sotho.1543.yourworld_knowall
KE PHOQEHILE! KE SA TSWA REKA DVD player, EMPA HA E KGONE HO BAPALA TSE DING TSA DI-DVD TSEO KE NANG LE TSONA. HOBANENG? E bolelang ntho ena ya "region."
Steve D, Port Elizabeth
Ha o mong tabeng ena Steve. Ke nako ya hore re tobane le taba ena jwale.
Ha re tla tabeng ya di-DVD le di-DVD player, lefatshe lena le arohane ka di-region moo region ka nngwe a nang le "khoutu" ya yona. USA ke Region 1, ha re etsa mohlala. Afrika Borwa le United Kingdom ke Region 2, China yona ke Region 6. DVD ya region e nngwe e ke se bapale ho DVD player ya region e nngwe. Hobane di-DVD tsa Region 1 le 2 di fumaneha ka bobedi Afrika Borwa, o tlameha hore ha o reka DVD, o shebisise hantle hore e tla tsamaisana le region ya DVD player ya hao.
Seo hape se bolela hore o ka ba sedi ha o reka DVD player, o reke e sa kgetheng region, e ngotsweng "region-free" - ena e ka bapala leha e le DVD ya region e fe feela.
Empa sena ha se bolele hore babadi ba nang le di-DVD player tseo e leng tsa Region 2 ba se ba tla dula le tsona ba se di sebedise. Haeba DVD player ya hao e se eo e leng region-free, o ka kgona ho e bula, e tsebe ho bapala di-DVD tsohle, ho na le khouto e ikgethang o tla e bula ka yona o sebedisa remote control
Khoutu ena e etsa hore o tjhentjhe tsela eo ba e tjhehileng ka yona fektring mme o kgone ho shebella di-DVD kaofela. Ho na le di-website tse ngata tse ka o thusang ho etsa sena, empa o ka qala ka - dvd.reviewer.co.uk Empa o be sedi!
DIPOTSO TSA HAO
Na ho na le dipotso tseo e sa leng o ipotsa tsona? O batla ho tseba hore ntho e itseng e etsahetse jwang, neng le hona kae? Ke mona moo o ka fumanang tse ding tsa dikarabo tseo e sa leng o di batla.
HOBANENG DIQWAHA DI LE MEBALABALA?
Eric K, Soweto
Ke potso e ntle, Eric! Lebakabaka ke ho itshireletsa. Mela ena e thusa qwaha ho se "bonahale" jwanng bo boholo.
"O reng?" Ke utlwile hantle? "Jwang bo botala kapa bo be bosehla, empa diqwaha tsona di botsho le bosweu - taba tsena di kopana kae? "
Ho a etsahala - diqwaha tsena di se bonahale jwanng hobane sera se seholo sa qwaha ke tau e sa kgoneng ho arola mebala!
E nngwe taba ha diqwaha di tletse phula, ditau di a ferekana di bone mela feela e ntseng e ya kwana le kwana.
Dintshi
Babadi ba babedi kgweding ena ba botsitse ka dikarolo tse itseng tsa leihlo. Lindeka Mhlwazi o re morahae o rata ho tseba hobaneng re na le dintshi tse ka hodima mahlo, ha NP wa Nelspruit yena a rata ho tseba hobaneng re na le dintshi tsena tse mahlong.
Ka bobedi dintshi tse ka hodima mahlo le tse mahlong di a re sireletsa.
Tse ka hodima mahlo di thibela mofufutso o se rothele ka mahlong - e leng lona lebaka le etsang di okamele mahlo. Ha mofufutso kapa pula e theoha phatleng, ha e fihla dintshing, e qhelelleha mahlakoreng. Ke ntho e makatsang.
Tsena tse mahlong tsona di sireletsa mahlo dinthong tse kang lerole le dikokonyana. Dintshi tsena di boi haholo, ha o le teng se atamelang leihlong, di utlwa pele mme leihlo le kwalehe ka potlako.
Basadi! Le rata ho lokisa dintshi tseo? Kgatisong ena re na le pale ya mabotle ya nang le dintshi tsa maiketsetso. Sheba leqephe 52.
RE BOTSE: Na o na le dipotso tseo o ka di botsang? Ngolla ho: Miss Know-all, Box 32083, Mobeni, 4060.
