sotho.1465.ibv
Ba ne ba ithabisa!
Bana ba kojwana di mahetleng ba ithabisa ka dipapadi
DINONYANA di ne di dula batho mona Thekong moketeng wa Inaugural Children's VIP Day, moo bana ba ka hodimo ho sekete ba neng ba fetohile marena le mafumahadi, ba kopane mmoho le batho ba maemo ba kang dinaledi tse pele mmoho le borakgwebo.
Batjha ba dilemo di pakeng tsa tse hlano le tse 18, ba ne ba thabetse ho kopana mahlomahlong le dinaledi tse kang Leleti Khumalo wa Generations, dibini tse kang Jae, Verd le Melanie Lowe, Dub wa lenaneo la bana la TV le banyalani ba pale ya Isidingo, Tshepo Maseko (Parsons Matabane) le Hlubi Mboya (Nandipha Sithole).
Bana le ba bang ba ne ba bontshe tshehetso e kgolo letsatsing leo la bohlokwa la bana le neng le hlophisitswe ke International Bank Vaults (IBV) ka ho tla ba thabisa nakong e etsang hora.
Ho ne ho le monate, ba ithabisa ka dipapadi tsa mefutafuta le metlae, athe dino le diseneke di ne di fumaneha.
Children's VIP Day, e ne e hlophiswe ke Ashok Sewnarain, wa IBV, ya neng a bone tlhokeho ya ho tshehetsa bana bana ba itlhophereng ba KZN. Puong ya hae le bona, o tobokeditse dintlha tse ngata tse amang maphelo a bona.
"Mokete ona o atlehile ka tsela eo re neng re sa e lebella," ke yena eo. "Batshehetsi ba rona ba re thusitse ho atlehisa letsatsi lena hore bana bana ba ikutlwe e le marena le mafumahadi a mohla monene," ke yena eo. "Ke tshepa hore bohle ba ne ba natefetswe." [s]
Sebapadi sa cricket, Hashim Amla o saenela batshehetsi lebitso la hae.
Dibini tsa lehae, Jae le Verd le bona ba ne ba tlile ho tla thabisa bana bana.
BONA SESOTHO - June 2007
Thinus Dreyer wa ha ABSA (le letshehadi) le Mukthar Khan ba fa bana bana ba palameng Baby Fire Truck e kgannwang ke Fernando Da Silva dipompong.
Moeti wa bohlokwa, John Samuel, mohlanka wa phethahatso wa Oprah Winfrey Leadership Academy (wa bobedi ho tloha ho le letona), o ne a qhanolotse le bonkeka mona Clover tea garden.
Tshepo Maseko, Nandipha Sithole le Leleti Khumalo ba thabile le bana bana.
Molaodi wa projeke ya Childrens' VIP Day, Dipika Maharaj mmoho le Hlubi Mboya wa Isidingo le Leleti Khumalo wa Generations.
Ntle le kalafo, ba ha Netcare le bona ba ne ba tshehetse, ba etsa metlae le hona ho itaka difahleho le bana bao.
Anthony Wakaba Mutheki ke yena ya neng a thusa bana bana ho itaka difahleho.
ya hao ka molao
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
Mathata a inshorense
MATHATA: Ke ne ke nke pholisi ya inshorense ya R150 000 bakeng sa tshireletso ya fenetjhara le thepa e nngwe ya ka. Selemong se latelang seo, moeletsi wa ka wa inshorense a mpolella hore o a siya khampaneng eo mme a nkgothaletsa hore le nna ke tjhentjhe pholisi ya ka e iswe khampaneng eo ya hae e ntjha. Ka dumela mme ka kopa hore ho eketswe boleng ba pholisi ena ebe R250 000.
Ho fetile dibeke tse tharo jwalo ke sa fumane tokomane e ntjha ya pholisi eo ya ka ho tswa ho yena kapa hona khampaneng.
Ka mora matsatsinyana, ka kenelwa ke dikebekwa tsa thuba motseng wa ka. A boela a nthusa ho tlatsa diforomo tsa ho fumana matshediso a tshenyehelo eo, a romela khampaneng.
Khampane ena ya inshorense ya hana ho mpatala hobane ba re ke tlameha hore ebe ke na le alamo e hokahantsweng le ba khampane ya balebedi, eo nna ke neng ke se na yona.
Ka ba hlalosetsa hore moeletsi wa ka ha a mpolella taba eo mme hape ha ke so fumane le tokomane ya pholisi ya ka, ka hoo, ha ke tsebe hantle ka maemo a yona. Ka mora matsatsi a 45, ka fumana tokomane eo ya pholisi posong, ya ba hona ke qalang ho bala ka maemo a pholisi ya ka.
Nka etsa jwang ho buseletswa tahlehelo ya ka""
KELETSO YA SCORPION:
Ha moeletsi wa inshorense a tjhentjhela pholisi ya motho ho tloha khampaneng e nngwe ho ya ho e nngwe, e lokela ho tsamaya le maemo a yona a le jwalo ka ha a le jwalo.
Ha ho hlokahale hore ho tlatswe diforomo tse ntjha pele o ka romellwa tokomane e nngwe.
Empa ha ho ekeditswe tjhelete ya inshorense, ke hona moo ho tlamehang hore ho etswe tumellano e nngwe e ntjha. Ha ho ena le diphetoho pholising, moeletsi le khampane ba lokela ho tsebisa monga pholisi ka tsona hanghang.
Ha ba sa etsa jwalo, ke bohlaswa bo tshabehang. Ho a swabisa hore khampane ya inshorense e hanne ho lefella tahlehelo ya hao mme ho ya ka ba ha Scorpion Legal Panel, o na le nyewe e utlwahalang kgahlano le bona mmoho le moeletsi eo. Ke taba e thata mme re o eletsa hore o kope thuso ya leqwetha le tla sekaseka nyewe ena ya hao mme le o thuse ho qosa khampane eo. [s]
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
SE NKILWE KE SEBONTSHI
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
BONA SESOTHO - June 2007
