sotho.1468.famous
BONA SESOTHO - November 2007
Ba latela ditoro tsa bona
WALTERIQUE Sandows o dilemo di 12, o bala Grade 6, empa o se a tumme! Ke e mong wa dinaledi tse sa leng nyane tsa lenaneo la Famous ho SABC 2. Ntho e pele ho yena ke ho ba le nako ya ho ithuta.
"Ke hlolohellwa metswalle le ho bapala netball," ke yena eo. "Empa he di ngata dintho tse qabolang ho TV.
"Haesale ke hahlaula re tsamaya re bapala ho tloha ke le dilemo di robong feela. Sena ke seo ke ratang ho se etsa ha ke qeta sekolong."
Walterique, ya dulang Florida Joburg, o se a hapile metale ya silivera le ya bronze mane Los Angeles ngwahola tlhodisanong tsa World Championships For Performing Arts - kwano lapeng ke ne ke kgone ho ba e mong wa dinaledi tse tsheletseng tse neng di hlokahala ho Famous!
Pale ena ha e bue ka ditshomo, e bua ka dintho tsa nnete, ho rialo mohlahise wa yona Nina Sabbagha. Ho sebetsa ka thata ke hona ho atlehisang.
Jwalo ka ha hangata dibohodi tsa TV di kgethwa ke babohi, empa Famous yona e ile ya iphumanela bona bana bana mme ya ba beha leihlo le ntjhotjho kgwedi tse tsheletseng kaofela, ba ithutela dipapadi tsa kalaneng, ba hatisa le dipina le di-video tsa mmino.
Maikemisetso
"Bana bana ba itshwanela le bana bohle ba tswang setjhabeng le mahaeng a fapafapaneng mme kaofela ha bona ba na le toro e le nngwe feela, ya ho kena ho tsa boithabiso," ho rialo Nina.
"Ba bohwa ke dimilione tsa bana ba bang ba nang le ditoro tse kang tsa bona mme re ba bontsha hore na ba ka di fihlela jwang ditoro tseo tsa bona."
Ba dutse ba hatisa dikgaolo jwalo ka Meqebelo mme ka matsatsi a phomolo ya lehlabula ba tla hahlaula le naha ka bophara.
"Ke se ke tatile," ho rialo Katleho Sinivasan ya dilemo di 16, eo e leng moithuti National School Of Arts mane Jozi. Ke motswala wa Pabi Moloi, ya neng a qale ho hlahella mananeong a mantsiboya a theleveshene ya ha SABC.
Pele ho Famous, haesale Katleho a ntse a kenela diteko tsa dipapatso le bobohodi ho TV - mme jwale o sebedisa metsotso e mmalwa jwalo ka mora sekolo ho ithuta ho tjeka le ho bina.
"Ha ke no bapala ka monyetla ona," ke yena eo. "Ba bangata batho ba nang le talente, empa o hloka lerato le tla o etsa o hlokomelehe.
"Ha ke bo tshabe bonaledi. Sekolong ke ithuta mmino, ho tjeka le ho ba sebapadi, mme tseo tsohle ke fihlile ka di etsa ho TV.
"Ke rata ho ba le setlabolane sa albamo dilemong tse pedi pele ke qeta materiki."
Dintho tsa hae di a kganya. CD ena ya bona e hatisitswe le hona ho phatlalatswa ke khampane e kgolo ya EMI-CCP e hatiseditseng dikakaba tse kang Rebecca, Ntando, Mandoza le Ringo.
Setaele
Setaele ke yona tsela ya ho bapatsa matsatsing ana jwalo ka ha dipatlisiso di bontshitse hore batswadi ba sebedisa tjhelete e ka bang R20b ka selemo diaparong, mminong esitana le difiliming bakeng sa bana ba bona ba dilemo di 10 ho ya ho tse 18.
Ena ke ntho e etsahalang lefatsheng ka bophara. Filimi e bohwang haholo ke batjha Amerika ke Disney's High School Musical, eo ho yona dibapadi tse pele e leng batjha ba sa tumang.
E feta tsena tsa Hollywood hole. E se e entse dibilione tsa ditolara ka ha e bapatsa dintho tsa kang diaparo, di-CD, di-DVD esitana le dipapadi tsa kalaneng.
Famous e rata ho hapa dimilione tsa bana, e ba etse ba e rata jwalo ka ha ba rata dinaledi le feshene ya Amerika.
Sephetho
Kamogelo Nche, ya dilemo di 12, o ne a sebedise motjeko wa Chris Brown filiming ya Hollywood Stomp The Yard a bina le pina ya Mario, Let Me Love bakeng sa diteko tsa Famous.
"Ke ne ke tshohile," ke yena eo. "Ke ne ke qothisana lehlokwa le makgolokgolo a bana ba bang. Ke ne ke batle ke ikgula."
Kamo, eo ntatae e leng rakgwebo Johannesburg o bolela hore sehlopha sena se setjha se a bo tseba bokamoso ba sona.
"Re qadile re sa tsebane, empa jwale re se re le sehlopha," ke yena eo. "Afrika yohle e shebella rona ho TV.
"Leha re sa le banyane, empa babohi bona ba lebeletse hore re be maemong a dinaledi tsohle tsa difilimi tsa TV.[s]
Ba tumme" Re tla bona...
LE LETSHEHADI: Walterique Sandows.
Ba tsheletseng ba ikemiseditseng - ho TV...
KA HODIMO: Katleho Sinivasan.
pale ka DOUG GORDON
Ke mang ya tummeng"
Batjha ba tsheletseng ba Famous! ke...
Paige Stroobach (14)
Ditoro: Ho ba le CD ya mosollane le ho ba ngaka.
O re: "Ntho e nthabisang haholo ke ho ba le metswalle."
Zelda van Staden (16)
Ditoro: Ho atleha mminong.
O re: "Ke rata lelapa leso. Re a utlwana, ke a ba rata!"
Kamogelo Nche (12)
Ditoro: Ho tjeka, sebapadi sa dipale le sa baskeball.
O re: "Ke a itshepa mme ke rata le ho etsa metlae."
lWalterique Sandows (12)
Ditoro: Ho ba sebini.
O re: "Ke rata ho qoqa le ho ithabisa."
lZara Ally (14)
Ditoro: Ho atleha ho sohle seo a se etsang.
O re: "Ke ikemetse mme ke iketsetsa sohle ka bonna.
lKatleho Sinivasan (16)
Ditoro: Ho ikahela lebitso indastering ya TV.
O re: "Ke leqhwele ke bile ke lerata. Ke rata ho ba le metswalle mme ha ke thabele ho ba lapeng ka Labohlano bosiu."
LE LETSHEHADI: Kamogelo Nche.
