sotho.1437.letters
Dumelang
metswalle
Nakwana e fetileng motswalle e mong wa ka o ne a le boithabisong ba ka phirimana le banana ba bang empa ba ikgakantse eka ba kopanong ya setokofele. Motswalle e mong yeng o ne a ntse a phoka galase ya veine e kgubedu ha moradinyana wa hae a mmotsa hore na o nwa "moriana" wa hae hape.
O a bona, ho fapana le hore a jwetse moradi wa hae hore o nwa veine ya Pinotage, o bone ho le molemo hore a mo jwetse hore o nwa moriana.
Sena sa nnahanisa haholwanyane: Na ke hampe ha mme a nwa jwala kapela ngwana wa hae? Leqepheng la 30 re leka ho araba potso ena.
O nahana jwang? Re ngolle kapa o re romele SMS ka menahano ya hao - sena e feela e tla ba nganyisano e kgolo ruri.
Seratswaneng sa rona sa Muthi leqepheng la 83 teng re bua mabapi le ka moo o ka ithutang ho amohela lebitso "le seng monate" leo o le fuweng ha o hlaha.
Ho na le mabitso a mangata a tjena, jwalo ka bo Sello, Dikeledi kapa Molatlhiwa ba sa thabang mme ba ikutlwa hore sena se ba bakela ho se itshepe kapa se ama ka moo batho ba bang ba ba nkang ka yona.
Le nna ke ne ke sa rate lebitso la ka la sekolong se phahameng leha le ne le se "lebe". Dilemo tse 12 tsa ka sekolong ke ne ke bitswa Marjorie!
Ka lehlohonolo ke bile le monyetla wa ho fedisa lebitso lena la ka la bokgoba ha ke qeta materiki mme jwale ke sebedisa lebitso la ka la seAfrika.
Haeba o na le lebitso le o hlabisang dihlong ka kopo re jwetse ka lona - mohlomong o ka sibolla hore ha le lebe ha kaalo ka ha o nahana.
Ho fihlela nako e tlang!
Dula o hlohonolofetse,
MANGOLO A LONA
Sbu
Mpungose
Lengolo la mohlodi
RE FE DITJHEBO TSA HAO
Letters To The Editor, Box 32083, Mobeni, 4060
fekse: 031-912-2720 imeile: bona@dbn.caxton.co.za
O ka sebedisa lebitso la boiqapelo, empa sebedisa lebitso la nnete le aterese ya hao ka botlalo ngollanong. Ha re tlamehe ho dumellana le maikutlo le ditjhebo tse fanweng maqepheng ana mme re na le tokelo ya ho hlophisa botjha mangolo ao re a phatlalatsang.
HARA dintho tseo ke di hlokometseng moraorao, ke hore batswadi ba furaletse boikarabelo boo ba bo filweng ke Modimo ba ho hodisa bana ba bona le ho bona ha ba hola ho ba baetapele ba kamoso ba itlhomphang mme ba nang le boikarabello.
O ka bona ngwana ya monyane ba dilemo tse 12 a tsamaya a thekesela ke botahwa a theosa ka seterata mme seo batho ba baholo ba se etsang ke ho sheba feela ba sa re letho.
Ho etsahetse eng ka polelo e reng "Bana ba hao ke bana ba ka, mme le nna ba ka ke ba hao, mme re tla ba hlokomela mmoho"?
Hape, ho feta mona, ake o re o sa hahlwa ke moya mme o tla tshoha hoo o tla tsitsipana.
Motjha, ya ka bang feela dilemo tse 15, o dutse le batswadi ba hae mme o inwella jwala feela pontsheng ya batswadi ba bohileng ba sa re letho.
Ditholwana tse bohloko tsa ho nwa jwala ha bana ba sa le banyane ke tshenyeho ya disele tsa boko ba bona.
Bohle ba re "batjha ke bokamoso" - empa na seo se kenyeletsa batjha ba kajeno?
Ruri, bongata ba bona ba bonahala ba sa tsotelle ka bokamoso!
Ke motjha ya
tshwenyehileng
mme ya batlang
ho bona phetoho
mehopolong ya
batswadi ba
rona mabapi le
kgalemelo ya
bana ba
bona.
