sotho.153.cupfinals
pale ka MARK GLEESON
Re o kumela nalane ya bolo
Dilemong tse fetang tse lekgolo, dibapadi tsa Afrika Borwa le tsona di ne di ntse di nka karolo Mohopeng wa FA...
MOHOPE wa FA ho bolelwa ha e le wa matjhaba, empa se makatsang ke hore ke dihlopha tsa Manyesemane feela tse bapalang ho ona. Tonamente ena e seng e na le dilemo tse ka hodimo ho 130 e hohela dimilione tsa batho lefatsheng ka bophara.
Diliki tse ngata lefatsheng ka bophara, ho balellwa le Afrika Borwa, di hlophisitse dipapadi tsa tsona ka tsela ya ho neha barati ba bolo monyetla wa hore ba kgone ho shebella mohope ona wa FA ho TV.
Afrika haesale e nka karolo mohopeng ona ho tloha dilemong tse fetang lekgolo tse fetileng jwalo ka ha bashemane ba ha Rawson ba ne ba tobane ho makgaolakgang a selemo sa 1874.
William Rawson wa Afrika Borwa o ne a bapalla sehlopha sa Oxford University e neng e mamole Royal Engineers, e neng e bapallwa ke abutiae, Herbert, ya neng a hlahetse Mauritius.
Ha re bala kaofela re fumana hore ke Maafrika Borwa a robong kaofela a seng a bapetse mohopeng ona. Wa ho qetela e bile Mark Stein wa Kapa ya neng a bapalla Chelsea e neng e hlolwe ke Manchester United ka 4-0 ka 1994.
A mang Maafrika Borwa a kileng a bapala mohopeng ona ke Sandy Bell wa Manchester United ka 1909 le Tony Whitson wa Newcastle United selemong se latelang seo.
Des Horne o ne a bapalle Wolves ka 1960 mme Albert Johanneson yena ka 1965.
Johanneson o ne a bapala mapheong ho Leeds United mme e ne e be yena sebapadi sa pele sa motho e motsho ho bapala mohopeng wa FA mme o ne a hlokahale a futsanehile.
E ne e be lekgoba la tahi, kelello ya hae e tletse mehopolo ya nako ela ya kgenthollo Afrika Borwa.
Bolong o ne a le motle, empa se neng se sa fele kelellong ya hae ke mohopolo oo wa masisapelo.
GARY Bailey o ne a holele Afrika Borwa mme e ne e le sethibathibane sa Manchester United dipapading tse tharo tsa makgaolakgang.
O ne a le dilemo di 20 feela ha a ne a qala ho ema mekwallong ya United ka selemo sa 1979 a shebelletse ha sehlopha sa hae se ne se kgutla sekwele moo se neng se hlolwa ke Arsenal ka 2-0 mme sa kgona ho lekanya dintlha ya ba 2-2.
Empa e ne e re metsotsong ya ho qetela ya papadi, tsa mo phelephanyetsa dintho mme Arsenal ya qetella e fumane ntlha ya tlholo.
"Eo e ne e be bolo ya ho qetela papading eo," ho rialo Bailey. "Ba ne ba otle rothe e neng e ntsharolle ka fella, empa ya qetella e kene.
"Eo e ne e be teko e thata ke a o bolella."
Taba ya mofuta ona e ne e boele ya etsahala hape ka 1983 moo e neng e re motsotsong wa ho qetela a neng a phamole bolo maotong a Gordon Smith mme a kgona ho etsa hore papadi pakeng tsa Manchester United le Brighton e fele ka 2-2 ka mora nako e ekeditsweng.
E ne e re ha papadi e phetwa, United ya hlola ka 4-0.
Ka mora dilemo tse pedi, Bailey o ne a se a le mekwallong ya Wembley mme kgetlong leo e ne e se e le kgahlano le Everton. "E ne e se e le lekgetlo la boraro ba bapala ho makgaolakgang," ke yena eo. "Ba ne ba hapile liki, ba bapala ho a mang makgaolakgang Yuropa mme kgetlong lena la boraro ba ne ba qetelle papadi ba se ba le leshome feela ka lebaleng ka mora hore Kevin Moran a ikgapele karete e kgubedu.
"Norman Whiteside o ne a kene nakong e ekeditsweng moo di neng di ngangane teng ka 0-0 mme a kena a hlaba ntlha ya tlholo."
BILL Perry, eo nakong ya kgenthollo ba neng ba mmitsa wa "mmala" e ne e be mohale sehlopheng sa Blackpool.
Perry ya hlahetseng Joburg, o ne a batlwa ke dihlopha tse ngata tse kenyeletsang Birmingham City le Charlton Athletic, empa o ne a qetele a nkuwe ke Blackpool ka 1949.
"Charlton e ne e nke dibapadi tse ngata tse tswang Afrika Borwa ka nako eo," ho rialo Perry. "Empa nna ke ne ke iswe ho Blackpool ke Billy Butler - ya neng a bapala le mookamedi wa rona, Joe Smith ho Bolton.
"O ne a re: 'O tla ba haufi le lewatle, ke toropo e ntle eo e nang le dibapadi tse pele lefatsheng.' Tseo tsohle di ne di lekane ho nna.''
Butler o ne a bua ka Stanley Matthews, eo e neng e le yena feela sebapadi sa profeshenale se neng se hlomphuwa ka nako eo.
Matthews o ne a le dilemo di 38 nakong eo Blackpool e neng e finyella lekgetlo la boraro ho makgaolakgang a mohope wa FA dilemong tse tharo. O ne a ferekanngwe ke ho hlolwa ke Manchester United ka 1948 mmoho le Newcastle United dilemong tse tharo ka mora moo mme jwale ka 1953 o ne a lomahantse meno, a batla ho phamola mohope oo ho Bolton Wanderers.
"Ho ne ho tholehile pele papadi e qala," ho hopola Perry ya dilemo di 76 eo ba seng ba setse ba le babedi feela dibapading tsa sehlopha seo sa mehleng.
"Ke ntse ke hopola mantswe a na Abide With Me. E ne e re ha re kena ka lebaleng, lerata la nyoloha." Batho bohle ba ne ba lakatsa ho bona papadi ya Matthews. Bolton e ne e qale ka mafolofolo mme ya re pele ho metsotso e 30, dintlha ya ba se e le 3-1 re hlolwa.
Ka mora moo, Mortensen o ne a hlabe tse ding dintlha tse pedi.
Ntlha ya tlholo e ne e hlajwe ke Matthews. [s]
BONA SESOTHO - May 2007
Tsa SA tse bapetseng mohopeng wa FA!
KA HODIMO: Gary Bailey.
KA HODIMO: Mark Stein.
BONA SESOTHO - May 2007
