sotho.1065.letters dec
KE dilemo di 16 mme ke sehlopheng sa leshome. Empa seo ke ithutileng sona selemong sena ke nahana hore ke ne ke tlamehile hore e be ke ithutile sona dilemong tse mmalwa tse tefileng.
Ke hodisitswe ke le ngwana ya hlomphang, ya bohlale, ya bileng a tshepahetseng. Ke ya kerekeng kamehla, ke le ngwana ya tshepahetseng.
Empa ha ke fihla ho Grade 10, tsena tsohle tsa fetoha. Ka kgetha metswalle e sa lokang e qeteletseng e fetotse bophelo ba ka!
Ba ne ba nketse ke shebe bophelo ka leihlo le sele. Ka ikutlwa ke le bodutu ke le motho ya sa tsweleng pele. Batho ba neng ba dutse ba nthorisa, ba se hlole ba etsa jwalo. Ka qala ho intsha le ka matsatsi a sekolo - ka dula ke le ka mora banana.
Ka qala ho tswafa sekolo le kereke. Ka qetella ke hula ka tlhako tsa morao sekolong.
Batswadi le dititjhere tsa ka ba leka ho nkeletsa, empa ke sa rate ho utlwa letho. Ke ne ke sa utlwe letho - ke natefetswe ke seo metswalle ya ka e metjha e neng e nthutile sona.
Ke hona selemong sena - 2005 - moo ke neng ke tsohe hoseng. E ne e le nakong ya Sekolo sa Mariha, ka Phupu. Ke ne ke bone baithuti ba kgobokane mme ka lakatsa ho ba le bona. Empa ke ne ke se ke llela metsotso ka lebaka la metswalle ena ya ka.
Ka qala ho ikwahlaya.
Ke re ho ba bang, ba se wele phosong e kang ya ka. O ne o hlahe o le ngwana ya lokileng, se ikgerehlanye o itsofatse, o be seya-le-matwetwe. Eba wena ka bowena.
Sydney Mokgopha, Mokopane
Romela mangolo a hao ho:
Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083, Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
R100
'Eba wena ka bowena, e seng e mong motho'
Le hapileng
Mangolo a rona
Ha re iketsetseng ya rona mesebetsi
Ho lahleha ha mesebetsi bathong ba bangata, ho tlisa phephetso e kgolo mothong ohle.
Maemo a bodulo a theoha, ha bora le bofutsana di hlwa mekwalaba.
Batho ba bangata ha ba sebetse, empa seo ha se bolele hore re phuthe matsoho re emele thuso ya mmuso. Haeba o ipolella jwalo, ha o no atleha leha mmuso o se o o thusa.
Ntwa ena ha e pakeng tsa rona le mmuso. Ena ke phephetso e shebaneng le rona.
Ona ke monyetla wa hore re bontshe dineo tseo Modimo a re fileng tsona. Ha re sebetseng ka thata ho ka iketsetsa ya rona mesebetsi.
Makungu Makhubele, Malamulele
Boipiletso ba hae
Ke ne ke bala BONA mme ka angwa ke pale ya mme ya neng a lakaletsa morahae lefu (Phupu 2005).
Nka re ho wena Mof Mathebula, se ka nyahama pelo, tsohle ke tsa Modimo mme ha o hanyetsana le sena, o hanyetsana le thato ya Hae.
O bolela ha o lekile wa hloleha ho thusa morahao, empa ke re ho wena matsoho a a hlatswana.
Jwalo ka setjhaba, re tlameha ho thusana. Setjhaba se tlameha ho thusa ngwana enwa. Ha re thusaneng.
Mjobo Sebenzile, Ugie
Tjhe Cecelia Mathebula ha a ya bua hampe. O ne a bolela hore "ho molemo hore Mmopi a phomotse mora eo wa hae ho ena le hore a nne a sotlehe jwalo."
Hape seo re tlamehang ho se hopola ke hore Cecelia le Nkateko haesale ba seollwa ke setjhaba sa habo bona. Hopola he bohloko bo neng bo utluwa ke Cecelia.
Se nkeng Cecelia jwalo ka setlokotsebe hle.
BONA SESOTHO - December 2005
u
Polokeho ya ditaaso
Batho ba dutse ba bua ka dipalo tse hodimo tsa dikotsi tsa mebileng. Empa ha re a tlameha ho dula le nyatsa bakganni. Ditaaso le tsona di tlameha ho ba "sedi."
Mekgwa ela eo re neng re ithute yona sekolong e ntse e sebetsa le kajeno! Sheba ho letshehadi, le letona, le letshehadi hape pele o tshela mmila. Tsamaya ka thoko ho mmila, o be sedi ha o nwele. Ke maele a ka re thusang ho ba mehlala baneng ba rona.
AN, Bela-Bela
t
Mangolo a rona
Ekaba ba hloka
letsatsi le ikgethang"
Hobaneng re keteka Letsatsi la Bontate" Banna ba hlekefetsa basadi le bana mmeleng, moyeng le thobalanong. Nahana feela monna ya dilemo di 40 a hlekefetsa lesea le dikgwedi di nne feela...
