sotho.1550.motivation
Nke se fele
MATLA!
Batho bana ba atlehang bophelong, ke bana ba sa feleng matla. Katleho ya hao e hlakiswa ke boholo ba mathata o fetileng ho ona
MOSOTHO o ne a sa fosa ha a re 'ha di fumanwe di tonositse' ena ke nnete e tswileng matsoho hobane le batho bana ba atlehileng, le bona ba sebeditse ka thata, ba sa fele matla.
Hopola hore o kotula seo o se jetseng. Haeba o jala ditapole mme o di hlokomela ka tshwanelo, o tla kotula ditapole tse butswitseng hantle.
Sebetsa ka matla le bohlale ho sohle seo o se etsang mme o tla atleha.
Ho sa natsehe hore o mang, ha fela o etsa dintho ka nepo, o tla atleha.
O tlameha ho dula o sebetsa ka thata hobane - ho se lahle tshepo - ke mokgelo pakeng tsa ho hloleha le ho atleha.
Lebaka le etsang hore batho ba lahle tshepo ka pele, ke hobane ba nahana hore bana ba atlehileng ba di fumane di tonositse. Boo ke bowatla ka mabaka a mabedi:
La pele, o ke se utlwisise dintlha tsa motho e mong, o ka utlwisisa tsa hao feela. Ho ka etsahala hore batho bana bao o nahanang hore ba di fumane di tonositse, athe ba kopane le diphephetso tse ngata tseleng ya katleho eo ya bona. Ha o na dintlha tse ka etsang hore wena o itshwantshe le motho e mong!
La bobedi ke la hore mang le mang bophelong o na le neo ya hae e sa tshwaneng le ya e mong. Ke ka lona lebaka lena o sa tlamehang ho etsisa se etswang ke e mong motho.
Sebedisa neo eo Mmopi a o fileng yona, o tla atleha ka yona.
E nngwe taba ya bohlokwa ka katleho, o tlameha ho dula o kgothetse ka seo o se etsang, ke bolela leha o bona merero ya hao e rata ho nyopa.
Hangata, batho ba a kgothala ha motho a qeta ho qala kgwebo, a bule ka matjeke, a kwale ka phirimana, e re ha dintho di qala ho fetoha, motho a nyahame. Ke ka hona ho atlehang kgwebo e le nngwe feela ho tse leshome.
Empa haeba o hlile o rata ho atleha, o tlameha ho sebetsa ka thata ho feta ka moo o neng o lebelletse.
Haeba dintho di sa tle hantle, se fele matla, e ba le mamello. Bathong ba bang katleho e tla butle butle!
Ha o fela matla, o ke se atlehe.
Ho qetela ntho eo e leng kgale o ne o e qale, ha se tshenyo ya nako. Menyetla e dutse e le teng ho fihlela o e tlohela wena.
Se ka kgolwa leshano la hore nako ya seo e se e fetile. Haeba o ne o nahana ho jala sefate dilemong tse 20 tse fetileng, mme wa hloleha, le hona jwale e ntse e le nako. Haeba ho le teng seo o neng o rata ho se etsa, wa se tlohela, e ntse e le nako le jwale.
Seo o ka se etsang, ke ho fetola mawa, e seng ho tlohela. Fetola tsela le mokgwa, moaparo, o etse leha e le eng feela eo o tlamehang ho e etsa, empa o se tlohele.
Ho ka etsahala, o nyahame, o kgathale, empa o se tlohele hobane Modimo o teng!
Kgetlong le tlang, ha o fihlelwa ke monahano wa ho tlohela seo o se etsang, ipolelle hore: "Nke se fele matla le kgale!" [s]
Pale: Moruti George
BONA SESOTHO February 2009
KGOTHATSO
Ha o fela matla, o ke se atlehe. Se kgolwe leshano la hore nako e se e fetile ya ho etsa ho hong
DINTHO TSEO O KA DI NAHANANG
Ntho e nngwe le e nngwe e nka nako ya yona. Ho nka nako ho fihlela toro ya hao, kgwebo kapa lona lenyalo, ke ka hona boradibilione ba bangata ba leng dilemong tsa bo 61!
O ebe o sa tsebe ho se ho setse nako e kae pele ho katleho ya hao. Monna ya bohlale o kile a re: "O se tshabele phephetso e kgolo hobane o ka nna wa atleha ha bobebe."
Ka nako e nngwe bophelong dintho tse mpe le tse ntle di etsahala ka nako e le nngwe, tse ding dintho di atlehe, tse ding di se atlehe. Ba bang ba tlohela ka mora katleho e kgolo ba bang ka mora ho hloleha. Nnete ke hore, katleho e ntse e le tsela ya ho ithuta hore o ntse o ka nna wa hloleha.
