sotho.154.yourlifeguide_motivation
Ho na le mefuta e mmedi ya batho - ba thabelang bophelo le ba nyahamang bophelong. Bana ba thabileng ke eng eo ba nang le yona eo rona re se nang yona?
Ha se tjhelete hobane ho na le barui ba sa thabang. Ha se setumo, hobane ba bangata ba tummeng ba ipolayang.
Barui ba bang ba thabile, ha ba bang bona ba sa thaba. Ba bang ba tumme ha ba bang ba sa tuma.
Jwale he, pinyane e ho kae?
Ha e nngwe pinyane ya sena, empa ke rata re bue ka e le nngwe feela kajeno.
Ke ntho e bobebe, empa bongata ba rona re e shebela fatshe.
Re bua ka bokgoni ba ho hopola. Kgweding e fetileng ke buile ka hore tshwarelo ke mohlodi wa thabo mme o tlameha ho e kopanya le bokgoni bona ba ho hopola.
Ke ntho e bohloko ho lebala. Ho re arohanya le Modimo, lelapa le nalane ya rona le boramahlale, ba ntse ba leka ho utlwisisa sena le ho fumana pheko ya sona.
Moo re tswang ke letshwao le bontshang moo re yang teng. Haeba re sa hopole, ho bolela hore ha re tsebe moo re yang. Haeba re sa itsebe hore re bo mang, ho teng se sa lokang ka rona.
Ho hopola ke mpho e tswang ho Modimo eo re tlamehang ho e sebedisa ka bohlale kamehla.
Re tlameha ho ba motlotlo ka kelello tsa rona.
Batho ba motlotlo le ka dintho tse nyane feela bophelong, ke ba ithutileng ka bophelo.
Bongata re nka bophelo hanyane, ha re motlotlo ka bona. Re na le bodutu, re matswalo, re a tshaba, re tetebela le maikutlo hobane ha re hopole dintho tse molemo bophelong ba rona.
Kelello tsa rona di tletse mehopolo e nyahamisang hobane ha re hopole seo re nang le sona.
Re tsepamisa maikutlo a rona dinthong tse re utlwisang bohloko, tse re etsang hampe le tse re swabisang hobane re lebala se re tswetseng molemo. Re ngongorehile hore re tla phela jwang kajeno hobane re lebetse hore re fetile jwang maimeng a maobane.
E ne e le ntho e ntjha bophelong ba Davida nakong eo a neng a shebane le Koliathe. E nngwe taba, yena ntwa e ne e le ntho ya hae, ha Davida yena e ne e le modisana wa dinku feela. Hape yena o ne a na le dihale tseo Davida a neng a se na tsona.
Empa Davida o ile a hopola diketsahalo tse pedi bophelong ba hae. Ya ho lwantsha tau ka matsoho a hae esitana le bere e neng e lapile. Diketsahalo tsena tse pedi di ile tsa mo tiisa lengole mme Koliathe le yena o ile a llela dinaleng jwalo ka tau le bere eo.
O tla fumana matla a ho tobana le diphephetso tsa kajeno haeba o ka hopola hore maobane o atlehile jwang.
Bophelo ba rona bo tletse dintho tse makatsang: maima le manolo, botle le bobe, ho fumana le ho lahlehelwa esitana le monate le bohloko.
A ko e nahane hantle taba ena: ho sa natsehe hore o na le dintho tse ka kae, empa ho teng seo o se hlokang. Ho sa natsehe hore seo o nang le sona se senyane ho le ho kae, empa nnete ke hore, o na le seo o ka bang motlotlo ka sona.
Ke hopola nakong eo ausi a neng a hlokahala. Ke ne ke utlwi bohloko, empa leha ho le jwalo ke ntse ke hopola monate oo re neng re ba le ona dilemong tse 40 pele a hlokahala.
A ko bale mahlohonolo ao o bileng le ona, a ko a bale ka bonngwe, o tla makala ho bona seo Modimo a o etseding sona.
Bophelong ba ka ke na le dintho tseo ke ratang ho ba le tsona, empa ha ke lebale tseo ke hlohonolofaditsweng ka tsona.
Ha o morui ya fetang bohle lefatsheng, empa hape ha o mofutsana ya fetang bohle lefatseng.
Mohlomong ha o so fihlele seo o lakatsang ho ba sona, empa shebisisa - mohlomong ha o sa le moo o neng o tlwaetse ho ba teng.
Ho ka etsahala hore o lahleheletswe ke seo o se ratang, empa shebisisa - ha o a lahlehelwa ke sohle.
Se ka sheba morao bonyaneng ba hao mme o hopole tse mpe feela. Hopola dinako tse monate,
o tsheha o keketeha ho eba monate.
Hopola, ho tloha kajeno, dula o bala mahlohonolo o nang le ona.[s]
Moruti George
Ho lebala ho re arohanya le Modimo, lelapa le nalane
ya rona
ITHUTE HO LEBOHA SEO O NANG LE SONA
Ho na le mefuta e mmedi ya batho - ba ratang le hona ho thabela bophelo le ba nyahameng bophelong. Wena o ho kae?
KGOTHATSO
