sotho.1504.yourfood_stars
Honey Chicken
ya Jabu
Jabu Hlongwane, sebini se nang le neo, sengodi le e mong wa bathehi ba sehlopha se tummeng sa mmino wa bodumedi, Joyous Celebration, o bontsha moqolotsi wa rona wa tsa mopheho, Ntwenhle Mpanza resepe ya hae eo a e ratang
PHEHA LE DINALEDI
JABU DIJONG
Bongwaneng ba ka, ke ne ke sa rate - mokopu.
Kajeno dijo tseo ke di ratang haholo ke - sepinatjhe le dihwete.
Ke rata ho ya ja lebenkeleng le rekisang dijo tsa setho - la Nambitha, mane Soweto.
Sehatsetsing sa ka lapeng ke dutse ke ena le - seno sa ditholwana le sa iced tea.
Ke boetse hape ke rata lebenkele la dijo la - Cappuccino and Piatto.
O TLA HLOKA
* 1 kgabana (15ml) oli
* 1/2 eie, e kgabetsweng
* 1 sekaqa garlic, e hlahlathilweng
* 1/2 kgabana (2,5ml) turmeric
* 1 kgabana (5ml) paprika
* 4 maqa a nama ya kgoho
* 1/2 tjhupu ya chicken stock
* 1 1/2 dikopi tsa metsi a tjhesang
* 1 bay leaf
* 1 kgabana (15ml) honey
* pepere ya ho noka
KA MOO O PHEHANG KA TENG
1. Futhumetsa oli o hadike eie le garlic metsotso e 3 ho fihlela e loka.
2. Tshela turmeric le paprika, o fuduwe motsotso. Tshela nama, o fuduwe metsotso e meraro hore nama e kwahelwe ke dinoko.
3. Tshela metswako e setseng mme o phehe metsotso e 20.
4. Fokotsa mofuthu, o phehe metsotso e 10 ho fihlela sopho e ba reberebe. E fepele mmoho le reise le meroho. [s]
