sotho.1498.free
Qala hantle
Batswadi bohle ba rata ho etsetsa bana ba bona tse molemo, ka hoo, phethisa toro ya wa hao ka ho qala ho mmolokela tjhelete ya ho ithuta e sa le jwale.
Jwalo ka ha o tlwaetse ho qala letsatsi la bona ka di-cereal tse phepo, tshehetsa thuto ya bona ka dibasari tsa ha Kellogg's Corn Flakes.
Ho na le dibasari tse 10 tse fumanehang ho fihlela mafelong a Phupu 2007. Fumana dintlha pakaneng e ntjha ya di-Kellogs' Corn Flakes.
BONA e fana ka diphuthelwana tse robedi tse bitsang R500 ka seng, tse nang le mekotla ya Kellogg's Corn Flakes, mangolo a ho reka dieta mmoho le di-cereal tse ikgethang. Ho ba mohlodi, romela lebitso, aterese le mohala wa hao ho: BONA/Kellogg's Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele KELLOGGS ka SMS ho
35919. [s]
Tsela ya tlhaho
Ha mmele wa hao o ruruha, o hlohlona le manonyeletso a satalletse, o hloka matla a OsteoEze Acute. E ke ke ya o utlwisa bohloko ka maleng, athe e a sebetsa le dipapading.
Bakeng sa ho ruruha, ho hlohlona le ho satalla ha mesifa le manonyeletso, sebedisa OsteoFreeze Gel kapa OsteoFreeze Roll-on, kapa o itshidile ka OsteoEze Rub.
Re fana ka diphuthelwana tse 16 tsa dihlahiswa tsena tse bitsang R245 ka seng. Ho iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ka posekarete ho: BONA/OsteoEze Giveaway, Private Bag X1030, Lyttelton, 0140, kapa o romele OSTEOEZE ka SMS ho 35919.
ya hao ya mahala
BONA SESOTHO - June 2007
Maleiri a bana
Maleiri a Glodina Black Label haesale a tshetjwa ke bomme melokong ka meloko. A mane ka pakaneng mme a fumaneha ka boholo ba (70 x 70cm).
A tlwaelehile mme maleiri ana a ha Glodina a boloka lesea le thabile athe hape a entswe ka tshwele ya sebele a bile a na le tiisetso ya ha SABS.
BONA e fana ka diphuthelwana tse 10 tse bitsang R400 ka seng se nang le maleiri a mane, lesela le thaole ya masea. A ko etele ba ha Glodina mane Hammarsdale. Ho fumana tsela e lebang teng, ba letsetse ho 031-736-2150.
Ho ba mohlodi, romela lebitso, aterese le mohala wa hao ho: BONA/Glodina Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, o romele GLODINA ka SMS ho 35919.
Dimpho tse bitsang
Iphuthumetse maoto
Mariha a fihlile hape mme jwale re behella meqathatso ya lehlabula ka thoko, re kgwese dibutshi!
O ke se je koto ho fella ha o sa rwala dieta tsa ha Froggie maotong. BONA e o neha monyetla wa ho hapa e nngwe ya dipara tsena tse robedi tse setaeleng tse bitsang R520 ka nngwe. (Dieta tsa ha Froggies di a fumaneha mabenkeleng a maholo naheng ka bophara kapa o letsetse 031-450-0200 bakeng sa le haufi le wena).
Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese, mohala o fumanehang ho ona motsheare mmoho le boholo ba seeta sa hao ka posekarete ho: BONA/Froggie Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele FROGGIE
ka SMS ho 35919.
Letsatsi la ho kwala:
29 Motsheanong 2007
(SMS ka nngwe e bitsa R3.)
BONA - August 2005
