sotho.144.career
SE SEHOLO: "Ha ho ntho e monate mosebetsing ona jwalo ka ho hapa mojaho," ho rialo Denny Smith.
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
JOKI, Denny Smith ha a kgone ho bala mejaho eo a seng a e hapile dilemong tsena tse robedi tse fetileng. O hopola ka moo a neng a fihlele qeto ya ho kgetha mosebetsi ona o nang le phephetso ka teng. Malome e ne e le motho ya ratang mejaho haholo. Ke ne ke le mokgerane, a nkeletsa hore nka loka ho ba joki. Ke ne ke sa e bone hantle taba eo, empa ka leka metsi ka lere.
"Ke ne ke kenye kopo ya ka ho Racing And Equestrian Academy mane Summerveld, haufi le Thekong mme ka iswa ditekong tse neng di nke dikgwedi tse tsheletseng, ka mora moo, ba nkamohela.
"Ke ne ke hlile ke tshohile mohla ke neng ke qala ho iphumana ke le hodima pere, empa ka phakisa ka tlwaela, ka qala ho di rata dipere. Moo sekolong, re ne re rutwa ka dipere tse neng di se di tsofetse mme e re ka mora dikgwedi tse 18 re nkuwe re iswe lekoteng ho ya ikwetlisetsa teng.
"Ha ba se ba bona hore re se re butswitse, re kengwa mejahong. Ke ne ke qale ho palama mojahong wa mohla 16 Phujane 1998. Leha ke sa ka ka hapa mojaho oo, empa ke ne ke thabile ho feta ka moo nka bolelang! Selemo sa pele se ne se le boima jwalo ka ha o ne o tlameha ho hapa mojaho hore o tsebisahale. Ke ne ke thabe ho feta tekanyo mohla ke neng ke hapa mojaho lekgetlo la pele.
"Ho tloha hoo, ka qala ho hapa mejaho e mengata haholo, ha ho ntho e thabisang ho feta ho hapa mojaho. Sena se o neha boitshepo."
Denny mosebetsi wa hae o mo isitse dinaheng tse ngata. Ntle le Afrika Borwa, o se a ile a jaha dinaheng tse kang Mauritius, Dubai, Qatar, Bahrain le Kenya.
"Ke leka ka hohlehohle ho fumana boiphihlelo mosebetsing ona jwalo ka ha ke se ke ile ka jaha le mose ho mawatle, empa ke motlotlo ho kgutlela Afrika Borwa ha monyetla o jwalo o fihla," ke yena eo.
Monyetla ya mosebetsi
"Ba bangata batho ba ratang ho ba dijoki," ho rialo Eureka Sewpersadh, wa dipapatso tsa Racing And Equestrian Academy ntlokgolo ya bona mona Thekong.
"Dijoki tse ngata tse nang le boiphihlelo di sebetsa hantle mme di fumana tjhelete e ntle kwano le dinaheng tsa kantle. Dijoki tse pele di a hlokeha. Hona jwale ho na le dijoki tse ngata tsa Afrika Borwa tse bontshang bokgoni ba tsona mane Hong Kong."
O be motho ya jwang
Ho ba joki ke mosebetsi o ikgethang o hlokang ho sebetsa ka thata le ho sebetsa dihora tse ngata. O tlameha ho rata dipere. Ntle le ho ba mosesane, o tlameha ho shahla, o setlele, o kgone ho sebetsa dihora tse ngata - hangata boikwetliso bo qala ka hora ya bone hoseng.
Boikwetliso
Racing And Equestrian Academy ke sona feela sekolo sa dijoki.
Sekolo sena se tshwana hantle le dikolo tse ding tseo ho ithutwang o dula ho tsona, empa sona dithuto tsa sona di tsepamitswe ho palangweng ha dipere.
Hangata baithuti ba qeta dilemo tse hlano pele ba ka kgona ho ba dijoki tsa profeshenale.
Baithuti ba ingodisa sekolong sena mme e re ha ba se ba phethetse dithuto tsa bona, ba nehwe mangolo a tumello ya ho jaha ke mokgatlo o laolang mejaho ya dipere naheng ena o bitswang National Horseracing Authority of South Africa.
Ho ba sa tswelella, empa ba na le lerato la ho ba dijoki, ba nehwa menyetla ya e meng mesebetsi e tshwanang le ho ba barupelli ba dipere kapa bona batshwari ba dibaka tse bolokang dipere tsa mejaho.
O ka nna wa ithutela ho ba mohlokomedi wa dipere sekolong sa teng se bitswang National Groom School.
Dithuto
Tsela eo ba hlwayang ke yona e hlokolosi haholo mme o tlameha ho ba dilemong tse pakeng tsa tse 15 le tse 17 bonyane o be le sehlopha sa bosupa. Boima ba mmele ke ntho ya bohlokwa haholo mmoho le boitshwaro ba moithuti esitana le nalane ya lelapa e bohlokwa (mabapi le boima ba mmele)
Moputso
Baithuti ba ingodisetsa dithuto tsa dilemo tse hlano, empa haeba titjhere e bona hore ha ba so ka ba sutsa, dilemo tseo di a eketswa.
Ba qala ho fumana moputso ha ba se ba palama mejahong e leng se qalang ka mora selemo ho ya selemong le sekoto ka mora ho qala sekolong seo sa thupello. Baithuti ba fumana tjhelete ka mojaho ka mong oo motho a palameng pere ho ona mme ha motho a hapile mojaho kapa a tswile maemong a bobedi ho isa borarong, o fumana karolwana e itseng tsa tjhelete e hapilweng ke pere eo.
Tjhelete eo ya bona e kengwa ho akhaontong ya kahisano (trust account) mme ba e nehwa e se e le kaofela mohla ba qetile dithuto, e se e le dijoki tse phethahetseng.
Tjhelete e a fetana ho ya ka boiphihlelo le bokgoni ba motho, o ka fumana ho tloha ho R5 000 ho ya ho R30 000. Ho hlakile hore joki e seng e na le boiphihlelo e fumana moputso o hodimo. Bongata ba bona bo a itshebetsa mme ba fumana tjhelete e tlohang ho R12 000 ho ya ho R70 000 pele ho lekgetho. [s]
Mesebetsi e metle
Haeba o le mokgutshwane, o le mokgerane, o rata mosebetsi wa kantle le dipere, ona ekaba mosebetsi wa hao...
BONA SESOTHO - September 2006
Ho ba joki
LE LETSHEHADI: Ho ba joki ho thata, empa ke mosebetsi o putsang. Ke nnete, ha se motho ohle a ka bang joki, ho ya ka mmele wa hao!
BONA SESOTHO - September 2006
Bakeng sa dintlha tse ding
Racing And Equestrian Academy e na le makala mona Thekong, Kapa, Port Elizabeth le Johannesburg. Mohala: 031-769-1103; fekese: 031-7691034; Website:
www.theacademy.co.za
email: admin@theacademy.co.za
