sotho.1471.xeno
HO TLETSE MADI, DIPELO DI TLETSE LEHLOYO
TLALEHO E IKGETHANG
BONA SESOTHO July 2008
Matsatsi a tshabehang, a ho jana direthe, ho senyetsa ka lonya batho ba se nang molato ba itlhophereng, hobane feela e le matswantle... Pale ka Steven Makhanya
BONA SESOTHO July 2008
TSOHLE di qadile Alexandra. "E ne e le Sontaha bosiu, ke hlapa," o boletse jwalo Joyce. "Pele ho nako e kae ka utlwa monyako o bulwa ka seeta ho kena sekgakgatha sa banna ba hlommeng.
"Ba hana ho mpha sebaka le sa ho tena. Ka lahlelwa kantle, ka tsamaya mebileng ke tenne penti feela..."
Ho a makatsa? Ekare pale ya mehleng ya mmuso wa makgowa o neng o lwantsha batho ba batsho malekeisheneng, ba bitswa mahlabaphio, ba hulahanngwa mebileng bosiu mme ka le hlahlamang ho be ho fedile ka motho eo. Empa seo se etsahala matsatsing ana. Ka Motsheanong 2008, Joyce (ha se lebitso la hae la nnete), ke moahi wa Zimbabwe. "Ha re batle 'makwerekwere' mona," se boletse jwalo sekgakgatha seo se bile se re: "kgutlelang mahabo lona, re kgathetse ke lona!"
Le yena e ne e le mophaphathehi, o ne a tlamehe ho kgutlela habo. Ka lebaka la Maafrika Borwa a mmalwa feela, baphaphathehi kaofela ba se ba tlameha ho tshwarwa ka sehloho se kang seo batho ba batsho ba neng ba tshwerwe ka sona ke mmuso wa makgowa!
Na Joyce ke senokwane? Le letho! Batho ba kgethollang ba bang ba hloya setjhaba kaofela ha e mong wa ba morabe wa habo a entse bonokwane mme Joyce le yena jwalo ka baphaphathehi ba bang o mona ho tla batla makgulo a matala.
Kajeno ke lehlatsipa la batho ba hloileng melata naheng ena. Mme ha se nna feela ya neng a makale ha boraditaba ba qala ho phatlalatsa ditlaleho tsena mafelong a Motsheanong.
Ra ipotsa hore ke letshwele la batho ba entseng jwang leo? Ba senyetsa batho ba bang, jwang? Haesale re makala. Batho ba ne ba ntshwa ka mekhukhung ya bona ba shapuwa ka dikubu, bang ba bolawa.
Molato wa bona ke ho tshepa hore Afrika Borwa ba ka nna ba ikahela bokamoso bo botle!
Ke ka hona ba tlileng mona, rona re lokela ho ba motlotlo ha batho ba bang ba nka naha ya habo rona jwalo ka lefatshe la boiketlo, moo ba ka ikahelang bokamoso bo botle teng - empa re ba bitsa hore ke bokwereks mme re dutse re ba belaella ka sohle.
Mohla la 11 Motsheanong, dipelaelo tsena tsa fetoha diketso tse tshabehang, ha baphaphathehi ba se ba hlaselwa ke batho bao ba neng ba ba nka e le baena le baholwane ba bona.
KA MANTAHA mantsiboya seteishene sa sepolesa sa Alexandra se ne tletse batho ba neng ba lelekilwe mekhukhung ya bona, ha hlongwa ditente tse kang tsa dikampong tsa mahlatsipa a ntwa.
Ke fihlile teng banna ba tonne mahlo, ba thotse tu! Ka lehlakoreng le leng e le basadi le bana, motho ka mong o na le pale ya hae ya mahlomola eo a o phetelang yona, mme kaofela ha o di mametse o hopola ntwa ya Nazi ya Jeremane kapa ya Rwanda. Sehlopha ka seng se na le thotwana ya sona - eo se kgonneng ho e pholosa malakabeng.
"Pelo ya ka e ne e tletse mahlwele ha ke bona seo bana beso ba se entseng ho Maafrika a mang," o boletse jwalo mosadi e mong ya neng a ipitsa Mavis a mpontsha thotwana eo a kgonneng ho tswa le yona.
"Mathata a bona kgahlano le mmuso ba lokela ho a lebisa mmusong. Le rona re sotlehile ha re le mona, ha ho monate."
Empa leha ho le jwalo o re ha a kgolwe hore ho na le boradipolotiki ba kenelletseng tabeng ena jwalo ka ha ba bang ba nahana. O bona ekare batho ba ipata feela ka ntho e siyo.
Ha se hore mekhukhu ya bona e tjhesitswe kaofela - mme hape bahlasedi ba bang ba bona, ba re ba a ba felehetsa ho tla sebakeng seo ba balehetseng ho sona!
Le yena jwalo ka Joyce, o ne a tshohe haholo. Ka boela ka kopana le tau ya kgale, yena re tla mmitsa Baba Banda...
