sotho.1537.golddigger
KE MAKANYANE
A tla o khothotsa
O motle, o masene, o tseba hantle ka moo a ka thabisang monna ka teng - empa o rata tjhelete tlolo. O leka matsapa ohle a hore a fumane tjhelete ya hao. Ke ena mekgwa eo o ka mmonang ka yona - le ka moo o ka tsebang ho tobana le mosadi wa mofuta ona ka teng hobane ha e le ya kotsi, a ka o tlaidisa bophelong
HA HO sehloho se kang ho kgahlwa, o be o nyale motho eo o nahanang hore o a o rata - athe o itjhebetse mejo feela ho wena. Eo mosadi, o tla o nka jwalo ka motjhini wa hae wa tjhelete. Bang ba re: ba tshwana hantle le ba rekisang ka mmele, ba mpa feela ba le masenenyana ho ba feta.
O motle, o masene mme o tseba malebaleba ohle a ho nolofatsa pelo ya monna. O ka nahana hore o bohlale, empa o ke ke wa phonyoha lerabeng la hae.
Bonneteng, o hle a etse monna a ikutlwe eka ke morena tlasa maemo afe kapa afe ao a mo kenyang ho ona. Monna wa batho a sasanke, e ke o sa tswa hapa Lotto - ka nako eo, o a jewa! Ha a qeta ho mo kokona, pelo e uba, o fetela pele.
Ho phema ho ba lehlatsipa la molotsana eo wa mosadi, banna ba lokela ho ithuta ho hlokomela matshwao a basadi bao, di tloha feela, le tsebe le mekgwa eo ba sebetsang ka yona.
Ke sona feela se ka o thusang hore o mo kwale, a se bapalle pokothong ya hao. Ha ba tshwane - hoja ho ne ho le jwalo, re ka be re ena le mokgwa o tshwanang wa ho laola meharo eo ya bona. Erekaha le dinokwane di fumaneha ka mefuta ho fapana, le ho bona ho jwalo. A re qaleng ka bana ba seng kotsi haholo:
Bomaithutwane
Ho bonolo ho mo hlokomela hobane e ba pabala e kang Khanyisile Mbau tjena, o tena hantle, a kenye mabenyane. O dutse a bua ka batho ba maemong a hodimo.
O tla bua ka mabitso a tummeng - Prada, Givenchy, Tom Ford, Louis Vuitton - empa diaparo tsena tsohle ke tseo a se nang matla a ho di reka. Ka lehlohonolo, o tla phakisa ho mo hlokomela hore o dikamanong tsena bakeng sa mejo feela - tsatsing la pele le intshitse!
Ke thope tsa mofuta ona e tla dula e nahana hore o a e kolota nako le nako ha o intshitse le yona. Ha re etsa mohlala: o dula o kotjwa ho reka airtime, dibiri kapa tsona dieta.
O ka mo hlohlolla jwang:
O hlokomeleha ka bonolo, se dumelle makanyane ao ho o senyetsa nako le tjhelete. Jwalo ka monna ya sebetsang, ya sa timaneng, o ka nna wa bona eka ke boikarabelo bo amohelehileng ba monna ho hlokomela mosadi.
Ela hloko - mo rekele airtime ya R30, o se mo dumelle ho kopa ho hong ka mora moo. Dula o mo hopotsa melemo eo o sa tswa mo etsetsa yona, o tla teneha.
Basadi ba ikgonang
Bona ba masene le ho feta hobane ha ho bonolo ho ba hlokomela. O sebetsa hantle, o na le koloi le ntlo e ntle - o leka ho o bontsha hore o a ikgona. Lekunutu ke hore monna
eo a ratanang le yena o mo hatella ho lefella tsohle. Ha nakwana, o tla etsa eka ke mosadi ya tshepahalang ho wena. Pele ho nako e kae, o tla hlahisa mokgwa wa hae, a o bolelle ka moo ntatae, kgaitsediae kapa monna motswallae a nang le tlhokomelo ka teng mosading.
Se kgathatsehe, pele ho nakwana o tla utlwisisa seo a se bolelang hore ho ya ka yena, monna wa sebele, o lefella ho hore o ratana le yena.
O rata ha monna a lefella sohle. O batla ho ya hohle moo a batlang leha a se na peterole, monnae a mo tlatsetse tanka hobane yena banka ya hae e kwetswe, monna a tle le dijo le dimpho tsa ha Woolies!
Ntle ho moo, o a kwatelwa, o tingwe dikobo.
O ka mo hlohlolla jwang:
Hlalefa, hang ha a qala ho o bolella ka moo ntatae a neng a hlokomela mmae ka teng, mmolelle hantle hore wena ha o di kene, le tla tshwarisana ka ho lekana, 50/50, o batla mosadi ya ikemetseng.
Erekaha o makoko, o tla itshwara-tshwara. A qalelle hape ho ithaburanya, o mo siye ho sa le monate le pele le qabana ho feta.
Ya tebileng
Ke ho masene, ho hotle, o tla o hapa maikutlo o ferekane, a o hame tjhelete ka pele ho feta ka moo o neng o lebelletse le pele o hlokomela hore o a jewa. O kotsi haholo - ho bobebe ho banna ho wela lerabeng la basadi bao!
Ba bangata ba be ba batle ho ya lefa le mahadi, ba ba rekele dikoloi tsa maemo, ba batle le ho hodisa bana ba bona le ba habo bona.
O motle, o tseba ho thabisa monna diphateng esitana le bophelong ka kakaretso. O tla iphumana o mo neha credit card ka pelo e tshweu.
O tla ba mokgelo basading ba bang ba lerato, ka ho sebedisa tjhelete ya hao ka sekgahla! Empa seo ha se na ho o kgathatsa ka letho. Mohla tjhelete e felang, o tla o bontsha, a o shebele fatshe empa a rwetse dieta tsa tjhelete ya hao. Hang ha tjhelete ya hao e fela, o lahlwa sa mooko wa pere, ho batlwa ya sa ntseng a tshwetshwetha.
O ka mo hlohlolla jwang:
Mona monyetla wa hao o mong feela - BALEHA! Ha o bile le bomadimabe, o tla o aka haholo ka diatla tsa hae tse mofuthu, o tla tjhophola ka thata. O tla tlameha ho qala morusu hore o tsebe ho tswa kapa o mpe o be raditjhelete (ya tla dula a letheha diketekete nako le nako) hore a dule a thabile.
Se ikenye molekong wa ho qetella o entse matsapa a ho fumana tjhelete ka bonokwane - hobane o tla kwallwa ntlwanatshwana, a o siye jwalo feela.
A ke ke a itshenyetsa nako ka wena, o tla ipatlela monna e mong hape ya nang le tjhelete a lebale ka wena. [s]
Pale: Sbu Mpungose
DIKAMANO TSA HAO
O matshwaro a matle banneng, diko-
bong le bophe-
long ka kaka-
retso
