SOTHO.1494.stars
se bolelwang ke dinaledi
BONA SESOTHO - June 2007
Mosebetsi: Hlalefa ha o tobane le bao o qothisanang le hlokwa le bona.
Bophelo: Ho itshepa ho etsa o phele hantle.
Tjhelete: O tla fumana tjhelete ka lebaka la setswalle. Tshebedisanommoho e tla o tswela molemo.
Lerato: Dikamano di tla o tlela hantle haeba o se na molekane.
Mosebetsi: O ka fumana boiphihlelo ha o ka ikopanya le batho ba nepahetseng.
Bophelo: O tla ba le nako e monate le metswalle.
Tjhelete: Sheba menyetla ya ho iketsetsa phaello.
Lerato: Eba le tlhokomelo, o hlokomele ditabatabelo tsa lona bobedi ho ena le tsa hao.
Mosebetsi: O ka nna wa nyollelwa maemong a hodimo kapa wa fumana o mong mosebetsi.
Bophelo: O tlameha ho phela hantle ka nako ena.
Tjhelete: Ho bonahala o tla ba le tjhelete. E hlokomele hantle.
Lerato: Dikamano tsa hao jwale ke tsa moshwelella.
Mosebetsi: O tla ba le menyetla e metjha ya ho atleha.
Bophelo: O tlameha hore o be o phela hantle - haeba o kula, o tla phakisa ho hlaphohelwa. Tjhelete: O menyetleng e ka nnang ya o tlisetsa tjhelete.
Lerato: O ka nna wa fumana moratuwa e motjha ha o ka ya moo o menngweng teng.
Mosebetsi: Batho ba na le thuso, ka hoo, o ka sebedisana le batshwari.
Bophelo: Iphe nako ya ho phomola.
Tjhelete: Sebedisa kelello ya hao hore o tle o fumane ditsela tsa ho iketsetsa tjhelete.
Lerato: O ka nna wa fumana molekane e motjha.
Mosebetsi: Ho ntshetsapele dithuto tsa hao ho tla o tswela molemo.
Bophelo: Ho kwena hantle ho tla o thabisa.
Tjhelete: Ho etsa dintho ka nako ho tla o thusa ho iketsetsa phaello. Lerato: Moratuwa wa hao o tla o hlonepha ka lebaka la botshepehi le ho loka ha hao.
Mosebetsi: Ipehe ka botleng ka ho sebedisana hantle le bomphato ba hao.
Bophelo: Sebedisetsa nako ya hao dinthong tse molemo.
Tjhelete: O ka nna wa tshabela metswalleng le balelapa bakeng sa tjhelete.
Lerato: Ho itsebisa mothong e mong ho ka o fumantsha moratuwa. Mosebetsi: Ithute ho rera ka nepo.
Bophelo: Qala lenaneo le letjha la ho ja le ho ikwetlisa.
Tjhelete: Ntlafatsa maemo a hao a ditjhelete ka ho fokotsa sekgahla sa ho sebedisa tjhelete. Lerato: O tla fumana molekane e motjha ya tlang ho o kgahla.
Mosebetsi: O tla fumana moputso wa ditabatabelo tsa hao.
Bophelo: Iphe nako e lekaneng ya ho phomola le ho ikwetlisa molemong wa bophelo bo botle.
Tjhelete: Batho ba atlehileng ditjheleteng ba tla o eletsa ka moo o ka iketsetsang phaello ka teng.
Lerato: Eba le nako ya moratuwa wa hao. Mosebetsi: O tlameha o be o tsetsitse jwale mosebetsi, o se senye monyetla ona.
Bophelo: Thabela ho arohana le mathata mmoho le dikgathatso.
Tjhelete: Sebedisa menyetla e o tlelang.
Lerato: Dikamano tse mofuthu di tla tlisa thabo le nyakallo ho moratuwa wa hao.
Mosebetsi: O tla fihlela katleho ha fela o bontsha bokgoni ba boetapele le boitshepo.
Bophelo: Se natse ho opa le mahloko ao o a utlwang.
Tjhelete: Sebedisa menahano ya hao e metle, e tla o tswela molemo.
Lerato: O tla fumana molekane haeba o se na yena.
Mosebetsi: Tsela e nepahetseng ya ho etsa dintho e tla o atlehisa.
Bophelo: Matlafala ka ho ipha nako e anetseng ya ho phomola le ho sebetsa.
Tjhelete: O tla ba le tjhelete hobane o sebedisa kelello.
Lerato: Apara ka tsela e kgahlang![s]
