sotho.1446.driving
Fihla o bolokehile
Moo mamello e ka o pholosang
HO YA KA ba tsa boipaballo mebileng, "Arrive Alive", lebelo le hodimo ke se seng sa sesosa se seholo sa dikotsi tsa mebileng mmoho le ho kganna tlasa tshusumetso ya tahi. Ho palamisa morwalo o boima ho feta tekanyo le hona ke se seng sa sesosa sa mathata ho ntano latela ho kganna ka bohlaswa - nka re hona ke sesosa sa halofo ya dikotsi tsa mebileng ya habo rona.
Di mmalwa haholo dikotsi tseo o ka reng ho tsona ho ne ho se tsela ya ho di qoba. Re ka re dikotsi tsohle di ka qobeha ha beng ba makoloi ba ka hlokomela makoloi a bona mme ba kganna ka tlhokomelo e kgolo.
Ke ana maele a ka o sireletsang nakong ena ya phomolo ha batho ba bangata ba nka maeto a malelele...
tSe tate, tsamaya o phomola ha o kgathetse.
tSe leke ho iphetetsa ha ho le teng ya o kgannisang hampe.
tSe kganne o nwele jwala hohang.
tO eletswa hore o se hatelle ho batla ho kganna leha o se o kgannile nako e telele mme o kgathetse haeba o tsamaya le motho ya tshepahalang ya nang le mangolo a ho kganna, mo kope ho o thusa.
tPele o tloha, netefatsa hore motho ohle o tlamme lebanta la pholoso.
tSe behe dintho tse kotsi setulong se ka morao hobane ha o kgina koloi ka tshohanyetso, di tla kgutla se ka tholwana ho tla le otla, di lematse kapa ho na ho bolaya batho ba dutseng ka pele.
tHa ho qala ho ba lerotho, o tlameha ho theola lebelo, o kgantshe mabone a maholo mme hape o kgantshe le mabone a tlhokomediso bakeng sa ho hlokomedisa bakganni ba bang.
tO tlameha ho hlokomela maemo a lehodimo mmoho le maemo a mmila oo o tsamayang ho ona. Dintho tse kang kerabole, diesel e qhalaneng mmileng mmoho le pula, di thellisa koloi, e be e lahle taolo.
tQekotsa seipone sena se ka hare kgafetsa ho bona koloi tse o latelang ka morao o tsebe ho di suthela ha ho hlokahala.
tHopola hore lebelo le behilweng moo mmileng ke lebelo leo o ka kgannang ka lona haeba maemo a le matle. Ha pula e na, sephethephethe se le matla, o tlameha ho theola lebelo.
tDula o le sedi o hlokometse mang kapa mang ya ka kgannang bohlaswa, ditaaso kapa tsona diphoofolo tse ka o phatsamisang.
Sa bohlokwa ka ho fetisisa, ke ho sebedisa kelello le ho ba le mamello, hobane o tla bolokeha mebileng, wena le ba lelapa la hao.
BONA SESOTHO - December 2005
Maele a tshireletso mebileng ya rona Keresemeseng ena
Bula sekgeo se lekaneng ka pela hao!
Koloi e lekaneng, e tsamayang ka lebelo la 100km/h, e nang le mariki a sebetsang hantle, e ka nka dimitara tse 163 pele e ka ema. Ha o nyolla lebelo mohlomong ka 30km/h, le sebaka sa ho ema le sona se a nyoloha ka tse ding dimitara tse 100. Ha o matha ka lebelo la 140km/h, e tla hloka dimitara tse 301 pele e ka ema.
Dula o le malala-a-laotswe ha o le mmileng, hobane o ke ke wa tshepela mariking a koloi ya hao feela ka dinako tsohle.
Se seng sa bohlokwa, siha sekgeo se lekaneng pakeng tsa hao le koloi o e latelang - ho pepa koloing o e latelang ho ke ke ha o fihlisa moo o yang ka potlako, empa o ka nna wa qetella o sa fihla hohang.
Se dumele hore sena se etsahale ho wena Keresemeng ena...
