sotho.146.career
Mesebetsi
Occupational therapy
OCCUPATIONAL therapist e bohlokwa haholo ho tsa kalafo. Setsebi sena se thusa batho ba lemetseng kapa ba kulang e le basebetsi. E sekasekana le mahloko a kang a latelang: ho shwa lehlakore, lefu la masapo, mathata a masole a mmele, ho kula ka kelello, ho tjha, ho lemala dipapading, mathata a bakilweng ke ho beleha, kgolofalo mmeleng esitana le mathata a ho ithuta.
Andiswa Gowa o ne a qale mosebetsi ona sepetleleng sa mmuso sa lebatowa. Kajeno o se a itshebetsa mona toropong ya Thekong...
n A ko re kumele tsa mosebetsi wa hao. Mosebetsi wa ka ke ho hlahloba bakudi bakeng sa mekgatlo le dikhampane molemong wa bona bakudi bao kapa mekgatlo eo mapapi le melemo e kang ditlhapiso tsa diinshorense, Letlole la Dikotsi tsa Mebileng, kapa hona ho hlahloba hore motho ya itseng o se a loketse ho boela mosebetsing kapa tjhe ka mora ho lemala kapa hona ho kula ho itseng.
Nna ke hlahloba hore motho o ebe a se a loketse ho sebetsa kapa tjhe ka mora ho kula kapa ho lemala.
n Ke e fe phephetso e kgolo mosebetsing ona" Ho sebatsana le batho ba holofetseng mmeleng, ke yona phephetso e kgolo eo ke e bonang. Bokudi ba bangata, ha ba na letlole la thuso ya kalofo, ka hoo, ha ke kgone hore ke dule ke bonana kgafetsa le bona, empa leha ho le jwalo, ke netefatsa hore ke ba romela dipetleleng kapa ditliliniking tsa mmuso hore ba nne ba lekolwe maemo a bona teng.
n Ke eng e o thabisang" Ke sebetsa hape le ka bana ba nang le mathata kgolong ya bona. Ke thaba haholo ha motho wa teng a se a kgona ho etsa seo a neng a sa kgone ho se etsa.
MENYETLA MOSEBETSING ONA
O ka sebetsa dibakeng tse kang dipetlele, dibakeng tsa tsoseletso ya semelo, dikampong tsa sesole, merafong, mekgatlong ya tsa thekolohelo, lehaeng la maqheku, ditliliniking, mekgatlong e sebeletsang setjhaba le dikolong tse ikgethang.
Mekgatlong ya poraefete teng o ka sebeletsa dikhampane tse kang tsa diinshorense - e leng se etsang o sebetse ka bana le batho ba baholo.
THUPELLO
Ntle le thupello, o tlameha o be motho ya kgonang ho emelana le maemo ohle. O be motho wa batho, o tsebe dithuto tsa mahlale, o kgone ho hlahloba hore motho o phetse hantle mmeleng le kelellong. O tlameha ho kgona ho nka qeto e nepahetseng, o be le mamello hape o be le thahasello ya ho ntshetsapele sebaka sa heno, o be le lerato le kutlwelobohloko, o be motho ya sebetsang ka thata ya ratang batho.
Occupational Therapy ke degree ya dilemo tse nne. Ho ka amohelwa dithutong tsena, ho ya ka diyunivesithi ho fapana. Lengolo la materiki le a hlokahala.
Dithuto tsena di a fumaneha diyunivesithing tse ngata.
MOPUTSO
Jwalo ka mafapheng ohle, moputso o ya ka hore o sebetsa indastering e fe.
Ha o sa qala, o ka qala ho R7 000 ho ya ho R8 000 ka kgwedi. Ha o sebeletsa indasteri ya poraefete o ka amohela R10 000 ho ya ho R20 000 ka kgwedi. [s]
Ho thusa batho ba lemetseng le ba nang le mathata kelellong hore ba kgone ho boela ba iketsetsa dintho hape, ke mosebetsi o boima, empa o thabisang
BONA SESOTHO - June 2007
Occupational therapy e boele e thuse le bana ba nang le mathata a ho ithuta.
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho BRETT FLORENS
Bakeng sa dintlha tse ding
Letsetsa: OTASA: 012 644-0312
kapa o kene ho Website:
www.otasa.org.za
BONA - August 2005
