sotho.1054.yourworld_flashback
FATSHE LA HAO
Tsa
dinaledi
Julius o lebohela ngwanana enwa tsatsing la hae la tswalo
Dinaledi tsa rona ha di kgathale ke boithabiso mme le rona ha re fele matla ho o tlisetsa diketsahalo tsena, ho tlaleha Ntokozo Maseko wa BONA
Dikgau tsa Mmino wa Setso wa Afrika Borwa
Mokete wa d ikgau tsa mmino o bitswang SATMA o neng o tshwaretswe Thekong, ICC o batlile o senngwa ke ho hlophiswa hampe (kapa re re ho se hlophisehe hohang). Boraditaba le baeti ba ne ba iswa kwana le kwana ho se moo ba dudiswang teng. Tseo tsohle di ne di patwe ke botle ba diaparo tsa setso tseo dibini di neng di jele koto ka tsona.
Sebini sa Sexhosa Camagwini
o jele koto ka tsa Setebele.
Arthur le Khanyi "I'm back" Mbau ba leka ho lokisa dikamano tsa bona tsa kgale tsa hore Khanyi ha a ya tshepahala.
O HOLE CHOMEE
Haesale a le maemong a bonaledi ho tloha bongwaneng ba hae, ha a ka a tjhetjhella morao. Ngwanana enwa o ne a qeta dilemo tse 23 mme o ne a di bitsa moketeng oo wa tsatsi la hae la tswalo mane Tokyo Sky Club, Fourways. Arthur "Morena wa Kwaito" Mafokate o ile a bintsha bohle ka makgetlo pina ya Chomee e mo lebohelang tsatsing la hae la tswalo, Chomee le yena a hlwella sebayeng ho etsa seo a tummeng ka sona. "Eitse ha ba ha 999 ba mpotsa hore ke batlang tsatsing leo, ke ne ke re ke batla ho bina, ke yona ntho eo ke e batlang, ke a e rata!
Hlengiwe Nkosi wa Ses'khona o ne a jele koto.
Sebini sa Hip-hop HHP (le ausiae Ayandsa Tsambo) le bona ba ne ba hlontjhwe ka pina ya bona ya Hip-Hop ya Setho Ra di Busa.
Kgau ya sebohodi se pela sa setso e hapilwe ke Khathide Ngobe le Ngizwe Mchunu ba Ukhozi FM.
Tshedi ya dihlong o boheha a ikemiseditse ka bohahlaodi boo ba bona.
Bashemane ba Kwela Tebza ba rutile David Kau eo e leng rametlae tsela ya ho ithabisa.
Re hahlautse le Tshedi
Ke tshenyo ya nako Joburg ho bolella batho hore ba apare jwang moketjaneng wa hao hobane seo ha ba se etse. Tshedi Mholo (33) wa Malaika o boleletse bamemuwa hore moketeng wa hae ba apare jwalo ka bahahlaudi, mme a makala ha ba etsa jwalo.
Club Neh e ne e fetolwe ya ba sebaka sa bohahlaodi ka ditente mme baeti ba tletsatletse moo dihlahleng. Re ne re tshwana le bashemane ba maqulwana, empa maqulwana ao a ne a bine a thabisa monga moketjana.[s]
Ekaba e a nka kae mafolofolo a na 3SUM?
Thabiso Mokhethi wa Generations le Gabriel Tembudzani le Sindi Dlathu ba Muvhango.
Mantuli, e mong wa mafumahadi a mopresidente, o jele koto ka tsa Seswatsi.
Ditshwantsho: Oupa Bopape (Chomee/Tshedi)
Solomon Mashakeni (SATMA)