Ho hlabisa ditlhong.
Letsatsi lena le tsosa maqeba baneng le basading ba naheng ena.
PM, Matatiele
Monahano o motle!
Basadi ba ntse ba hateletswe. Hobaneng ho le boima ho fumana dikgohlopo tsa basadi empa tsa banna tsona di fumaneha hohle"
Ke bolela sena hobane basadi ba hlekefetswa ke banna ba hanang ho sebedisa dikgohlopo. Ba hatella basadi bana ho etsa thobalano e sa bolokehang. Ba bang ba a ba otla ha ba ka bua ka dikgohlopo.
Haeba dikgohlopo tsa basadi di ne di fumaneha ka bonolo, ba ne ba tla kgona ho itshireletsa ka bonolo.
Ba bang ba otla basadi ka tsona mahlong, ba re "e sebedise wena." Mosadi a ka kgona jwang ho kenya kgohlopo ya banna"
EM, Matatiele
Madume ho mafumahadi!
Ke lebohela motlatsi wa mopresidente Phumzile Mlambo-Ngcuka jwalo ka mofumahadi wa pele ho kotsomala setulo seo naheng ena.
Ke motlotlo ka yena le mafumahadi ohle a Afrika Borwa. Banna bana ba shebelang basadi fatshe ba tla swaba.
Basadi ba na le bokgoni!
MVR, Thabanchu
BONA SESOTHO - December 2005
O tla be o le kae"
Batjha ba shwa kamehla le matsatsi ke lefu la EITSI.
Batjha ba kajeno ha ba kgone ho itshwara. Ba bang ba bolela hore lena ke lefu le amohelehileng, ha ba bang bona ba bolela hore ba ja botjha ba bona pele ba kokonwa ke EITSI.
Batjha ba kajeno ha ba a loka hohang. Potso ke hore: o tla be o le kae ka 2010"
Ipotse o ikarabe, o itlhomphe, o rate le hona ho hlompha ba bang mme o ipaballe.
Hopola hore e ba monyaka wa metsotswana feela o o tlisetsang kokwanahloko ena e tla o kokona dilemo pele e ka o bolaya.
NN, Welkom
Ke nako ya tlhompho (1)
Batjha ba tlameha ho hlompha batho ba baholo, haholoholo maqheku. Re tlameha ho ba rata, re ba thuse ha ho hlokahala jwalo ka ha ba hodisitse batswadi ba rona. Re moo re leng teng kajeno ka lebaka la bona. Ha re a tlameha ho ba utswetsa pei ya bona esitana le ho ba hlekefetsa.
Ha re beng motlotlo ka seo re leng sona.
CL Sibisi, Glencoe
Re tshedisa ba pelo di robehileng
Kgatisong ya Mmesa ya BONA ke ne ke bale ka ka moo o ka tshedisang ya pelo e robehileng ka teng. Ho lahlwa ke moratuwa wa hao, ho o siya le pelo e robehileng. Ke bo tseba hantle bohloko bo jwalo.
Ke rata ho kumela ba bang keletso ena ya ka: lebaka ke menyaka eo o kileng wa ba le yona le yena esitana le dintho tse ntle tseo a o etseditseng tsona. Haeba a o reketse diaparo, fana ka tsona kapa o se hlole o di apara. Se mo dumedise ha o kopana le yena, o qobe ho kopana le yena hohang.
Ke a o bolella, o tla phakisa ho lebala ka yena ho feta ka moo o neng o nahana ka teng.
AAM, Alice [s]
O ka sebedisa lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
Re reng ka borapolasi"
Re ile dikgethong ka kgopolo ya ho fumana tokoloho. Rona ba dulang le hona ho sebetsa dipolasing ha re tsebe letho ka tokoloho ena. Ho rona ho ntse ho itshwanela feela le pele.
Borapolasi ba etsa seo ba se ratang ho rona. Ha re na matlo, motlakase le metsi a hlwekileng. Ka dinako tsa dikgetho, bo nkgetheng ba a re hopola ha ba thaothela dikgetho mme ba re tshepise lefeela.
Ha dikgetho di feta, o ke ke wa hlola o ba bona. Mmuso o tlameha ho hlokomela batho bana ba dulang dipolasing ho feta bohle hobane ba phela ha bohloko ho feta batho bohle.
Jan Sikhosana, Lydenburg
Ke nako ya tlhompho (2)
Ke dumellana le hore batswadi ba rona ba re nehe kotlo ha re fositse. Seo ke se hlokometseng ke hore ho teng batswadi ba sa tshepahalang. Ba a teneha ha re ba bontsha diphoso tsa bona, ba bolele hore ba ke ke ba utlwa letho ka rona hobane re bana. Ha se toka. Re tlameha ho hlomphana, ba banyane le ba baholo.
Jeffrey Gumede, Munster
