sotho.1435.soccer
BONA June 2008
Bolo
KA MORA selemo Liki e Kgolo ya Bolo Afrika Borwa, (PSL), e saenne selekane le ba TV mabapi le ho haswa ha dipapadi, mokgatlo wa bolo o setse o setlela hantle ditjheleteng.
Jwalo ka ha mokgatlo ona wa bolo o se o tla kopanya dilemo tse 50, dihlopha le dibapadi tjhelete di bonahala jwale di tla ekga ka dikgarafu.
Meputso ya dibapadi tsa dihlopha tsena tse 16 tse ho PSL, e ballwa diketeng tse balwang ka mashome.
Sehlopha ka seng se fumana R1 million ka kgwedi tumellanong e saennweng ke PSL le ba ha SuperSport. Tjhelete ena e tswela dihlopha tsena molemo o moholo.Sena se etsa hore dihlopha tse ngata di kgone ho fumana bakwetlisi le dibapadi tsa maemo - ha e sa le ntho ya dihlopha tse itseng feela. Ha re etsa mohlala, monga Platinum Stars, Larry Brookstone o boletse hore sehlopha ka seng ho PSL se bitsa bonyane R70 million.
"Eo ke tjhelete eo o tlamehang ho e lefa ha o batla ho reka sehlopha," ho bolela yena. Dihlopha kaofela jwale di se di kgona le ho etsa mananeo a ntshetsopele ya batjha.
Re ka etsa mohlala ka sehlopha sa Kapa sa Santos - se kgonne ho nyollela batjha ba sona ho PSL, e leng se ba tswetseng molemo haholo.
Dihlopha kaofela di fumana karolo tjheleteng ya batshehetsi ba PSL mme le tjhelete e fumanwang ke sehlopha se hapileng liki, e nyolohetse dimilioneng tse leshome tsa diranta. Dihlopha tsena di fumana e nngwe tjhelete ditlhodisanong tse tharo tse bang teng liking mmoho le dikhampaneng tse di tshehetsang. Ajax Cape Town, ha re etsa mohlala, e sa tswa fumana tshehetso ya R70 million ho MTN, e le ntho e tla hodisa sehlopha. "Dibapadi di fumana meputso e metle ho PSL," ho bolela molaodi wa Black Leopards, Chief Thidiela.
"Ha ho sebapadi se fumanang moputso o ka tlase ho R10 000 sehlopheng sa rona mme ha ke tsebe le haeba ho sa na le dihlopha tse lefang dibapadi tjhelete e ka tlase ho eo."
Sena se kgahlano le melao ya union ya dibapadi jwalo ka ha e bolela hore ho sa ntsane ho na le dihlopha tse lefang dibapadi R3 000 ka kgwedi! "Ke masawana!" ho bolela Thidiela. "Ke dintho tse tlamehang ho etsahala diliking tse nyane, e seng ho PSL.
"Re na le ngwana eo re bonang bokamoso ba hae bo tjhabile. Re mo kgutliseditse sekolong, empa re ntse re mo lefa R8 000 ka kgwedi jwalo ka ha a ntse a le dibukeng tsa rona."
RE leboha matsholo ana a 2010 jwalo ka ha a behile bolo ya rona maemong a hodimo. Dipalopalo tse lekolang maemo a tshehetso ya ditjhelete dipapading tsa Afrika Borwa, di bontshitse hore tjhelete eo ho tshehetswang ka yona bolo, e feta ya cricket le rugby di kopantswe.
Jwale liki ha e sa laolwa ke dihlopha tse itseng, dihlopha kaofela jwale di na le monyetla wa ho qeta dipapadi di le maemong a matle lokong. O a iponela, selemong sena sa bolo, dihlopha tse tsejwang jwalo ka tse kgolo, tse kang Kaizer Chiefs, Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates, di bolaisitswe thupa ha bohloko ke dihlopha tse kang Ajax Cape Town, Santos, SuperSport United le Wits University.
Wits, ha re etsa mohlala, e thakgotse leano la ho hlahloba maemo a papadi ya dibapadi tsa bona. Ba etsa sena ka ho sebedisa motjhini o rekilweng Fora ka R2-million. "Motjhini ona o etsa mosebetsi o babatsehang mme re kgona ho beha mmapalo wa sebapadi ka seng leihlo, re bone lebelo le dintho tse ding tsa bohlokwa ka sona.
"Re kgona ho lekola le ba direng," ho hlalosa motsamaise wa sehlopha, Derek Blankensee.Pele, sehlopha sena se ne se sa kgone ho reka metjhini e kang eo.
DIHLOPHA di se di kgona ho reka dibapadi dinaheng tse kang Amerika. Ha re etsa mohlala, bompodi ba liki, Mamelodi Sundowns, e kgonne ho reka dibapadi tse pedi sa Uruguay, Bryan Aldave, le sa Chile, Jorge Acuna, ha Platinum Stars yona e rekile forose ya Colombia, Luis Renteria, ya hira mokwetlise wa Argentina, Miguel Angel Gamondi.
Botsamaise ba bolo Afrika Borwa le bona bo ntlafetse, re leboha tumellano ena ya TV, e entseng hore bolo ya rona e be maemong a matjhaba. Ho tjhentjha matsatsi a dipapadi ka motsotso wa ho qetela jwalo ka pele, ho fedile leha batsamaise bao ba ntse ba sa kgone ho rala dintho ka nepo.
Balatedi ba a eketseha leha talente dibapading tsa kwano e sa thabise. Ena ke kobo anela kontinenteng ya Afrika le Amerika Borwa - jwalo ka ha dibapadi tsa teng tse pele di tletse Yuropa. Bosiyo ba dibapadi tse kanag Benni McCarthy, Sibusiso Zuma, Siyabonga Nomvete le Siyabonga Nkosi ho thefutse matla a dihlopha tsa PSL. [s]
ya rona e ntlafetse
Tshehetso e kgolo ya ditjhelete e thusitse dihlopha tse ngata ho PSL - sena se ntlafaditse maemo a bolo ya Afrika Borwa jwalo ka ha dihlopha tse nyane di se di ka kgona jwale ho fihlela se neng se fihlelwa ke dihlopha tsena tse kgolo feela... Pale ka Mark Gleeson
BONA SESOTHO June 2008
BONA LE BOLO
BONA SESOTHO June 2008
