sotho.1440.yourlifeguide_legal
TSEBA DITOKELO TSA HAO
Kgweding ena: ho bolelang ho hodisa bana, ke hobaneng le tlameha ho etsa kopo ya ho hodisa bana ka bobedi ha le hlalana
HO HLOKOMELA BANA
Nna le mohatsaka re a hlalana. Bana ba rona ba babedi ba tla dula le yena mme nna ke tla lefa sapoto. Re ntse re le metswalle. Mosebetsimmoho le nna o mpoleletse hore ke kenye kopo lekgotleng ya hore bana re ba hodise ka bobedi. O re sena se tla nthusa ha mosadi enwa a qala mekgwa e meng, kapa a boela a nyalwa. Ho bolelang ho kenya kopo ena ya ho hodisa bana?
KELETSO YA SCORPION
Wa mphato wa hao o tiisitse! Kgudiso ya ngwana e bohlokwa.
Ha re tla tabeng ya ho hlalana, lentswe leo re atisang ho le utlwa ke la "sapoto." Ho a utlwahala hobane banna hangata ba qetella ba se ba sa nke boikarabelo ba bona ka lebaka la bohloko ba pelo. Leha ho le jwalo, ha ho bolele hore tse ding dintlha tsa bohlokwa di qhelelwa ka thoko. E nngwe ya dintho tsena ke ho hodisa bana. Ho hodisa bana hona ha ho bolele taba ya hore bana ba tla dula le mang. Ha ba bangata batho ba tsebang hore o na le kgetho ha re tla tabeng ya kgudiso ya bana. Ha e a tlameha ho leba motswading a le mong!
Ho na le mefuta e mmedi ya kgudiso ya bana: "ya motswadi a le mong" le ya "batswadi ka bobedi." Ka tlwaelo, lekgotla le atisa ho neha tumello motswading ya batlang jwalo - e dutse e eba mme. Sena hape se etsahala haeba batswadi ba lwana ka mora ho hlalana. Empa jwalo ka ha maemo a dutse a fetofetoha, taba ena ya ho neha batswadi ka bobedi kgudiso ya bana e se e le ntho e etswang.
Kgudiso ya batswadi ka bobedi e etsahala ha batswadi ka bobedi ba qeta nako e ngata le bana mme ba bontshana pele ba ka nka qeto e amang bana.
Melemo ya teng e ka mokgwa ona:
Ngwana ha a bone a lahlilwe ke motswadi e mong.
Kgatello ya ho hodisa bana ba arolelana yona ka bobedi, morwalo o se ka ba hodima motswadi a le mong.
E qoba mathata a ho bona bana - kgudiso ya batswadi ka bobedi, ba na le tokelo ya qeta nako le bana.
Ntate mona o tla kgona ho bona hore tjhelete ya sapoto e sebediswa jwang.
Hore kgudiso ena ya batswadi ka bobedi e sebetse, batswadi ba tlameha ho sebedisana - sena e ka nna ya eba mathata. Ba hlolehile ho qhoba lenyalo la bona.
Hore le tle le atlehe ka kopo ya lona ya kgudiso ya bana ka bobedi, dintho tsena tse nne di tlameha ho phethwa:
1 LERATO LE TSHEBEDISANOMMOHO. Batswadi ba tlameha ho inehela ho rateng le ho hlokomeleng bana mme ba tlameha ho sebedisana ho ka fihlela sena.
2 MELEMO. Batswadi ba tlameha ho arolelana melemo le maemo a bophelo. Diqabang di ka ferekenya bana mme di qetelle di bakile hore batswadi ba qabane.
3 HAUFI. Batswadi ka bobedi ba tlameha ho dula ba atamelane. Tumello ya kgudiso batswading ka bobedi ha e atise ho nehwa batswadi ba dulang ka ho arohana jwalo ka hore e mong a be Joburg, e mong a be Kapa.
4 DILEMO. Mona re bua ka dilemo tsa bana - hore ba ba kae - le hona ho tla thusa lekgotla ho nkeng qeto.
Ha ho bobebe hore batswadi ba fumane kgudiso eo ka bobedi. Empa haeba o ikemiseditse hore o batla ho bapala karolo ya bohlokwa bophelong ba ngwanahao, le sena se tla lekolwa. [s]
KELETSO YA MOLAO
HO BEHA BANA PELE
Ha re tla tabeng ya kgudiso ya bana, tokelo tsa ngwana ke tsa bohlokwa. Ho tlwaelehile hore e be mme ya nehwang tokelo ya ho hodisa bana. Lekgotla le ntse le nahana ha jwalo le kajeno mme ho bonahala le tla e nehwa tumello ya ho hodisa bana ka bobedi haeba mohlomong le dumellana hore mme ke yena ya tla dula a hlokomela bana.
SE NKILWE KE DIBONTSHI
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
