sotho.1513.soccer refs
HO ETSAHALANG
KA BALAOLAPAPADI BA RONA?
Na re ka ntsha balaolapapadi ba habo rona ka karete e kgubedu? Na ba fela ba le babe jwalo ka ha ho bolelwa? Kapa ho jwalo ka ha SAFA e bolela? Re tswile letsholo ho fumana dikarabo
TSE ITLHOMMENG PELE
KE BASEBETSI ba bolong ba lebohuwang ka dikgohlela. Dibapadi di a thoholetswa, bakwetlise ba roriswe, empa ho na le monna ya sebetsang ka thata, ya dutseng a rohakwa nako e kgolo le e nyenyane, ke bakwetlise, dibapadi esitana le batshehetsi.
E, boo ke bophelo ba molaolapapadi bolong. Ho PSL ho kile haeba bodutu, ba nyatsuwa ka leeme. Ka Pudungwana, ngwahola, ha re etsa mohlala, Abdul Ebrahim o ne a nyatsuwe ka ho ntsha sebapadi sa Bloemfontein Celtic's, Geofrey Serenkuma ka nako eo ho neng ho bapallwa seka-makgaolakgang a Telkom ba le kgahlano le Orlando Pirates.
Ebrahim le Yusuf Vawda, mothusi wa hae eo a neng a buisane le yena pele a etsa phoso eo, ba ne ba emiswe mosebetsing nakong eo ho fuputswang. Ena e ne e se phoso ya pele ya Ebrahim. O ne a sa tswa emiswa beke ka mora hore a dumele hore ho kenngwe sebapadi ka mokgwa o seng molaong nakong eo ho neng ho bapala Chiefs le Sundowns.
Empa ntle ho moo, ha ho tsotellwe ditletlebo tsa bakwetlisi ha ba lla ka balaolapapadi ba sa etseng mosebetsi o kgabane. Mokgatlo wa bolo wa Afrika Borwa o hatella hore ha ho mathata hohang taolong ya dipapadi naheng ena. Ho bua nnete ba re maemo a nyolohile haholo.
Mosebetsing wa ho laola dipapadi ha ho bonolo ho kgotsofatsa batho bohle ho ya ka moo a bolelang ka teng Kirsten Nematandani, modulasetulo wa komiti ya balaolapapadi naheng ena, eo e leng yena ya ba panang.
Mokwetlise wa sehlopha se hlotsweng, o nyatsa molaolapapadi! "Bakwetlisi ba sebetsa tlasa kgatello e tshabehang, ba a lelekwa ha dintho di sa tsamaya hantle, le bona ba ntshetsa malokobe ho balaolapapadi," ho bolela Nematandani.
"Balaolapapadi ba habo rona ba nyollotse maemo a mosebetsi wa bona." Ba 16 ba bona ba tla laola dipapadi tsa PSL tsa selemong sena sa bolo. Ba entswe diteko tse ngatangata tse kenyeletsang le ho kwena ha mmele le tsebo ya melao ya papadi.
Ha ba nke tjotjo matsatsing ana. O hopole bongata ba bona ba sebetsa ka ho feletseng mesebetsing ya bona mme ba fumana moputso wa R2 000 ka kgwedi, ba fumane R3 000 ka papadi ka nngwe eo ba e laolang.
Ka dipapadi tse supileng ka kgwedi, o fumana tjhelete e ka bang 20 000. Empa ha se potele ho fihlella maemong a ho ba molaolapapadi ho PSL!
Nematandani o boetse hape a re hopotsa hore balaolapapadi ba Afrika Borwa ba se ba kile ba kgethelwa ho laola dipapadi tsa matjhaba kontinenteng ena. Re balella le mokgahlelo wa pele wa makgaolakgang a Confederation Of African Football Champions League le tsa ho kenela Dtilhodisano tsa Mohope wa Lefatshe wa 2010.
Jerome Damon le bathusi ba hae Toko Malebo le Andrew Rezeers ba kile ba laola papadi ya CAF pakeng tsa sehlopha sa Al-Ahly sa Egypt le sa Cotonsport Garoua, sa Cameroon.
"Ke bopaki ba hore maemo a mosebetsi wa bona a nyolohile haholo," ho bolela Nematandani.
