sotho.143.yourceleb_township
KE THATOHATSI
Senono se ratang boithabiso, Amstel o bontsha BONA lekeishene la habo la Mamelodi, moo a holetseng hape o re tsebisa le bathong ba habo ba mo ratang
SETABANE sena se motlotlo, se tjekang, seo hape o ke keng wa se hloka meketjaneng, se hotse ha monate. Lebitso la hae, le le leng feela le a makatsa. Nkgonwae o ne a ena le sebaka sa boithabiso, se rekisang jwala - Amstel o ne a hlahe ka nako eo biri ya Amstel e neng e le fesheneng, ho ya ka moo mmae, Jita Makwane a boletseng ka teng.
Habomoholo moo ke hona moo Amstel a neng a tlwaelle boithabiso teng.
Ka pela ntlo ho na le setupi seo a neng a se fetotse sebaya sa hae, batshehetsi ba dula ditulo le ditafoleng tse behilweng ka makgethe jwanng ka pela sona.
"Ke ne ke hlwella setuping ke tjeke. Ke sa etse seo mahala. Ba ne ba lefa. Ke ne ke tseba hantle hore ka le hlahlamang ke tla be ke le morui sekolong." Mangwane wa Amstel, Mpule Maboa, eo jwale le yena a seng a ena le sebaka sa boithabiso, le yena a tlatseletsa ka hore Amstel o ne a boetse hape a bitsa le bana ba bang, a ba kgabise difahleho, a ba rute metsamao ya dibontshi tse pele.
"Amstel o ne a rata ho dula le metswalle ya hae empa se neng se makatsa ke hore ho ne ho se moshemane le ya mong hara bona," ho bolela Mpule a tsheha. Nkgonwa Amstel o hlokahetse empa ntataemoholo, William Maboa, o ntse a phela mme eitse ha re kopa ho ba nka setshwantsho mmoho, Amstel a tlolela hodimo a ba a dula hodima hae. "O tlwaetse, ke ne ke hlola ke dutse hodima hae tjena ho tloha ke sa hola," ho bolela Amstel, a bile a aka ntataemoholo ka lerato.
Ntatemoholo William le yena o buile ka setloholo sena sa hae seo a leng motlotlo ka sona. "O ne a hlola a tlile le bana ba banyenyane, a ba bintshe, ba tjeke mme jwale ha ke bona a se a tumme ka seo a se ratang, ho mpontsha hantle hore Modimo o moholo."
"Ho nna Amstel ke ngwana ya phethahetseng." Motho e mong wa bohlokwa ho Amstel ke moahisane wa habo, Matshidiso Maloka. "Bohle re bile le seabo kgodisong ya Amstel, ngwana ya neng a hlompha. Ha ke so ka ke utlwa ho thwe ke eo o a lwana mebileng," ho bolela yena.
A hopotsa mangwane Mpule le mme wa Amstel tsa mohla Amstel a neng a lemetse baesekeleng. "Re ne re mathe ho mo isa sepetlele re tenne mese ya ho robala, re tshohile!" ho bolela yena. "Baoki ba re tsheha, ba re re itlwaetse ho hlapa hoseng ha re tsoha, hobane ha re tsebe se tla etsahala ka mora moo."
Amstel wa batho, a kgaolwa monwana, empa tseo di fetile jwale. Mmae o ne a tsamaye lapeng ka mora ho nyalwa, mme re ne re hlola re fetile lapeng leo la Amstel le dikgaitsedi tsa hae le batswadi ba bona.
Amstel (32) le mmae ke metswalle e meholo, mme ha re ba botsa hore ke sefe seo ba ratang ho se etsa ha ba le mmoho, Amstel o ile a phakisa ho re bontsha microphone eo a ileng a e kenya ho sebapalammino. Jita a qala ho bina O Letshabe Lefatse ya sehlopha sa mmino wa Bodumedi sa Barorisi Ba Morena mme Amstel a dumella, a sa tlole lentswe leha le le leng.
