sotho.1451.career
Mesebetsi e metle
KGWEBO YA bohahlaudi e na le seabo sa bohlokwa kgolong ya moruo wa Afrika Borwa. Naha ya habo rona e ratwa haholo ke bahahlaudi mme e na le dibaka tse ntle - meetlo e fapaneng e bileng e tebileng haholo eo re ka ikgantshang ka yona, athe e na le pale e hapang maikutlo mmoho le dipolokeho tsa diphoofolo tse ratwang haholo ke baeti.
Le baahi ba naha ena ba se ba rata ho etela dikarolo tse ding tsa naha. Batho ba bangata ba kgetha ho eta ka dihlopha mme ke hona mona moo motataise wa bahlahlaudi a hlokahalang.
Boikarabello ba hae ke ho etella pele sehlopha seo sa bahahlaudi ha se eya dibakeng tse ngata tse fapaneng mme hape a etse hore ba natefelwe ke leeto hore ebe leo ba sa tlo hlola ba le lebala le kgale le bileng le bolokehileng.
"Motataise eo e ba motho wa bohlokwa haholo kgokahanyong ya tsa bohahlaudi. Ke yena ya etsang phapang e kgolo, hore leeto le be le katleho kapa tjhe," ho bolela Uveshnee Ragavan, Provincial Registrar, Tourism KZN.
"Tataiso ena e ka nka dihora tse 24 tsa letsatsi, matsatsing a supileng a beke. E kenyelletsa le ho kopana le batshehetsi ba hao, o etse hore ba ikutlwe ba bolokelehi, o be le mekgwa e itseng ya ho rarolla mathata ao le kopanang le ona leetong la lona.
"Ntho ya bohlokwa haholo leetong lena ke polokeho ya baeti. Ke bona boikarabello bo boholo ba motataise wa bahahlaudi. Ka nako e nngwe ho ba le maemo a tshohanyetso mme motataise o lokela ho dula e le malala-a-laotswe, mohlomong ha ho hlaha dikotsi, motho a lemala."
Batho ba kgethang mosebetsi ona ba lokela ho ba motlotlo ka ho bontsha ka dintho tse ntle tsa naha ya habo bona. Thabo Mokgope, ya neng a hlolwe ho makgaolakgang a tlhodisano ya batataise ba bahahlaudi ba KwaZulu-Natal ka 2005, ke e mong eo o ke keng wa iphapanyetsa yena.
O ne a etsa mosebetsi ona ha nakwana, a tsamaela haholo malekeisheneng. Dilemong tse nne tse fetileng a qala ho sebetsa ka ho feletseng, a hirwa ke khampane e neng e batla ho isa baeti ba yona le malekeisheneng.A ntshetsapele dithuto tsa hae mme jwale o se a ena le NQF Level 4 tataisong ya bohahlaudi, e leng maemo a mo dumellang hore a ka sebetsa naheng yohle.
"Motataise wa bahahlaudi o lokela ho ba le tsebo e ntle ya sebaka seo a isang baeti ho sona mme a hlophise hantle le se tla etswa moo," ho bolela Thabo. "O lokela ho ikemisetsa ho ithuta letsatsi le letsatsi."
Thabo o se a kile a felehetsa bahahlaudi ba tswang dinaheng tsohle tsa lefatshe. "Ke bona ekare ho bohlokwa hore o thehe setswalle pakeng tsa hao le bona mme kaofela le qetelle le le sehlopha sa metswalle mme leeto leo le ba monate haholo."
Menyetla ya mosebetsi
Ho ya ka maemo a thuto le seo o ithutetseng sona.
Ho fihlella jwale ho na le dikarolo tse tharo tsa bohlokwa: ba sebetsang dibakeng tse itseng feela, tikolohong le ba sebetsang naheng yohle. Hara tsona kaofela ho na le mefuta e fapaneng ya tataiso e hlokahalang:
nTataiso ho tsa tlhaho: E kenyeletsa le ho ya dibakeng tse nang le diphoofolo le dinonyana.
nTataiso ya tsa meetlo: E kenyeletsa ho qoqa dipale, ho ya malekeisheneng, le moo ho nang le pale ya setjhaba le tse ding.
nBohahlaudi ba ho ithuta dintho tse ntjha: Ho kenyeletsa le ho hlwella dithaba, ho tsamaya leqhweng le tse ding.
Moputso
Moputso o fapana ho ya ka thuto, boiphihlelo le mokga wa bohahlaudi o sebetsang ho ona. Ha o sebetsa ka ho feletseng, o ka nna wa fumana moputso wa ho tloha ho R3 500 ho ya ho R15 000 ka kgwedi.
O be motho ya jwang
PYa ratang ho intsha ya bileng a itshepang, ya kgonang ho qoqa le batho ba maemo a fapaneng.
PO be le tsebo mme o ikemisetse ho ithuta
PO be le boikarabello
PO kgone ho etsa dintho tse ding
PO be le boswaswi, o be le mamello
PO tsebe taba tsa hao hantle hape o hlonephe nako.
Maemo a thuto
O hloka lengolo la thuso ya pele, o be dilemo di ka tlase ho tse 21 mme o be moahi wa Afrika Borwa. Lengolo la materiki le lokile empa ha le bohlokwa hakaalo empa o lokela ho tseba ho bua Senyesemane hantle. Tsebo ya dipuo tse ding le yona e tla o tswela molemo.
Ka molao, batataisi bohle ba bahahlaudi ba lokela ho ingodisa tlasa lefapha la tsa bohahlaudi ba lebatowa. Ka nako e nngwe ba ka nna ba sebetsa lebatoweng leo ba rupelletsweng ho lona feela le leo ba ngodisitsweng ho lona.
Ha jwale ho na le maemo a mabedi a thuto ao motho a ka ingodisang ka ona: a national certificate in tourism, guiding NQF2 le NQF4.
Ho ingodisa jwalo ka motataise wa bahahlaudi ba lebatowa kapa naha, o hloka bonyane mangolo a thuto a NQF4.[s]
BONA SESOTHO - May 2006
Boikarabello ba motataise wa bahahlaudi ke ho ba etella pele ho ya dibakeng tse fapaneng mme a netefatse hore ba a natefelwa hohle moo ba fihlang, ba dula ba bolokehile hape ba fumane le ditlhalosetso tsohle tsa bohlokwa
"Motataise wa bahahlauddi o lokela ho ba le tsebo e ntle ya sebaka seo ho uwang ho sona," ke Thabo eo.
Ikgantshe ka naha ya heno
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
KA HODIMO: Ho tataisa bahahlaudi ho bolela hore o lokela ho ba le tsebo ya e itseng ya dintho tse ngatanyana.
LE LETSHEHADI: "Ho theha setswalle le bahahlaudi ke ntho ya bohlokwa," ho bolela Thabo Mokgope.
BONA SESOTHO - May 2006
'Bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka thupello e amohelehileng le boingodiso o ka letsetsa:THETA nomorong ena: 011-803-6010.