KE WA Malawi mme o dilemo di 30 a fihlile mona Afrika Borwa. O sebetsa ka thata mme o iphedisa ka mofufutso wa phatla. "Ha ke so ka ke utswetsa motho nna. Bana ba ka ba bang ba hlahetse mona. Hobaneng ha kajeno ekare baahisane ba ka ba qala ho ntlhokomela hore ke letswantle?
"Kaofela ha batho ba mona ba a ntseba. Ke baahisane ba ka ba dilemo, ba bang ke metswalle ya ka. Empa kajeno ba mpitsa sera sa bona."
Ke ntshitswe ka tlung ya ka jwalo ka mokotoi. Mme ke kgonne ho tswa le thotwana ena feela ya diphahlo." Eitse ha a fumana monyetla wa ho nanara a kgutlele ka tlung ya hae, a fumana ho utswitse dintho tsa hae tse ngata tsa bohlokwa. Ba o bitsa senokwane, ba o tlatlape mme ba utswe thepa ya hao - senokwane ke mang moo?
Ho a makatsa hore ebe boradipotiki ba bang ba bolela ha ho ena le mekenella tabeng ena mme ba nyatsa kgethollo ya mmala, e fedisitsweng dilemong tse 14 tse fetileng!
"Ke nahana hore tsena ke diketso tsa bonokwane feela ba sebedisang monyetla wa baahi ba bang ba naha ena ba kwatetseng hore ha ba fumane mesebetsi," ho bolela ntate Banda. Ke mona le lehloyo feela tse susumeletsang batho hore ba thetsane ka ntho e siyo ya ho batla ho tlatlapa batho ba bang le ho nna ba nyatsa ba bang ka mathata a bona.
"Ha ho motho ya thabileng empa hobaneng ha o tla ntshetsa bohloko ba hao bathong ba bang? Le rona re futsanehile. Re hula ka falese," ho bolela Ntate Banda.
"Empa nna, ha ke ba tshabe. Ke tla kgutlela motseng wa ka."
E MONG hape ya nahanang hore lehloyo lena la matswantle ke ho itshireletsa feela ha dinokwane ke Choke Sithole, monga sebaka sa boithabiso mane Orange Farm, Joburg. O re ke e mong wa borakgwebo ba neng ba utswetswe ka ona mokgwa ona.
Yena o ne a kenelwe ke batjha ba supileng bao a ba tsebang hantle. "Ha ke ne ke fihla naheng ena, ba ne ba sa ntse ba matha ba tsotse mebileng. Empa kajeno ba mpolella hore ke tswe ke fele, ke kgutlele Mozambique," ho bolela Sithole.
Sithole o dutse naheng ena ka molao mme ha ba tsotelle le eo taba. Batjha bana ha ba tsotelle le hore molao o reng ka batho ba ikenelang feela ka lebenkeleng la e mong ba ithuse ka thepa ya hae.
Ka nako eo baahisane ba ne ba eme matlotlosiya ba shebelletse. Sithole o ne a kgone ho itwanela leha ho le jwalo. Hang ha dinokwane tseo di etswa a bitsa metswalle ya hae.
Ba di tshwara ka ho panya ha leihlo. "Ba ne ba dutse moo ho rekiswang jwala teng ba ntse ba enwa bona jwala boo ba bo utswitseng ho yena. Ba baleha ha ba re bona - empa ra ba tshwara ba babedi ba bona ra ba isa sepoleseng."
Fatima Malobeka, mohlolohadi e mong ya nang le ngwana ya dilemo di nne, o ne a ena le thepa e rekiswang ya R5 000 ka lebenkeleng la hae, eo kaofela a e utsweditsweng.
Ba kene ka festere empa Malobeka a kgona ho balehela ha moahisane.
Moetapele wa balebedi ba lekeisheneng, Mobishopo Abram Mokoena, o a dumela le yena hore tsena tsohle ke diketso tsa bonokwane. "Ke mokgwa o mong feela wa dinokwane wa ho batla ho hlekefetsa batho ba hlonephang molao. Mme ba atleha hobane mmuso ha o phahamele diketso tsa bonokwane ka maoto."
HO BOETSE hape ho na le lelapa le bolaetsweng mora hona sephethephetheng seo. "Ba ne ba mo hlasele feela a tswa felehetsa motswallae, ntle le ho mmotsa letho," o boletse jwalo moenae, ya sa batlang ho ipolela.
Hoja ba ne ba kile ba mmotsa, ba ne ba tla utlwa hore ke wa Mpumalanga...
"Ba se ke ba mo neha monyetla leha o le mong feela. Ntate o fihlile moo a se a bata. Nke ka hlola ke lebala sehloho se sekaalo."
Joyce ya neng a ntshwe a tsotse yena o dilemo di 20 mme o sa tswa fihla naheng ena. O re habo kwana Zim ha ho bokamoso bathong ba batjha ba batlang ho ntshetsapele dithuto tsa bona jwalo ka ha bohle re tseba hore dintho di senyehile naheng eo. Mona re betere haholo ho ena le dinaheng tse ding - empa seo ha se bolele bore re se tletlebe.
