sotho.1478.siphokazi
KE ne ke kokote mme ha bula mosadi ya molelele, ya motle, ya mosesane, ya neng a bososela. O ne a re amohele ka diatla tse mofuthu foletheng ya hae e dikamore di pedi tsa ho robala. A re kenya phaposing ya e ntle ya ho phomola.
Ho ne re ho ena le ditshwantsho tsa bana ba habo Siphokazi, bana babo, Thembi le Asanda le kgaitsedi ya bona, Oyama. Motho wa bohlokwa bophelo ba Siphokazi ke nkgonwae.
Kamora nako e se kae, re ne re bone a se a hlaha le dijo, a re phomosetsa.
Siphokazi ke ngwana setsoha le pelo ya maobane.
Empa seo ha se makatse. Ngwanana enwa ke e mong wa dibini tse nang le neo e babatsehang haholo dilemong tsena. Leha ho le jwalo, ha a ya lebala ka sebaka sa habo sa Lusikisiki mane Kapa Botjhabela.
O rata Midrand hobane teng o kgona ho phomola hantle a kgatholohe jwalo kaha a le Lusikisiki.
"Ha ke tswa bina, ke e ke rate ho phomola," ke yena eo.
"Ke ne ke thabe ha ke ne ke fumana sebaka sena hobane ho sona ke fumana ho phomola hantle."
Ntlong eo ya hae, kamore eo a e ratang haholo, ke ya ho robala.
"Ke a e rata kamore ena," ke yena eo. "Ke hona moo ke kgonang ho phomotsa mmele le kelello, ke imamele, ke robale kapa ke ipalle dibuka."
Ha a bua ka nyakallo ya hae... Ntle le nkgonwae, Siphokazi o bolela ha ba bang batho ba bohlokwa bao e bileng e leng mehlala ho yena e le Busi Mhlongo le Sbongile Khumalo.
"Ba dula le nna fatshe, ba ntlhabe malotsana ka tsebo ya bona ya mmino," ke yena a ntse a bonya. "Ke thabela thuso ya bona haholo."
Ha a se mminong, ngwanana enwa ya neng a tsibule mminong ka albamo e reng Ubuntu Bam', o rata ho pheha - le ho reka.
"Ke dutse ke leka diresepe tse ntjha kamehla, empa ke qala ke di utlwe nna pele nka di etsetsa ba bang."
Tabeng ya ho reka teng... "Ke tlwaetse ho tla lapeng le dintho tseo ke neng ke sa rera ho di reka," ke yena a ntse a bonya. "Ke a di rata dieta, bethe e ntle esitana le dintho tsa ka tlung..."
Jwalo ka ha a ntse a kgona ho ithabisa, sena se bolela hore le yena ka talente ena ya hae o sa ntse a tla tswelapele le ho thabisa batho ho ya ho ile... [s]
BOPHELO BO MONATE
Re lapeng la sebini se seng se hapile dikgau tse ngatangata, re bua ka ngwanana wa Lusikisiki, Siphokazi... Pale ka Steven Makhanya
KE TSWERE YA SEBELE
(athe o rata le ho reka)
Siphokazi o re o rata phaposi ya hae ya ho robala ho feta tse ding kaofela.
Sebini sena ha se le lapeng, se thabela ho pheha le ho iphomolela.
BONA SESOTHO October 2008
