sotho.1526.beauty
Manala a matle ka metsotso e 5
ka CHRISTINE HAMMANN
setshwantsho ka GREAT STOCK!
HA O NA NAKO ya ho lokisa manala- Se kgathatsehe! O ka a ntlafatsa ka nako le motsotso - ka mehato ena e mmalwa.
O tla hloka
n Motjhini wa ho kuta manala.
n Emery board ya ho a ferefa.
n Buffer (e nang le pholetjhe, e bentshang le e ferefang.)
n Cotton wool.
n Nail polish remover.
n Base coat. (Kapa pholetjhe e mmala o metsi.)
n Pholetjhe. (E kganyang e ntle ha o tatile - ha e hloke ho phetwa. Ha e phakise ho bonahala ha e se e senyeha.
n Ya ka hodimo.
1 Tseba mebala
Ha o sebetsa ka matsoho, phema mebala e tla phakisa ho bonahala ha pholetjhe e tsofala. Letlalo le letsho le tshwanelwa ke mebala yohle athe e beige, peach kapa e metsi e tshwanela le kganyang.
Keletso: n Ha o rata ho pholetjha manala empa a petsoha, mathisa borashe ba pholetjhe ho ya fihlella ntlheng ya lenala le ka hara lona hore e kenelle le ka mathoko.
2 A nolofatse
Inela matsoho ka metsing a fofo, o suthumetse dinama tsa manala hore di kgutlele morao. Athe ha o tatile, o ka di nolofatsa ka cuticle oil kapa ka setlolo sa matsoho. Suthumetsa dinama ka nako eo o itlotsang. (Ha matsoho a omme, dinama di ka petsoha mme o kenwe ke dikokwanahloko.)
3 Bopa manala
Ha o tatile, qala ka ho bopa manala ka motjhini wa ho a kuta, o ntano a etsa hore a be boreletsana ka emery board. A ba matle haholo ha a le kgutlonne - a tjhitja a phakisa ho robeha. A lokise hantle ka mathoko hore a se peperane.
4 Hodisa manala
A sidile ka hodimo hore a be boreledi a hole hantle. Ha o tatile o ka a sidila feela o kene tseleng, a tla shebahala hantle haholo.
5 Hlwekisa manala
Pele o a pholetjha, a hlwekise hantle o tlose ditshila le oli. A hlakole ka cotton wool e nang le nail polish remover.
6 A pholetjhe
Qala ka ho tlotsa base
coat pele ho e nyenyane e mmalana hore e tsebe ho tshwarella. Ha o e tlotsitse hasesanyane, e a tshwarella. Hopola hore: ho itlotsa hasesane ka mefuta ena e mebedi ho molemo ho feta ho tlotsa hatenya hanngwe!
Tsamaisa borashe makgetlo a mararo feela, o qale bohareng ba lenala. Bopa manala ka ho a ferefa hanyenyane ka mathoko hore a shebahale ekare a malelele.
Keletso: n Boloka pholetjhe ya manala ka sehatsetsing hore e seke ya tia hape e tshwarelle nako e telele, o e hlakole molomong hore e se ke ya omella mme o boele o tlotse molomo wa botlolo ka oli. Ha e na kgoramela mme botlolo e tla kwaleha hantle.
n Bakeng sa ho hlokohla botlolo ya pholetjhe pele o e tlotsa (e leng se etsang hore e etse dikaqa tse qetellang di a kgephotse), sisinya botlolo hasesanyane mme o e sidile ka hara matsoho.
7 Ho oma
E ka hodimo e ka thusa hore e phakise ho oma - ha ho ntho e bohloko jwalo ka hore ha o se a etswa, pholetjhe ya hao e senngwe ke ha o thetsa
lemati. [s]
BONA SESOTHO - March 2006
O na le metsotso e mehlano ya phomolo- lokisa manala a hao!
BONA - August 2005
