sotho.1461.cellphone banking
BONA - August 2005
Ho banka ho tjhentjhile
pale ka PATRICIA McCRACKEN
Wizzit ha e senye tjhelete ka dipapatso empa e romela baselebetsi ho ya batla batshehetsi ba batjha.
Pay-As-You-Go ya NNETE
Diselefoune tse nang le moya wa setswalle di thusa ho bula menyetla ya dibanka ya ho qothisana lehlokwa, ditjeho tse tlase hape ha mathata - a re ketekeng!
HO A THABISA hore ebe ha o sa kgathatswa ke mela e melele ya dibankeng hape ha o tshabe ho utswetswa tjhelete mohla letsatsi la hao la pei! Halofo e ka hodimo ho milione ya Maafrika Borwa e se e banka ka diselefoune mme FNB e tlaleha ha mokgwa ona wa motjha wa 'pay-as-you-go' o ratwa haholo ke beng ba diakhaonto tsa Mzansi le tsa Smart Account.
"Kajeno ha ke sa tshwara tjhelete letsohong ke lefella sohle ka karete, melato ke e lefe ka selefoune," ho bolela Mpho Kgampe (29) wa Joburg, ya sa tswa tjhentjhela ho Wizzit. "E molemo haholo hape ho bonolo ho sebedisa Wizzit."
"Ho tshwana le ho romela SMS," ho bolela Isaac Magakwe wa Pretoria, eo le yena a nang le akhaonto ya Wizzit, lekala la ho banka ka selefoune la SA Bank of Athens.
"Ke ntsha tjhelete ka yona, ke kenye diakhaotong tsa ba bang, ke lefella melato ya ka, ke reke 'air time', ke lefella motlakase le metsi."
Ho ya ka moo Finmark Trust wa Joburg a boletseng ka teng, ho banka ka selefoune ho molemo haholo Afrika hobane batho ba nang le diselefoune ba bangata ho feta ba nang le diakhaoto, hape metjhini ya di-ATM e mmalwa. Ka 2000 Nedbank e ne e hlahise tshebeletso ya pele Afrika Borwa ya ho banka ka selefoune mme Wizzit yona ya qala ka 2005 e ena le tetjheho tse tlase mme ha hirwa basebetsi ba bitswang Wizzkids ba tswang letsholo ho ya rekisetsa batho hohle, malekeisheneng, difaboriking le dipolasing.
Ho sa kgathellehe hore o kgetha Wizzit kapa o batla ho tswelapele le ho banka ka selefoune, empa hona ho tla o tswela molemo hobane o tla boloka R20 eo o ka beng o palame ka yona ho ya bankeng ho ya ntsha tjhelete. O ka etsa sohle o shebelletse TV lapeng, ka nako ya hao ya dijo mosebetsing!
Hape o ka boela wa ntsha tjhelete ho selefoune ya hao empa banka e tla qala ka ho o neha karete ya teng ya motjhining wa ATM eo hape o ka lefang ka yona ha o rekile mabenkeleng a mang.
"Ha o banka ka foune jwalo ka tshebeletso ena ya Wizzit e sebedisang leano la USSD e seng la SMS, ho nka metsotswana e 20 feela ho qeta mosebetsi mme ho bitsa disente tse 20 tsa airtime," ho hlalosa MD Brian Richardson.
"Tshebeletso e a potlaka ha ho tshwane le melaetsa ya SMS eo ka nako e nngwe e keng e o emisa nakwana pele e ka fetiswa hobane e meng e sa le mengata ka pela hao ha tshebeletso eo e sebediswa ka matla a maholo."
Leanong la ho banka ka diselefoune ho sebediswa SMS tse nahg le matshwao le di-e-mails ho tiisa polokeho. Ditshebeletsong tse ding, o ka nna wa tlameha ho reka tse ding tsa diselefoune tsa moraorao tseo nang le 32K SIM card kapa tse kgonang ho sebetsa ka WAP bakeng sa ditlhalosetso tse ding tse ho web - mme ditshebeletsong tsa Standard Bank teng o tla hloka ho sebedisa Internet selefouneng ya hao ke ka hona o hlokang ho ba sebakeng se nang le GPRS. Athe ha o batla dintho tsa motheo feela, Wizzit ke ya hao hobane e hloka selefoune feela e tlwaelehileng.
Ho iketsetsa sohle seo o se hlokang bankeng ho o neha tokoloho - ha feela o ka hlokomela hore ha o etse phoso ya ho kenya tjhelete e ka tlase kapa e ka hodimo ho eo o neng o lokela ho e kenya. Hobane ha seo se ka etsahala, e tla be e le molato wa hao e seng wa banka. Nako le nako pele o phethela, e tla o botsa hore: - "Na o batla ho tswelapele" E/Tjhe" - ka hoo, iphe nako ya ho shebisa hore o fela o entse tsona pele o ka tswelapele.
