sotho.1436.gardening
BONA SESOTHO November 2008
MATLA A TEMO
Ho bonolo ho theola ditjeho tsa dijo ka ho itemela meroho ka serapaneng sa hao... Pale ka Thandi Zulu
DIKELETSO
O ka boela wa etsa sethopo ka ho jala peo tereing ya ho jala kapa lebokosaneng la lebese. Ka nako eo se seng se loketse ho kenngwa mobung, se tla be se hotse ho lekana hore o se kge.
SERAPANA sa meroho se thusa hore ba lelapa la ka ba kgone ho ja tse phepo, ba se kgathatswe ke ho kula, mme bana ba sebetse kantle. Ke ne ke itemele meroho ka mora ho kenela dithuto tsa Tlhodisano ya tlhokomelo ya dimela ya ha Woolworths Trust Eduplant. Ho bonolo hape ho molemo haholo:
1.Qala
O hloka serapana se senyenyane feela, mohlomong se ka lekanang le boholo ba lemati. Etsa qeto ya hore o batla ho lema kae. Hlophisa hantle, o tshwaye dibaka tse nang le difate le dipalesa mme o arole serapana ho ya ka mefuta ya meroho o tla e jala.
Zone 1, ebe haufi le ntlo. O leme tse hlokang metsi a mangata le tlhokomelo e ikgethang, jwalo ka tamati, dinawa, ditapole le di-herbs.
Zone 2, ebe e hlokang sebaka se bulehileng jwalo ka poone.
Zone 3, tlasa difate tsa ditholwana, ho robale diphoofolo tse kang dipodi le ditsuonyana. Ha tsohle di tsamaya hantle mme o batla ho atolla serapana, eketsa zone tse ding.
2. Hlahloba mobu
Ho na le mefuta e meraro ya mobu:
O lehlabathe, o a kganya mme o thubeha ka bonolo matsohong.
O letsopa, o boloka mongobo nakwana hape o a kgoramela, o etse makwete a sa thubeheng ka bonolo.
O selokwe ona ke motswako wa mefuta eo e mmedi - o thubeha ka bonolo matsohong empa e seng jwalo ka o lehlabathe.
3. Lokisa serapa
Tshwaya dikarolo tse ka bang pedi tse ka bang bolelele ba dikgarafu tse pedi le e le nngwe ho etsa bophara - hona ho tla o dumella hore o bule dikgeo tsa 20cm dipakeng hore di tsebe ho hola hantle le hore o tsebe ho tsamaya pakeng tsa tsona.
Bokella jwanng mmoho le mahlaku o behe hodima moo o jetseng. Di tla thusa ka ho tshwara mongobo.
Phethola ka kgarafu seratswaneng mme o ntshetse mobu o kahodimo mahlakoreng karolong eo o tla jala ho yona. Mobu o ka hodimo o atisa ho nona ho feta o ka tlase, hangata o botebo ba kgarafu.
Tjheka diforo - etsa mekoti ya botebo ba 70cm ho ya ho 100cm.
Kenya matlakala diforong hore a bolle ka hare - ditholwana tse butswitseng tlolo le makgapetla a meroho, jwanng, mabokose le dipampiri. Se kenyeletse le dipolasitiki, dikgalase kapa tsona dipampiri tsa aluminium.
Kgutlisetsa mobu mme o tshele o neng o le ka hodimo. Etsa bonnete ba hore o sebedisa mobu o ka hodimo, athe ha o ka hare o se o le mongata, o ka o qhalla dibakeng tse ding ka jareteng. Kwahela ka jwanng le mahlaku a difate a omeletseng, o ntano qala ho lema.
Ha o rata ho o nontsha ka manyolo, tjheka hantle mme o tshele manyolo o a kopanye le mobu pele o kwaela ka mobu o ka hodimo mme o phethole hape pele o jala.
4 Jala!
Bongata ba dipakana tsa peo, di a ngolwa hore o tebise ha kae le hore di arolwe ha kae. Ntle ha ho boletswe ka mokgwa o mong pakaneng...
E arolwa ka 1m le 2m dipakeng, o etse mela e hlahlamanang o bule mobu ka menwana kapa ka kgarafu.
Lema peo ka ho lekana moleng ka mong. Peo e tshesanyane haholo e ka nna ya kopanngwa le folouru e nyenyane e le hore o tsebe ho bona moo o feletseng. Kwahela peo ka mobu mme o tshelle ka emere
e masobana, o hlokomele ho se tshelle tlolo. [s]
Fokotsa
ditjeho tsa dijo
Kgweding e tlang: O ka lema eng, jwang le hona neng...
