sotho.1517.zamajobe
BONA SESOTHO December 2008
O kgutlile!
Leha a sa tsebe dilemo tsa ntata ngwanahae, empa Zamajobe o bolela hore ho ba motswadi ho mo entse a bone bophelo ka leihlo le leng
DILEMO tse nne di fedile naledi ena ya Vosloorus e le sebini, albamo ya hae ya pele e ne e rekise dikhophi tse 30 000. Zama Sithole, o lehlohonolo jwalo ka ha a atlehile a le dilemo di 19 feela. Dipina tsa hae di ne di tuka malakabe Joburg, New York le London haholo ditlabolane tse kang Magic, Ndawo Yami and Hey, Hey, Hey. Ke sebini le sengodi sa dipina, mme o ne a be le dikonsarete tse ngata.
Ka 2005, o ne a nyamele, a sebetsana le albamo ya hae e ntjha.
"Mmino o hodisa motho ka pele," ho bolela yena. "Batho ba a lebala hore ke sa le monyane. Ho nkukile dilemo tse nne kaofela ho kopanya dipina tsena hantle."
O dilemo di 23 jwale mme o ntse a leka ho itlwaetsa diphetoho tse etsahetseng bophelong ba hae - tswalo ya moradinyana wa hae Tiyanjana le lefu la ntatae.
"Tiya o ne a hlahe pele ntate a bolawa ke lefu la pelo," ho rialo Zama. "Ntate o ne a mo reneketsa ka Ndoni Yamanzi, (Setshwana).O nkgodisitse mme ke ka hona ke ratileng ho mo hlompha ka albamo ena e ntjha."
Mofu Themba Sithole, ke yena ya neng a qale mosebetsi ona wa Zama ka ho mo fa katara ha a ne
a le dilemo di 17 mme a mo ruta ho e letsa.
"Ntate o ne a se na nako ya masawana," ho bolela Zama ka pososelo. Kamehla ha a ne a fihla lapeng, o ne a tlwaetse ho mpotsa hore ke eng e ntjha eo ke ithutileng yona tsatsi leo mme a re ke mmapalle yona." O ne a dumela tabeng ya hore mmino o ne o tla mmulela bokamoso bo tjhabileng.
O ne a ithute mmino ka di-LP tsa ntatae tsa mmino wa jazz, wa bodumedi le wa Sophiatown mme hape a boela a leotswa ke sekolo sa Benjamin Dube.
Ho tloha moo, o ne a kopane le mohlakana wa Malawi eo e leng mohlahise wa hae hape ke ntata ngwanahae.
Erik Paliani o siya Zama ka dilemo tse ka hodimo ho tse leshome. "Erik o dilemo di 30 kapa 32. "Ka bobedi re dibini tse ikemiseditseng, tse se nang taba le ditaba tse ngata."
Lenyalo ha se ntho eo ke e behileng pelong hakalo. "Ha Morena a dumela, re tla nyalana, empa ha jwale, ha se ntho ya bohlokwa," ho rialo Zama.
"Ke molekane wa ka mme re lelapa le ratanang, le ratang ho ntshetsapele mmino ona wa Afrika.
"Moradinyana wa rona e tla ba karolo ya ona - ke ikemiseditse ho etsisa ntate, ke mo rute mmino.
"Ha nka ba ka hopola setumo sa ka. Ke ne ke dutse ke qoba mekete ena e pele. Nkile ka ya feela dikgaung tsa MTV, Lisbon ka 2005. Taba e neng e le monate leetong leo, e ne e le ho bina le dibini tse kang Shakira le Tatu," ho bolela yena.
Ho ntsha ha Zama albamo ya bobedi ho ne ho bontshe ho butswa mminong. Lentswe la hae le kopana ha monate le melodi ya karata ya Erik dipineng tsohle tse 11 tsa jazz albamong eo mme ba se ba kile ba potoloha le naha ena ba ntse ba bina ka mora ho hlaha ha moradi wa bona.
"Ke boetse mosebetsing wa ka," o boletse jwalo Zama ka ho itshepa. O se a kgathile tema e kgolo mabapi le albamo ya hae ya boraro eo a rerileng ho e ntsha nakong ya dikonsarete tsa Mohope wa 2010. Ngwanana enwa jwale ha a sa tshwana le albamong ya pele. Lentswe le hae jwale le tebile hantle, le a utlwahala hore o a itshepa.
Leha a le mosesane ka mmele, o kwenne, o tseba hantle seo a se batlang mminong le hore a ka se fihlela jwang. Le moriri wa hae jwale o se o hotse, e se e le manyetse a feletseng.
"Ho nkukile nako e telele ho hodisa moriri ona, e bile dilemo
tse pedi ho hodisa moriri le
mmino wa ka." [s]
Pale: Doug Gordon
Re batho ba ithatelang mosebetsi wa rona mme ha re na taba le hore batho ba reng
DINALEDI
BONA SESOTHO December 2008