"E, ke nnete diphoso di a etsahala, hobane le maemo a papadi ya bolo a nyolohile haholo," ke Jerome Damon, ha a tlatseletsa puo ya hae. "Boraditaba le bona ha ba a ipeha fatshe. Ha o etsa phoso e nyenyane feela, e totobatswa lefatshe kaofela, e phetaphetwe le setshwantshong se tsamayang butle. "
Damon o boetse a bapadisa le ho makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe wa 2006 mane Jeremane, le dipapading tsa diolimpiki mane Beijing ngwahola.
Daniel Bennett, Jonas Nhlapo, Enock Molefe le Matthew Dyer ke ba bang ba keneng sehlopheng sa balaolapapadi ba matjhaba ba FIFA ho tloha ka 2008. Empa o re ho tshetjwa ke mokgatlo o moholo wa lefatshe ha ho a lekana ho ba bang.
Nematandani o dumela hore lebaka ke tjhelete eo ba e lefshwang ho PSL. "Bohle ba sebetsa tlasa kgatello haholoholo dihlopha hobane beng ba tsona ba batla tjhelete le mehope ka mahlo a matala." Papadi e se nang leeme e sala phaposing ya ho tjhentjhela, banna ba ripitlana ka maoto ha ba kena lebaleng.
Ba bangata ba tla dumellana le nna hore papadi e ntle, ha e be ntle ho bohle empa molaolapapadi ya sa etseng mosebetsi wa hae hantle le yena o lokela ho behwa
molato. [s]
Pale: Otshepeng Madiba
Ditshwantsho: GALLO
Adbul Ebrahim o ne a emiswe mosebetsing ho sa ntse ho fuputswa lebaka le entseng a ntshe sebapadi ka phoso tlhodisanong ya Mantshano ya Telkom.
Jonas Nhlapo e mong wa balaolapapadi ba rona ba pele ba bileng ba keneng le ho FIFA ho tloha ka 2008.
MANTSWE A SETSEBI
Ace Ncobo o ne a kgethelwe maemo a ho ba molaolapapadi ya hlwahlwa Afrika Borwa le pele a qala ho sebeletsa PSL.
O eletsa ba bang ka hore ba dule ba butse mahlo ba etsa matsapa a ho ntlafatsa papadi.
"Ke ne ke dutse ke etsa matsapa a ho ntlafatsa papadi le bokgoni ba ka nako le nako," o boletse jwalo monna enwa eo e leng motshepuwa ho PSL ya seng a bile a ena le direkote tse hlano tsa mosebetsi o kgabane.
"Ke ne ke shebella dipapadi tse fetileng tsa dihlopha tseo ke tla di bapadisa hore ke itlwaetse mmapalo wa tsona ka kakaretso. Ke shebelle le tseo ke di bapadisitseng, ke inyefole ha ho hlokahala.
Ke nkela mosebetsi wa ka hodimo." Ace o re ho sa kgathallehe hore o se o le maemong a hodimo hakaakang, o lokela ho dula o ntlafatsa bokgoni ba hao nako le nako!
Ho ba molao-lapa-padi ha se potele
Daniel Bennett ke e mong wa balaolapapadi ba SA ba bane ba sebetsang le ho FIFA ho tloha ka 2008.
Bakwe-tlise ba hlo-tsweng ba tla dula ba nyatsa balaola-papadi
Jerome Damon ke e mong wa balaolapapadi ba Afrika Borwa ba pele.
LE BA MOSE BA A DUBA!
O se etse phoso wa ithetsa ka hore balaolapapadi ba mose bona ba betere ho ena le bana ba Afrika Borwa.
Le ditlhodisanong tse kgolo tsa matjhaba ho se ho kile ha etsahala diphoso tse makatsang.
Mohopeng wa Lefatshe wa 2006, molaolapapadi wa Lenyesemane, Graham Poll o ne a nehe sebapadi karete e tshehla makgetlo a mararo pele a se ntsha ka lebaleng, bakeng sa hore ebe o se ntshitse ka karete ya bobedi.
FIFA e ne e kgutlisetse Poll hae hanghang mme a lokollwa hore a se hlole a laola dipapadi tsa matjhaba.
Empa e mong wa Tunisia, Ali Bennaceur o ne a etse phoso e kgolo le yena. A se ke a bona Diego Maradona a kenya ntlha ka letsoho ditlhodisanong tsa seka-makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe wa 1986 ha Argentina e tla hlola England ka 2-1.
Bennaceur a se ke a hlola a dumellwa ho laola dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe hape ka mora phoso eo.