Ya tlanyatsa khamera mme ha totobala hore bobedi bona bo a ithatela ho shebellwa. Jita a re netefaletsa hore Amstel haesale a rata ho intsha leha ka nako e nngwe a ne a kgutla a lla hobane a ne a tshehwa ho thwe o iketsa 'ngwanana'.
"O ne a itjheba mme a sa bone letho le etsang hore batho ba mo bitse setabane empa o ne a sa le monyenyane a sa hlokomele phapang," ho bolela Jika. "Le nna ke ne ke a bona matshwao empa ke itshedisa ka hore o tla tjhentjha ha a hola.
"Ha a so ka a tjhentjha hohang empa ke mo rata a ntse a le jwalo," ho bolela mmae. "Nke ke ka mo tjhentjha hohang. Leha mme e mong a ka re o ntjhentjhela ka ngwana wa hae wa moshanyana, nke ke ka dumela, ke rata Amstel a le sena seo a leng sona."
Seo Amstel a se hopolang ka ntatae, Anthony Makwane kgolong ya hae, ke lerato la hae le hore o ne a ena le molao o thata. "Ke ne ke rate meketjana ya bosiu ke sa le monyenyane, yena a sa batle letho. Ke ne ke thoba bosiu empa ka nako e nngwe a nkutlwe. A ntatela, monate e fele tu!" ho bolela Amstel.
Anthony a dumela le yena hore hohang ha a dumelle bana ho etsa boithatelo. "Ke ne ke ena le melao e thata hobane le nna ke hodisitswe jwalo empa ke ne ke dutse ke le teng ho ba thusa ho rarolla mathata ha ba ena le ona," ho bolela yena.
Amstel le Aloma Bahula, ke metswalle ya bongwaneng, ba hopola tsa kgolong ya bona moo ba neng ba phetha nako e telele ba pheha, ba baka ka kitjheneng ya Jita, ba tsheha, ba seba ka batho.
Amid a tsheha, a re bolella ka moo ba neng ba hohela mahlo a batho ka teng ha ba kena meketjaneng ka diaparo tsa bona tse ikgethang. Aloma o re haesale motswallabona a le tjena, ha a tjhentjhe hohang. Amstel le metswalle ena ya hae e meraro ba ntse ba ithatela meketjana le kajeno. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: Ivan Naude
LEKEISHENE LA KA, NALEDI YA KA
Amstel le ntatae, Anthony Makwane, kantle ho ntlo ya habo e ntjha eo ba neng ba thothele ho yona.
Amstel le ntataemoholo, William Maboa.
Amstel o dumedisa batshehetsi ba hae.
Amstel le Aloma Bahula, motswallae wa dilemong tse 20 tse fetileng, ba hopotsana dinako tse monate tseo ba neng ba di phetha mmoho ka kitjhineng ena ba baka hape ba seba.
MAMELODI
Karolo ya Masepala wa Toropo ya Tshwane, Mamelodi e ne e thehwe ha ho ne ho ahwa matlo a 16 polasing ya Vlakfontein dikilomitara tse mmalwa ka leboya botjhabela ho Tshwane, ka Phupjane 1953.
O ke ke wa kgolwa hore lekeishene lena le reheletswe ka mme wa Mopresidente Paul Kruger. Ke "Mother Of Melodies", Mamelodi e bile lona lebitso la hae la Seafika hobane o ne a ena le bokgoni ba ho etsisa dinonyana.
Hape, "Mams" kapa "Flaka," ho ya ka moo lekeishene lena le tsebisahalang ka teng ho baahi ba lona, e dumellana le lebitso la yona hobane e tumme ka hore ke lehae la Jazz ya Afrika Borwa.
Mamelodi e boetse hape ke lehae la sebaka se seholo se hlokomelang bakudi ba nang le bohloko ba EITSI Afrika Borwa.
Mme le mora ba re binela pina e reng O Letshabe Lefatse.
