sotho.1529.muthi
re bua ka ditlhare
KE SA TSWA fumana lengolo le bohloko la mme wa bana ba bararo ya thefulehileng maikutlo wa Queenstown. "Ho na le mosadi ya nkuketseng ntata bana ba ka! Ha re utlwe le moyenyetsi feela ka yena haesale a tsamaya lapeng dilemong tse 10 tse fetileng. Ebe na o ka nketsetsa moriana o ka mo kgutlisang"" o boletse jwalo.
Leha a se a tsamaile nako e telele hakaalo, empa mosadi enwa ha a so lahle tshepo hobane o re ha a qale le pele o kile a tsamaya dilemo tse hlano empa a boela a kgutla.
O dumela hore ho na le mosadi e mong ya mo utsweditseng monna Jozi moo a neng a ile teng ho ya batla mosebetsi.
Lethuela le leng leo a neng a kope thuso ya lona le ne le mo bolelle hore monna wa hae o lelekilwe ke meya e mebe.
"Ha ke so lahle tshepo leha ho le jwalo. Ke mo batla a kgutlile hobane ke ntate wa bana ba ka."
Ho hlokahala ha mesebetsi ke hona ho susumeleditseng monnaka molekong ona. O ne a tlamehe ho siya lelapa la hae, hore a tsebe ho fumana tjhelete ya boiphediso.
"Jwale ha a sa batla le ho tla re bona feela le ka mafelo a beke. Kgale ke mo kopa mme jwale ke bile ke bona ekare ha nka fumana moriana ho ka ba betere."
Ha a mong.
"Ke dilemo tse pedi jwale moratuwa wa ka, eo ke nang le ngwana le yena a nyametse le ngwanaka," o boletse jwalo mobadi e mong wa Ladysmith, KZN.
"Mohlomong o se a nyetswe. Empa haeba ha ho jwalo, ke sa ntse ke mo rata. Ebe ho na le moriana o ka nthusang hore le yena a boele a nthate hape""
Monna ya dilemo di 20 wa Wolseley, yena o batla ho ntsha kgaitsedi ya hae e dilemo di 15 matsohong a mangwanae.
"Ha ke bo hlothe ha ke nahana ka moo kgaitsedi ya ka e phelang ka thata ka teng. Ke bona ekare mangwane o mo jesitse hore a se hlole a tsamaya hohang ha hae. Ha ke bone lebaka le etsang hore a nne a thabele ho dula moo a sotlwang ka mokgwa o jwalo."
Athe rapolasi wa Mahalapye, Botswana, yena o lahlehelwa ke diphoofolo.
"Na ebe ho na le moriana o ka nthusang hore batho bana ba nkutswetsang ba kgutlese diphoofolo tseo tsa ka"" ho botsa yena.
Tharollo
Na ebe moriana o ka ba thusa"
A re qala ka diphoofolo...ke nahana hore rapolasi o lokela ho kopa lethuela ho tla tiisa lesaka la hae ka moriana.
Hape a foke diphoofolo tsa hae ka moriana bonyane habedi ka kgwedi ho di tiisa le tsona hore mashodu a se bapalle ho tsona.
Lesaka le lokela ho tiiswa selemo le selemo.
Athe mosadi wa Queenstown yena ke mo eletsa ka hore a qale ka ho hlahloba hore esebe monnae o loilwe hore a fetohe moleleri lefatsheng, a belehelane le lelapa la hae.
Empa bana ba batlang ho kgutlisa baratuwa ba bona bona, o teng moriana o ka ba thusang.
Hara ona ho kenyeletswa le o bitswang mmitsa. O a silwa hore o be phofo mme monga ona a o tshele letsohong a o budulele moyeng, a bitse lebitso la motho eo a batlang hore a kgutle, a mo kope ho kgutlela hae.
Sena se lokela ho etswa hararo ka letsatsi, hoseng, mantsiboya le bosiu. Sena se ka boela sa etsuwa hape ho ba batlang ho kgutlisa diphoofolo tsa bona.
Hopola
Hopola hore ha motho a lahlehile mme o kgathatsehile ka polokeho ya hae, o lokela ho tsebisa mapolesa!
O ka boela wa tsebisa le ba dikoranta o kope hore ba o thuse.
Moriana le ona ke tse ding tsa dintho tse ka o thusang haholo ka mora moo.[s]
Re lata ba lahlehileng
88 BONA SESOTHO - September 2007
ka FORCE KHASHANE
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka meriana, aterese ke: Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: muthi@caxton.co.za