Mohlomong ke ka hona ho hlohilweng matswantle. A tseba hantle ka moo re leng lehlohonolo ka teng mme a tseba molemo oo re ka o unang ka ho sebetsa ka thata.
Mohlomong Afrika Borwa ha e na mokgelo o moholo mehlolong e tshabehang eo ho hlolang ho buuwe ka yona ditabeng. Joyce ka mora hore a tshwarehe hampe naheng ena, o re o feletswe ke tshepo.
"Ke bona ekare menyetla ya ka ya ho ba le bokamoso bo botle lefatsheng e fedile," ho bolela yena.
"Ke hlokometse jwale hore bophelo ba ka ke sefaha sa masisapelo feela ho isa lefung."
Sena se tla etsa hore bahlorisi ba hae ba ikutlwe ekare ke bahale. [s]
TLALEHO E IKGETHANG
E ne e ka ke dilemong tsa bo 1980, o tjhesitswe lore ka lebidi.
BONA SESOTHO July 2008
Senokwane se seng se tshwerwe ke mapolesa.
Ba baleha mapolesa.
Lebenkele le setse le le feela.
Na ke kamohelo ya Maafrika Borwa?
WENA O RENG
Ke mang ya tshehetsang ditlhaselo tse? Re ka etsa jwang ho netefatsa hore di se etsahale hape? Re bolelle maikutlo a hao - wena ho etsahetse eng bophelong ba hao, re qoqele, hape o bona tharollo e le efe. Ngolla ho: Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060.
BONA SESOTHO July 2008
TLALEHO E IKGETHANG
FEDISA MOFEREFERE!
Lentswe la Mohlophisi wa BONA, Force Khashane...
KE DILEMO tse 14 ANC e hapile dikgetho - mme Maafrika Borwa a kgathetse ke ditshepiso! Afrika Borwa e fetohile lefatshe la diketsahalo, mmuso o shebane le bobodu ba ona le ho etsa diphetoho tse se nang taba jwalo ka ho tjhentjha mabitso a dibaka, Koekemoer Weg e be Thokozani Avenue, o lebale ka rona.
Ba a lebala hore batho ba ba kgethileng ba sa ntse ba dula mekhukhung e kang ya Kliptown, moo ho sa tswa shwa batho ba bararo ha ho ne ho hlasetse letshollo le tshabehang haufinyane.
Ka nako eo BONA e neng e etetse mekhukhung ya Kliptown - leeto leo ke etsang boipiletso ho baetapele ba ANC hore ba ke ba le nke ho ya bona moo batshehetsi ba bona ba dulang teng - re fumane batho ba sa ntse ba kopanetse pompo e le nngwe. Ba sebedisa dibakethe tsa matlwana. "Ke fihlile mona ka 1983 mme ke sa ntse ke dula mokhukhung le kajeno," o boletse jwalo mosadi e mong eo re mo fumaneng moo.
Ke nnete batho ba halefile. Empa matswantle ona a entseng? Leha ba ne ba le siyo, maemo a ka be a ntse a le tjena. Hape sheba ka moo mmuso o etsang ka teng... o sa ntse o nyatsa batho ba bang bao o sa ba tsebeng le ona, hobane feela ba sa batle ho tobana le mathata ana mme ba lokise maemo a baahi ba naha ena?
Mme haeba ho ne ena le mekenella, hobane batho ba sa itlhahlobe bona pele? Ke mang ya unang molemo ha matswantle a hlekefetswa?
Nahana feela. Ke mang ya fumana molemo ha mmuso o sa phethise ditshepiso tsa ona, o nkga lefotha bobodung empa batho ba ntse ba re ke bokwereks ba etsang bonokwane, ba etsang hore baahi ba se ke ba fumana mosebetsi?
Ho nyatsa ba bang - kapa ho kgothatsa ba bang ho ba nyatsa - ke mokgwa o motle wa ho pata bofokodi ba hao, na ha ho jwalo?
Ho sa kgathalle hore ho etsahetse jwang, a re tshepeng hore moferefere ona o tla phakisa o fele. A re tshepeng hore bongata ba Maafrika Borwa a tla lwanela hore sena se fediswe.
Sheba dikoranta mme o tsebe hore: sena ke se ka nnang sa etsahala le ho rona kamoso. Jwalo ka ha ba hlasela bao ho thweng ke makwerekere kajeno, hosane ba tla hlasela bomang?
Ha ho motho ya bolokehileng tlasa maemo ana hobane bana bao e leng mahlatsipa kajeno, ba ka nna ba ba maemong a matle hosane, ho sa natswe morabe.
Dula o nahana: "Hore o utlwile ho thwe matswantle a baka mathata mme seo ha se o ame ka letho - hape ha o a hlekefetsa motho." Jwale ha ho letho leo o ka le etsang.
Potso ke hore, ke mang ya tla o thusa mohla baahisane bao ba hao ba o hlaselang hobane ho thwe o kena kereke esele kapa o tshehetsa mokgatlo osele wa dipolotiki?
BONA SESOTHO July 2008