O re kumela lekunutu la hae
NAKONG EO Jackson Mathebula a neng a reka koloi ya hae ya pele, o ne a na le ngwana ya dilemo di pedi feela. Kajeno, o nyetse, o bana ba bararo, empa Mathebula yena o ntse a kganna koloi ela ya hae ya mofuta wa Toyota Stout a neng a e reke ka 1965.
Mathebula o bolela hore dilemong tsena tse 40 a kganna vene ena ya hae, ha a hopole a iphumana kotsing - kapa hona ho fumana tekete ya ho matha ka lebelo le hodimo.
O motlotlo hore ha a so ka a iphumana a kganna a le tlasa tshusumetso ya tahi. O re lebelo le hodimo leo a seng a kile a kganna ka lona ke 80 km/h.
"Lebelo le a bolaya," ho rialo Mathebula. "Ha ke eta, ke tloha ka nako ho qoba ho matha mmileng, ke be ke qetelle ke kene kotsing."
Ha a tsube, ha a nwe, o dilemo di 75, ke ntate wa bana ba 12. O ne a reke vene ena nakong eo a neng a bula lebenkele la hae la pele motseng wa Dan haufi le Tzaneen ka 1964. O ntse a e sebedisetsa kgwebo ya hae le kajeno, hape o tsamaisa le sehlopha sa hae sa bolo.
Ka koloi ena o se a tswa le Gauteng, Tshwane, Polokwane, Musina esitana le Nelspruit mane Mpumalanga. Mathebula o re ha se lehlohonolo hore e be koloi ya hae e ntse e tsamaya le ka mora dilemong tse 40. "Ha ho pinyane ya letho hore e be koloi ena e ntse e tsamaya ka mora dilemo tse kana," ke yena eo.
"O tlameha ho e hlahloba kgafetsa, o se kadimisane ka yona hobane koloi ya mang le mang ha e phele nako e telele.
"Mmila ya rona e se e fetohile lepatlelo la mabelo," ke yena hape. "Bakganni ba a jaha mme hape ha ba na mamello. Ba kganna ka hodimo ho lebelo le behilweng, athe ba bang ba bona ba kganna tlasa tshusumetso ya tahi.
"Ke ka hona re nang le dikotsi tse ngata hakana mebileng ya rona - lebelo le jwala ke tsona sesosa se seholo," ho rialo yena.[s]
Neville Maakana/NewsFirst
Hlokomela koloi ya hao
Hlokomela mabidi le mariki a koloi ya hao mme le ona a tla o baballa, wena le ba lelapa la hao.
Moya mabiding o bohlokwa haholo. Mabidi a sa tlalang kapa a tletseng haholo a phakisa ho phumuha. Ha a tsepame mmileng jwalo ka ha a tletse ka tsela ya tshwanelo.
Hlahloba mabidi a hao kgafetsa mme ha o qala o bona a fela ka mmoho, o etse 'wheel-alignment'.
Hlahloba le mariki - haeba o sa tjhentjhe di-pads le di-lining pele di fela, koloi e tla qetella e baka lerata ha e tsamaya mme e hane ho rika ha o leka ho e kgina.
Ha o le leetong le le lelele, kotsi e ka o hlahelang ha se ho fumana kotsi feela, empa le ho shwellwa ke koloi ho kotsi. Koloi ena a hulang tse ding e ka o pholosa dinokwaneng tse kang babolayi, ba betang esitana le mashodung.
Hlahloba mathopo a 'radiator' le 'fanbelt' mme o di tjhentjhe ha ho hlokahala. O se di lahle tsa kgale hobane di ka nna tsa o inola mathateng ka le leng.
BONA SESOTHO - December 2005
pale le ditshwantsho ka GAVIN FOSTER
KA HODIMO: "Ha ke fele pelo mmileng," o rialo mora Mathebula (75) eo o mmonang le vene ya hae ya mehleng ya boholoholo. "Ha bakganni ba bang ba le maphathephathe ba nthohaka, ba letsa le dihutara ke ba nyemotsa feela ke tsepamise kelello ya ka mmileng."