* MTN e hanne ho buisana le rona ka taba ena leha re e kopile ka makgetlo.
BONA SESOTHO - December 2006
u
t
O hloka feela ID ya hao ho bula akhaonto ya Wizzit.
Ho banka ka selefoune ho ka o thusa kang ...
Molemo 1: Nako
Ho nka metsotso e ka bang meraro ho ya horeng ho ya ka ka moo batho ba e sebedisang ka matla ka teng le hore tshebeletso eo o e batlang ke e boima ho le hokae.
Haeba o kile wa lefiswa mosebetsing ka ho fihla ka mora nako ho tswa dijong hobane o diehile bankeng, o tla tseba hantle hore nako ke tjhelete. Ona ke mokgwa o molemo wa ho boloka nako.
Molemo 2: Tjhelete
Ha Nedbank, ha re etsa mohlala, ditefello tsa teng di tlase leha e le hore ha o kenya tjhelete akhaotong ya hona Nedbank ho bitsa R3. Nedbank leha ho le jwalo e bitsa R14,75 ka kgwedi bakeng sa ditshebeletso - e leng se fumanehang mahala ha jwale ho Wizzit, ha FNB, Standard le ABSA.
Ka kakaretso Wizzit e ditjeho di tlase hobane ditefello tsa ditshebeletso ha di tjhentjhe. Ho sa kgathallehe hore o reka lebese kapa koloi, o tla lefa R1,99 ha o sebedisa 'debit card'. Athe ho banka ka selefoune ho bitsa ho feta moo - ha o kenya tjhelete akhaontong e nngwe ya Wizzit o lefiswa R2,99 ha e se ya Wizzit teng, ke R4,99.
Wizzit e bitsa ka ho fapana ha o hula tjhelete motjhining wa ATM. R500 ke R8,95, athe ha o lefa ka karete ho bitsa R1,99. Ho sheba hore o na le bokae ho ATM ho bitsa R4,99 bakeng sa 99c ho selefoune - empa ha FNB, teng ho bitsa 50c.
Ha o hloke tjhelete e itseng akhaontong ya Wizzit empa e na le tjhelete e lefshwang ha o bula akhaonto, e leng R39,99. E ngata ha e tshwantshwa le R20 eo motho a bulang ka yona akhaontong ya Mzansi, empa Wizzit e dumela ho hula thelete e itseng jwalo ka kgwedi e leng seo Mzansi e sa se etseng.
Molemo 3: Mathata
Ho banka ka selefoune le hona ha ho etsahale ha dikhomputara tsa bankeng di sa sebetse kapa o se na network kapa airtime. O ka boela wa leka hape ha o fumana monyetla.
Dipotso tsona, o tla hloka ho letsetsa ho 'call centre'. Ha o kgetha ho banka ka selefoune feela, jwalo ka Wizzit, netefatsa hore o tla buisana le ba 'call centre' e seng basebetso ba bankeng.
Ditshebetso tsa mohala tsa Wizzit di fumaneha ka dipuo tse 11 tsa semmuso mme ka dihora tsa mosebetsi tsa ha FNB. Nedbank ho buuwa Senyesemane feela ha tse ding ho ena le Seburu.
Molemo 4: Ho lemala le ho lahlehelwa
"E ka ba dipersente tse 65 tsa meputso tse sa ntseng di lefswa ka tjhelete letsohong mme e mong wa batshehetsi ba rona ebile lehlatsipa - a utswetswa tjhelete makgetlo a mane ka selemo pele a bula akhaotong ya Wizzit," ho bolela Richardson. "Ho kotsi ho tsamaya ka tjhelete letsohong, o ka nna wa bolawa."
Ha o banka ka selefoune, qala ka ho botsisisa hore ho tla ba le 'software' e tla hloka ho kenngwa mohaleng wa hao pele o ka sebetsa kapa tjhe. Ha ho le jwalo hona ho ka nna ha etsa hore tjhelete ya hao e se bolokehe mohlomong ha o ka lahlahelwa ke foune eo.[s]
BONA SESOTHO - December 2006
Ho banka ka selefoune ho tla mpitsa bokae"
1. Ditjeho tsa ditshebeletso.
2. O lefella ditjeho tsa 'network' tsa nako eo o e dutseng moo (Internet) kapa o lefelle SMS kapa USSD.
3. Ditjeho tsa ditshebeletso tsa
banka tsa kgwedi
le kgwedi ha di le teng.
