusiso ho phetha mesebetsi ka katleho...
Dula o nahana ka seo o batlang ho se fihlela mme o se phethe.
Dumela hore o tla ba mohlodi mme o sebetse ka thata.
Itlhophisetse seo o batlang ho se etsa hantle.
Rera seo o batlang ho se etsa hantle.
Kgetha ho etsa dintho tse tla eketsa boleng ho wena le ho ba bang.
Leka ho amohela maemo ohle ao o iphumanang o le tlasa ona.
Rera hantle le hona ka nako.
Se kale katleho ya motho ka tjhelete eo a nang le yona feela.
