sotho.1473.gardens
Makaubere wa Afrika Borwa
Ke mokgatlo ka boyena
Ke lesupatsela ha ho buuwa ka ho ruta mosadi wa Afrika Borwa ka moo a ka phedisang lelapa la hae ka teng ka temo, Elsie Mpatlanyane ha a na thaka
OBA RUTA mekgwa ya boiphediso. O se a thusitse meloko e mengata ya basadi ho theha dirapana hore ba kgone ho iphedisa le ba malapa a bona.
Matsatsing a kgenthollo, mme Elsie Mpatlanyane (64) o ne a ruta diketekete tsa basadi ba sa sebetseng ba Soweto ho pheha le ho baka, a ba bontsha le matla a kalafo ya ditlamatlama esitana le bohlokwa ba ho etsa lenane la ho sebedisa tjhelete.
A sebetsa le ho EcoLink, mokgatlo o seng tlasa mmuso o shebaneng le tlholeho mane White River, a tswelapele ho kgothalletsa basadi ho theha dirapa tsa temo.Ka 1992 ya eba mosadi wa pele wa Moafrika Borwa wa ho hapa kgau ya United Nations Environmental Programme (UNEP) Global 500 ka temo le ho sebedisa dintho tse lahlilweng.
Ka mora dilemo tse hlano, UNEP ya laela senono se tummeng lefatshe lohle, Hisako Ono wa Japan ho penta setshwantsho sa Elsie hore se hlongwe motsemoholo wa UN mane New York. Ho lemala kotsing ya koloi ka 2001, ha mo tlama ho tlohela ho sebetsa, empa lerato la hae la ho iketsetsa manyolo le ho thusa setjhaba la nna la tuka malakabe.
Matsatsing ana nkgono o na le serapa sa monokotshwai lapeng mane Msogwaba, ka leboya botjhabelo ho Nelspruit, mme o ntse a thusa diprojekeng tsa ho thusa basadi ba sebakeng seo.
"Kajeno mosadi ka mong wa sebakeng seo o na le serapana sa hae sa meroho. Sena se entswe ke ho nna ba kgothatsana ha ba qoqa."
O HLAHETSE Bethal ho Highveld, o ne a tswe sekolo ka mora Sehlopha sa 7 batswadi ba hae ba ne ba se na tjhelete. A leba Soweto, a nyalwa ka 1963 mme a itsibola selemong se latelang seo, o na le bana ba bane. O ne a phela jwalo ka bomme ba bang ba lekeisheneng ho fihlela a kula ka 1973 mme a kena sepetlele.
"Mmele wa ka o ne o tjhesa haholo o bile o le shohlo ho se motho ya bonang se phoso ho nna. Ka rapela ka re: 'Modimo nthuse ke se ke ka shwa ke so qete mosebetsi wa ka setjhabeng,' ka le hlahlamang ka tsoha ke fodile," ho bolela yena.
A se ke a sheba morao, a inehela mesebetsing ya setjhaba ka tshehetso ya Kereke ya Reformed Seventh Day Adventist. Yena le setho se seng sa kereke ba qala ho ruta basadi ho itemela meroho. "Ra ruta batho ka molemo wa ho lema diratswana mme ba iketsetse manyolo ka jwanng ho feta ho a reka," ho bolela yena.
"O tjheka mokoti o ka fihlellang mangoleng mme o lahlele ditshila tsohle tseo o di lahlang ka kitjheneng ya hao jwalo ka dikotikoti tse mafome, masapo le dikoranta mme o di tshele ka metsi, pele o kwaela ka mobu. O jale ka hodimo. Basadi ba kerekeng ba ne ba kopana ka Disontaha ba eletsana ka resepe le ka tsa phepo e ntle. Basadibaholo bona ba kgothatsa basadi ba sa tswa kena lenyalong, ba ba eletse ka moo ba ka hlokomelang malapa a bona hantle ka teng. Re ne re iketsetsa dijo tsa masea mme re ipolokela le beetroot ka dikotikoting. Ditho tsa kereke di se di ruta hohle moo di leng teng."
LELAPA la hae la fallela Nelspruit ka 1977. "Ka theha dihlopha tse ntjha ka basadi bao ke kopanang le bona tliliniking le baahisane, ka ba ruta ho pheha, ho hlokomela masea, ka ba bontsha ka moo ba ka etsang lenane la ho sebedisa tjhelete le hona ho iphedisa," ho bolela yena.
Ya eba mohlolohadi ka 1984, empa a tswelapele le ho thusa setjhaba leha a ne a ena le bana ba bane bao a neng a tlameha ho ba hodisa. A qala ho sebetsa EcoLink ka 1989 mme a ntshetsapele mosebetsi wa hae wa setjhaba le lebatoweng leo.
"Ka fetela le Senegal," ho bolela yena. Mme Elsie ebile e mong wa basadi ba 500 lefatsheng lohle ba neng ba ye kopanong ya UNEP mane Miami ka 1991, moo a neng a etse dipontsho ka diratswana tsa ho lema meroho.
Selemong se latelang seo ya eba e mong wa basadi ba 74 ba neng ba tlotlwe ka Kgau ya Global 500 Award mane Rio de Janeiro, Brazil.
"Ke ne ke tshohile haholo, empa ka mora nakwana ka thaba haholo," o boletse jwalo ka pososelo.
Ka 1996, a boela a kgethwa hape ke ba UNEP e le e mong wa basadi ba 25 ba sebetsang ka boinehelo hore ho etswe ditshwantsho tsa bona mme di hlongwe maboteng a motsemoholo wa UN o New York mohla mokete o neng o etswe ka 1997.
LEHA a ne a thabele tlotla ena le ho hahlaula le dinaha tsa mose, o ne a dutse a tatetse ho kgutlela hae. "Ke rata Afrika Borwa ka pelo yohle ya ka," ho bolela yena.
Ka mora hore a tlohele ho sebetsa ka 2001, mme Elsie a tswelapele le mesebetsi ya setjhaba a se a le hae hape a bile a setse le ditloholo tsa hae tse tharo tsa tse robedi tseo a nang le tsona.
"Ke sebetsa ho tloha ha le tjhaba ho fihlela le dikela," ho bolela yena. Ntle ho serapa sa hae sa meroho seo a dutseng a sebetsana le sona, o boetse hape o tshwere leano la ho boloka tjhelete la basadi ba sebakeng seo le bana ba sekolo mme selemong se fetileng o qadile le leng la ho bokelletsa dipampiri.
Basadi ba bangata ba sebakeng seo ba dutse ba etswa ba kena ha hae ho tla kopa dikeletso le ho tshehetswa moyeng. "Hantle jwalo ka enwa eo le fihlang a le teng," ho bolela yena. "Jwalo ka ha a se a fihlile tjena, ke tla mo ruta ho etsa pie. Maobane ke mo rutile ho etsa di-scones. Ke ntse ke sebetsa, ke mokgatlo o ikemetseng ka bonna - empa o sa lefshweng." [s]
African Eye News Service
BONA SESOTHO - May 2007
KA HODIMO: Setshwantsho sa mme Elsie mmoho le senono sa Japan se se pentileng.
KA HODIMO: "Ke mokgatlo o ikemetseng ka bonna empa o sa lefellweng," ho bolela Elsie.
pale le ditshwantsho ka GUY JEPSON/AENS
BONA SESOTHO - May 2007
