sotho.1493.teenfash
Mokotlo o mosweu le mose ke tsa Xogo, 011-478-0044
FESHENE YA BATJHA
Hulisane CC Ravelle
Sebohodi sa TV se re dumelletseng ho sheba diaparo tsa sona tsa feshene ya moraorao!
1. Setaele sa ka sa feshene ke...
Seaparo sefe feela seo ke ikutlwang ke lokolohile ha ke se tenne!
2. Nke ke ka tena...
Sutu ya maemo a hodimo. Mmele wa ka ha o kgone ho tsitsa ka hara yona.
3. Seaparo se bitsang haholo seo ke nang le sona ke...
Dieta tse phahameng tsa Guess tseo ke neng ke ithekele tsona, ke batla ho ithabisa. Ke o bolella nnete: Kgweding e latelang eo, ke ne ke se na le sente, empa ke le motlotlo!
4. Ha ke bona lehlatsipa la feshene ke...
A hauha hobane le nna ka nako e nngwe ke ba jwalo mme ke sale ke maketse - ke baka mehau.
5. Ke reka...
Tsa ho ja kotso mane Xogo, Cresta, ha ba so ka ba mphoqa hohang! Tse ding tsona, ha ke kgethe mabenkele, ke ikgethela tse ntshwanelang.
6. Keletso ya ka ka feshene...
Se leke ho kopela diaparo tsa ba bang bohle hobane tse ding di ke ke tsa o tshwanela - le haeba o le mosesane!
7. Seo ke nahanang hore se fesheneng ha jwale...
Mebala e fapaneng ya marikgwana a masesane, mese ya meketjana le ho tswaka mebala haholo. Mebalabala e tswa pele! Haholoholo e mepinki, e perese le e mesehla.
8. Ha ngwanana e mong a tshwantshetsane le nna...
Ha ke kgathatsehe ka letho! Ke tswelapele ke itenele wa ka mose.
9. Ha ke tswe lapeng ke sa...
Itlotsa ka lipgloss. E tlwaelehileng e ntle.
10. Phoso eo nkileng ka e etsa ka feshene ke...
Ho tena mose oo ke neng ke o reketswe ke mme, o dipalesa tsa ditholwana le meroho yohle e fumanehang polasing - o le mobe jwang feela. Leha ho le jwalo, ke a o rata mme wa ka! [s]
