sotho.1464.legalmar08
SE NKILWE KE SEBONTSHI
Ho tahwa mosebetsing
BOTHATA: Jwalo ka HR manager ya khampane, ke tlameha ho tobana le mathata a basebeletsi ba tlang mosebetsing ba tahilwe kapa ba nwellang mosebetsing. Molaodi e moholo o hatella hore batho ba jwalo ba lelekwe hang hang. Ha ke dumellane le yena. Ke sefe se ka etswang-
KELETSO YA HA SCORPION:
Ho lelekwa hang hang ho bolelwang ke molaodi kapa leha e le mosebeletsi ofe feela, ho kgahlano le molao wa Basic Conditions Of Employment Act (BCEA) esitana le wa Labour Relations Act. Ho tlameha ho fuputswa se etsahetseng, ya amehang a qoswe hantle mme a be a bitsetswe komiting ya kgalemo.
Ho hlakile mona hore diphuputso tsena di tlameha ho etswa ke motho ya nang le bokgoni, ya tla tseba ho hlahloba hantle hore na e feela mosebeletsi eo a ne a le tlasa tshusumetso ya tahi kapa a ne a tahilwe.
Taba ya pele ho tlameha ho hlahlobisiswa hore sena se etsahetse jwang. Re bolela le ho hlahloba mabaka a kang maikemisetso a ho nwa hoo.
Mosebeletsi ya tlang mosebetsing a nkga jwala, ha ho bolele hore o tahilwe kapa hore o fetisitse tekanyetso ya 0.05%. Motho ya etsang ditlhahlobo, o tlameha ho bona hore na motho eo ya amehang a ke ke a kgona ho etsa mosebetsi wa hae ka nepo ka lebaka la tahi eo.
Ho tlameha ho shebisiswa tjhebeho ya hae - hore na e be o nkga jwala- O a shwashwatha ha a bua- Haeba ho se bobebe ho nka qeto, mosebeletsi eo o tlameha ho etswa diteko tsa madi kapa tsa moya.
Haeba mosebeletsi eo tumellanong ya hae ya kgiro o ne a ngotse fatshe hore o a dumela ho etswa diteko tseo, ha a ya tlameha ho hana. Haeba a hana, o tlameha ho hatellwa ka kgang ho etsa jwalo.
Ho tla sebediswa mokgwa o tshwanang haeba ho belaelwa hore mosebeletsi o tlasa tshusumetso ya dithethefatsi. Ho tlameha shebisiswa maemo. Ha ho kotsi haholo ho mosebeletsi wa jareteng ho sebetsa a le maemong ao ha ho bapiswa mohlomong le ya kgannang forklift.
Maemong a fe kapa a fe, tlaleho e tletseng e tlameha ho nkuwa dipaki hape le komiti ya kgalemo e tlameha ho bitswa. [s]
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
ya hao ka molao
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