Mankgele
Mahlatse, Riba
Cross
Nahana feela ka ho fetisa maikutlo a hao ka ho phethahala o bua ka Samsung M620. Nashua Mobile e o hokela ka tsela e kgolo ka ho o fa kgetho e pharaletseng ya diselefounu le dihlahiswa le ditshebeletso tsa data. Bakeng sa tlhahisoleseding e feletseng letsetsa nomorong ya 0861-531-531 kapa kena inthaneteng ho. www.nashuamobile.co.za
KELETSO HO BATJHA
Sengodi sa lengolo la mohlodi la kgwedi o tla amohela
Samsung M620 ya Nashua Mobile
ya boleng ba R1 200
TSELA E NTLE ka ho fetisisa ya ho ba le bokamoso bo botle ke ho ya sekolong. Katleho ha e na kamano le hore na o shebeha jwang, kapa o apara diparo tse jwang. Ho atleha ho laolwa ke botho le boitshwaro ba hao.
Lebogang Mpudi, KwaXuma
ITSHWARE HANTLE. Nahana ka wena. Etsa se nepahetseng feela. Eba le tjheseho mabapi le seo o se etsang mme o se ke wa senya nako. Ena ke mehato lering e tla o lebisa bophelong bo atlehileng.
BK, Soweto
THUTO ke senotlolo sa katleho. Ntle le yona ha o letho. Ithute ho lwantsha botswa le ho emisa ho ikgothatsa ha o hlolela ho phetha ditlameho tsa hao - bophelo ba hao bo diatleng tsa hao. Ho phela jwalo ka morena, o lokela ho sebetsa jwalo ka lekgoba!
Rantlo Mlangeni, Sebokeng
BATJHA BA RONA ba tlameha ho amohela seo batswadi ba bona ba ka se kgonang mme ba kgaotse ho dula ba batla dintho tse sa utlwahaleng, jwalo ka ho batla diaparo tsa mabitso hobane feela metswalle ya hao e na le tsona.Thuto e tla pele ho diaparo tsa mabitso, se ke wa lebala sena le ka mohla! Thabela seo batswadi ba hao ba ka o etsetsang sona mme o ba lebohe ha o
sa ntse o kgona.
MBM, Welkom
Bokamoso ke mang?
Ntle le tataiso ya batswadi batjha ba rona ba senyehelwa ke maphelo a bona
Basadi ha ba hlomphuwe
Pele ke ne ke nahana hore banna ba teng ho sireletsa setjhaba, empa dintho di fetohile ruri. Banna ba ne ba hlompha le ho sireletsa basadi, empa ha ho sa le jwalo. Le bana ha ba sa bolokehile. Bar'eso, ha re sebetseng mmoho mme re tiise ho feta. Re sitelwa naha ya habo rona haeba re tswela pele ho itshwara jwalo ka dibatana.
Nkululeko Shabangu, Ncome Prison
Ba teng kajeno, ba nyametse kamoso
Ke lakatsa ho hlahisa maikutlo ka boradipolotiki ba rona. Ba tla ho rona ha ba batla hore re ba voutele ebe ba phakisa ba nyamela ha re ba voutetse. Ke tshwenyehile haholo ke batho ba fumanang dikonteraka empa ba qetelle ba sa etsa mosebetsi o nepahetseng. Mmuso wa rona o tlameha ho sebedisana le batho ho aha setjhaba se atlehileng.
Brian Langa, Umlazi
Ho thulana le
tahlehelo
Ke lebohela pale e monate ruri e reng Ho Tobana le ho Shwelwa phatlalatsong ya lona ya Tshitwe 2008. Ha Tshitwe e fihla batho ba moyeng wa ho keteka, le Keresemese e a atamela, empa ka tsela e tshwanang ke ba bangata ba hloileng nako ena ya selemo!
Ho ba bangata, Tshitwe ke nako ya kgatello e boima ya maikutlo. Pale ya lona e bile le thuso e kgolo ho ba thulaneng le ho shwelwa mme ba tsietswe hore na ba ka tshidiseha jwang haholo nakong ya matsatsi a mekete ya phomolo, nako eo bohloko ba tahlehelo bo utlwahalang e le ka nnete!
Bakeng sa ba laehlehetsweng ke baratuwa, ke lakatsa ho ba kgothaletsa ho ipokellela lebokose la dikgopotso ka motho motho ya ba siileng. Lebokoseng lena o ka tshela difoto, mangolo le eng kapa eng e neng e ratwa ke motho eo. Jwale, ha ho hlokeha, o ka le bula mme wa arolelana dikgopolo tsa hae le batho ba bang ba neng ba rata motho eo. Tshepo ke hore lebokose la dikgopotso le tla thusa ho tlisa matshediso.
Ho feta mona, re ntse re lokela ho phela le ha re shwetswe, re lokela ho tlwaela, ho lemoha, lefatshe la semoya le ho
tseba hore baratuwa ba rona ba re siileng ba tswela pele ho
ba hara rona, le kamora lefu.
E Conradie, Pretoria
