sotho.1510.siphokazi
Siphokazi Maraqana
Ha a na taba le boholo ba maoto a hae
SETUMO sa hae ha se a mathela hloohong. "Modimo O na le lebaka leo O mpehetseng lona mona," ao ke mantswe a Sphokazi Maraqana. "Ha ke no dumella tshusumetso tse sa lokang."
Morwetsana enwa ya dilemo di 29 o re mmino ke mosebetsi le bophelo ba hae. O maphathephathe ka tsela ya hore o e a hloke la nako ya ho ya bona lelapa la habo le mane Kapa Botjhabela.
O hodisitswe ke nkgonwae le ntataemoholo mane Lusikisiki, Kapa Botjhabela bao le bona e leng dibini. Ba ne ba lakatsa hore e be sebontshi sa feshene mme ba ne ba kgone ho mo kgaohanya le sephethephethe sa Jozi ho fihlela a ba dilemo di 22, ba sa tsebe hore nako eo kaofela ba ne ba ntse ba mo leotsa lentswe.
O ne a ingodise sekolong sa mmino moo a neng a ithute le dibini tse kang Bheki Khosa le Musa Mhlongo.
"Ke ne ke dutse ke bina le dibini tse ding ka nako ya kgefutso moo sekolong. Ke ne ke le hlwahlwa, empa ke hloka tshehetso.
"Ke ne ke be lehlohonolo - ke ne ke tlohela mosebetsi ke kene ho o mong mme ke ne ke kgone ho ithuta mosebetsi le mmino ka nako e le nngwe."
O ne a bine le dinaledi tse kang Simphiwe Dana, Tshepo Tsola, Ringo Madlingozi le Zamajobe dikonsareteng tsa tsona mmoho le maetong a tsona mane Yuropa le Botjhabela bo Hole.
O ne a kgathatswa ke dihlong. Ka seemo o lekana le Naomi Campbell ka bolelele ba 1,79m - le yena o hotse a ngongorehiswa ke boholo ba maoto a hae.
Maoto
"Ke ne ke dutse ke ngongorehiswa ke ona - a ne a bile a nketsa ke be dihlong," ke yena eo. "Ha ke ne ke le Sehlopheng sa Pele ke ne ke rwala seeta sa boholo ba 1, ho sa bobedi ke ne rwala 2. Sehlopheng sa borobedi ke rwala 8.
"Ke ne ke se ke bona hantle hore e tla re ke etsa Sehlopha sa Leshome, ke tla be ke rwala 10. Empa ka lehlohonolo, ke ne ke qete Materiki ke ntse ke rwala 8."
Ke yena jwale ya molelele ho ba feta lapeng la habo, o bile o feta le ntatae ka sebele. Dihlong tsona di ne di fele ha a ne a qala ho sebetsa le Tshepo Tsola.
"Ke ne ke tlwaetse ho tshaba ha ke le kalaneng, leha ke ne ke le ka morao dibining tse dumellang," ke yena eo. "Ke ne ke tshaba ho tsanyaola ke ntshe lentswe la ka, ke tshaba hore ke tla tlaila, empa Tshepo o ne a nntshe mokgweng oo. O ne a mpolelle hore ke se tshabe ho tsanyaola lentswe la ka le utlwahale hobane ke ne ke ntse ke bina hantle."
Siphokazi ke e mong wa dinaledi tse ipabotseng ka feshene mane Jozi.
O apeswa ke diakanyi tse pele tsa ha Sun Goddess. Moketeng wa SAMA, motho ohle o ne a sotheha molala ha a ne a feta. Monna e mong o ne a itele, a mmotse hore na o na le yena moratuwa, a re: "Haeba o se na yena, o tlameha hoba wa ka."
O ne a sisinye hlooho. "Ke ne ke nke seo jwalo ka motlae hobane banna ha ba atise ho kopa ho intsha le nna. Modimo O tla mpha monna ya nepahetseng ha nako e fihla."
Kgothatso
O ne a fumane mohlahise ya nepahetseng ya neng a mo tlohedise ho dumella dibini tse ding mme jwale a kgona ho ipinela a le mong.
Setho sa mehleng sa Gallo Music, Sipho Sithole, o ne a etse sebini sa mehleng sa Bongo Maffin, Thandiswa, a rekise ka hodimo ho platinum ka albamo ya hae ya mosollane ka 2004. O ne a phete ntho e tshwanang le ka Simphiwe Dana ka 2005.
Siphokazi ke sebini le sengodi sa dipina sa mosadi sa boraro ho hlahiswa ke khampane ya hae ya Native Rhythms.
"Siphokazi o se a le malala-a-laotswe bakeng sa diphephetso tse kgolo," ke yena eo. "Kgothatso e kgolo o e fumane ho Simphiwe le Thandiswa.
"E mong le e mong o na le setaele sa hae sa mmino mme ho SAMA selemong sena Siphokazi o phakisitse ho bontsha katleho e kgolo ka albamo ya hae."
Albamo ya hae ya pele e bitswa Ubuntu Bam. Pina e pele ho yona ke Vula Mama, eo e leng ya Patrick Matshikiza, eo ka yona Siphokazi a hlomphang mmae, Nobuhle, ya hlokahetseng ka 2003.
Sipho o ne a bone bokgoni ba Siphokazi ka mora ho mo utlwa a bina e nngwe ya dipina tsa jazz classic paleng e neng e bua ka Sophiatown.
O ne a mo utlwe studio a hatisetsa Matshikiza pina eo albamong ya hae, ya ba ke ho fumana ha hae tumellano ya ho hatisa.
Tumelo
"Ke rata ho pheta Vula Mama hape albamong ya ka hobane e na le molaetsa ho nna," ho rialo Siphokazi.
Lerato la hae ho mmae le feta mmino. Siphokazi o hodisa bana babo ba babedi ba mo hlahlamang - e mong o habo Lusikisiki ha e mong a le sekolong Vereeniging.
"Tumelo ya ka e mpolella hore tsohle di a atleha ka thuso ya Modimo."
"Mosebetsi le lehae la ka di bohlokwa haholo. Jwale ho se ho bonahala mmino ona o nketsa ke be maphathephathe kamehla.
"Ke tlameha ho etsa dintho ka tatelano. Ke a lakatsa le nna ho nyalwa ke be le bana ba ka, empa ha seo se sa etsahale ho fihlela ke kopanya dilemo tse 30, le teng ho ntse ho lokile.
"Ke ntse ke na le lerato la ho ba sebontshi esitana le sebapadi sa dipale jwalo ka ha ke ne ke ntse ke na le lona pele ke tla Joburg. Kajeno ke ithuta seo jwalo ka ha ke sebetsa le dikhampane tse kgolo tsa feshene hape re boele re etse le divideo tsa mmino." [s]
BONA SESOTHO - August 2007
pale ka DOUG GORDON
BONA SESOTHO - August 2007
Siphokazi o na le dikgau tse pedi tsa Mmino wa Afrika Borwa hape ekare ke sebontshi - empa sedikadikweng sa boithabiso selemong sena ha a ya ikemisetsa ho dumella batho ho sebedisa maemo a hae hore ba fumame ditsela tse kgaoletsang
