sotho.1444.sport
Ekaba ke sona seo bolo ya rona e leng sona? Matlakala a mefuta yohle a lahlelwa mabaleng a bolo mme ha ho motho ya batlang ho nka bohato ba pele ba ho tjhentjha maemo ana.
Naha ya
dihlolehi!
Bolong ya maoto le mefuteng e meng ya dipapadi, re na le neo e babatsehang empa hobaneng re sa atlehe? Hobaneng ha ntshetsopele ya dipapadi e tsamaya hampe hakale Afrika Borwa? Pale ka Force Khashane, ditshwantsho ka Molefi Sebatie
BONA SESOTHO November 2008
HO A SWABISA! Ke yona feela tlhaloso eo re ka hlalosang ka yona maemo a bolo ya maoto (le dipapadi tse ding) mane Soweto. Re ne re keteke ka nako eo re neng re dumellwa ho tshwara ditlhodisano tsa Mohope wa Lefatshe wa 2010, empa ha ho motho ya bontshitseng ho kgathalla kaho ya sehlopha sa naha mme Soweto ke sona sebaka se setle haholo seo re ka fuputsang ho sona sesosa sa bothata boo.
Soweto e ne e ka nna yaeba e nngwe ya ditsi tseo ho tshellwang neo e ntjha ya mefuta yohle ya dipapadi. Jwalo ka dinthong tse ding kaofela, meharo le dipolotiki di itshunyatshunya le dipapading tsa makeisheneng tseo mehleng ya pele e neng e le tsona lesedi la setjhaba ntweng ya tokoloho.
Haufinyane ha re etsa mohlala, baokamedi ba bolo ba ne ba tshohe haholo ka nako eo ba bonang matlo a siphoha lebaleng la bolo la mehleng mane Soweto le neng le bitswa Sputnik.
Le ne le le pela Hostele ya Meadowlands mme ke moo ho neng ho hlahelle teng dinaledi tsa mehleng tse kang Neo "City Late" Lichaba le Rhyder Mofokeng.
"Ha ho motho ya neng a re bolelle letho ka kaho ya matlo lebaleng leo," o boletse jwalo mookamedi e mong wa dihlopha tse sa lefellweng, Henry Mchunu. "Re ne re bone ho se ho tjhekilwe meralo ya matlo. Sena se bolaya setjhaba sa habo rona hape se tima batjha menyetla.
Ha re itelela ho monga khampane eo ya matlo ka hore re tla hloka sebaka se seng sa ho bapalla bolo, yena o re: "Lona le kgetha ho ba le sebaka sa ho bapala ho ena le ho ba le sa ho robala?"
Ha fela matsatsi a mahlano re leka ho buisana le Lefapha la Matlo la Gauteng ka taba eo ya Sputnik mme dipuisano tsa nyopa, matlo a ahwa.
Ha re ne re lebelletse hore Afrika Borwa e ntjha e tla ipabola dipapading, ho hlatswa lehlatso la kgethollo ya mmala, empa ho a totobala hore re tswa tseleng.
K E NNETE e tswileng matsoho hore mmuso wa kgethollo o ne o etsa matsapa a ho nyolla maemo a dipapadi - haholoholo dikolong.
Seo re se Soweto moo Altem Secondary ya Orlando East e neng e ntshe dikakapa tse kang Jomo Sono, Kaizer Motaung, Percy "Chippa" Moloi le Ephraim "Shakes" Mashaba.
Ka nako eo lebala la Sputnik le a mang a kang la Orlando, Moroka, Diepkloof, Senaoane, Mofolo, Naledi, Meadowlands, Pimville le Jabavu ho ne ho hlola ho tshwaretswe ditlhodisano tsa mantshano le diliki tsa ba sa lefellweng.
Kajeno, ha se hore ho sentswe mabala feela le ditlhodisano tsa dikolo tse phahameng tse neng di bapalwa ka bo Laboraro esitana le diliki tsa ba sa lefellweng tse neng di bapalwa ka mafelo a beke, ha di sa hohela batshehetshi ba bangata.
Kajeno ho nyametse le batshehetsi ba dihlopha tse nyenyane tse kang Orlando Preston Brothers, Orlando Highlanders, Extension Gunners, Diepkloof Blue Spurs, Pimville Tiny Rockies, Zola Black Dragons, Moletsane Young Tigers, Meadowlands Darkies le tse ding tse ngata.
DIKGOHLANO tse neng di qetelle di fedisitse le mokgatlo wa South African National Football o neng o laolwa ke George Thabe mme ha thehwa South African Football Association di ne di tlise pheletso ya ntshetsopele ya dihlopha tsa ba sa lefellweng tsa Soweto le naheng ka bophara.
Mekgatlo e kang Johannesburg Bantu Football Association (JBFA) le yona ya fella moyeng leha e ne e ahe dinaledi tse kang Zacharia "Computer" Lamola le George "Brains" Mchunu.
"Ho fela ha bopresidente ba neng ba laola dihlopha tsa ba sa lefellweng tsa makeisheneng ho nyopisitse bolo ka hohlehohle," ho bolela Phil Mogodi, mookamedi wa SAFA-Soweto.
"Jwale tjena re sebeletsana le ho ntlafatsa neo ya batjha mme re batla ho kgothatsa batswadi hore ba re tshehetse haholo."
O a dumela hore dihlopha tsa ba sa lefellweng di ne di le mathateng mme o bile o re bopresidente ba dihlopha tsena, bao hangata ba neng ba boetse ba kwetlisa dihlopha tsa bona, ba ne ba sa di laole ka tshwanelo.
"Di ngata dibapadi tse nang le neo Soweto tse mpang di emetse feela hore neo ya tsona e tlo utullwa empa e nyopiswa ke hore SAFA ha e re tshehetse ka tjhelete."
Beng ba dihlopha ba hula ka falese, ba tlameha ho ipatlela tshehetso ya tjhelete kapa ba e bokelletse.
DIKOLO tsona? "Bolo ha e sa bapalwa ka matla mmoho le dipapadi tse ding," o boletse jwalo mosuwehlooho e mong wa sekolo. "Ha ho boinehelo hohang.
Matitjhere a se a lebella ho lefshwa ha a ile a etsa mosebetsi ka mora nako ya sekolo mme jwale bana ba lahlehelwa ke menyetla."
Mehleng ya pele matitjhere a ne a kgothaletswa ho thusa barutwana hore ba bapale dipapadi ka mora sekolo kajeno, mokgatlo wa South African Democratic Teachers Union o hatella hore dipapadi di bapalwe ka nako ya sekolo, ya ba ho qaleha ha mathata.
"Mehleng ya pele, dikolo di ne di netefatsa hore dihlopha tsa dipapadi di dula di le maemong a hodimo empa kajeno ha ho sa le jwalo," ho boletse mosuwehlooho e mong.
"Ha re na nako ya ho hlophisa mekete ya dipapadi. Re ne re hlahisa dihlopha tse hlwahlwa mehleng ya pele hobane Lefapha la Thuto le Dipapadi le ne le re thusa ho hlophisa ditlhodisano tsa sekolo, le thupello ya bakwetlise mme re fumanelwe balaodi ba tla tshwara dipapadi, rona re lebellwe hore re inehele ka matla ohle thutong ya bana le ho aha dihlopha tsa sekolo dipapading ka ho fapana."
Panyaza Lesufi wa Lefapha la Thuto le Dipapadi o hanyetsa ditlaleho tseo kaofela, o re hohang ha se nnete.
"O re ba na le leano le ikgethang la tsa dipapadi. Ha re hloleha ho aha dihlopha tsa sekolo, re kgonne jwang ho ba le ditlhodisano tsa Bolo tsa Danone tse neng di atlehe hakaale mme ha tswa dibapadi tse neng di ilo re emela le mose ho mawatle?
Empa ho theoha ha maemo a dipapadi dikolong ho entse hore ho hlahelle dibapadi tse mmalwa tse nang le neo. Hape ho hlokahala boitshwaro bo botle...
Sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana, Linda Buthelezi, o re mmapalo o mobe wa sehlopha sa naha o bakelwa ke hore dibapadi tsa mehleng ena ha di sa na boitshwaro.
"Re ne re rutwa tlhompho dikolong," ho bolela yena.
Ke e mong wa baokamedi ba bolo. "Ba bolaile bolo ya habo rona ka ho hira bakwetlise ba mose ditlelapong esitana le sehlopheng sa naha. Ka Clive Barker re ne re bontshe lefatshe lohle hore neo e teng naheng ena. Baokamedi ba bolo ba lokela ho sebetsa mmoho le dibapadi tsa mehleng bakeng sa ntshetsopele ya dibapadi tse nyenyane.
"Dibapadi tsa mehleng di na le bokgoni le mahlale ao di a sielang batjha. O ka lebella jwang hore sehlopha sa sekolo se atlehe le mokgatlo o laolang sekolo e se mohlala o motle?
"SAFA ke yona e lokelang ho etellang pele maano ana a ntshetsopele mme e hlophisetse dikolo hore di fumane tshehetso."
Re sa tswa utlwa dipuisanong tsa radio, motlatsi wa presidente wa SAFA, Ngaka Irvin Khoza a re mokgatlo wa naha o laolang bolo ha o na tjhelete e lekaneng ho ka tshehetsa ntshetsopele ya bolo! [s]
DIPAPADI
Kajeno ho ahilwe matlo moo mekaubere ya rona e neng e qale papadi ya bolo teng.
BONA SESOTHO November 2008
Re ba rolela kgaebana bana bana ba ntseng ba ikemiseditse papading ya bolo.
Dibapadi tsena tse nyane di tlameha ho itlwaetsa mabala ana a marole.
BONA SESOTHO November 2008
"Ba bolaile bolo ya habo rona ka ho hira bakwetlise ba mose"
BONA SESOTHO November 2008
KK Sono, moena Jomo Sono le forose ya mehleng ya Pirates ke e mong wa ba kgethetsweng ho hlwaya talente bolong, empa o re Bafana Bafana e ke se atlehe ha feela bolo e sa ntlafatswe ho tloha maemong a tlase dikolong.
Phil Mogodi, hlooho ya SAFA-Soweto o a dumela hore bolo maemong a tlase e mathateng a maholo.
Linda Buthelezi o seolla tsela e mpe eo sehlopha sa naha se bapalang ka yona le ka moo dibapadi di sa itlhompheng ka teng.
