Sotho.1432.free4u
Hata ka setaele
Netefatsa hore o hata ka setaele lehlabuleng lena ka para e ntjha ya dieta tsa ha Froggie. Di rokilwe hantle ka letsoho ka letlalo la boleng mme di dumellana le seemo sa maoto a hao di a boloke a phodile.
Bakeng sa ho phuthuloha ho eketsehileng, sebedisa disebediswa tse ikgethang tsa ho hlokomela maoto tsa ha Froggie tse kang tsa ho a kutletsa, senyanyatsi esitana le setlolo sa ho a sidila.
Ho ka iteka lehlohonolo la ho fumana e nngwe ya dipara tsena tse leshome tse bitsang R400 ka nngwe, romela lebitso, aterese, mohala wa hao o fumanehang ho ona motsheare le boholo ba seeta sa hao ho: BONA/Froggie Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa romela FROGGIE ka SMS ho 35919.
BONA SESOTHO - December 2006
10 DIPARA TSA DIETA
Yao Ya Mahala
40 DIPHUTHE-
LWANA
Kgetha e hlakileng
Qeta ho pipitlelwa ka potlako ka ho tshela pakana ya Fibreclear metsing a tjhesang kapa a batang ntle le hore a fetohe mmala, tatso kapa ona monko.
Fibreclear e thusa hape ho boloka serum-cholesterol e le maemong a bolokehileng. E fumaneha ha Clicks, Pick 'n Pay (KZN), Pick 'n Pay (Kapa Bophirima), Spar (KZN), Dis-Chem le dikhemising. (Bakeng sa tse ding dintlha, letsetsa 031-561-6204.)
BONA e fana ka diphuthelwana tse 40 tse bitsang R100 ka seng. Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare posekareteng ho: BONA/Fibreclear Giveaway, Box 769, Umhlanga Rocks, 4320, kapa romela FIBRECLEAR ka SMS ho 35919.
Moriri o benyang le o bonolo
Special Feeling e se e fane ka tharollo ya moriri o motle o bonolo dilemo tse fetang tse 20. Eba le moriri o motle o nolofaditsweng o benyang.
Re leboha tshehetso ena ya ha Special Feeling mme ka lebaka leo, ba fana ka diphuthelwana tse 17 tsa dihlahiswa tsa bona tse bitsang R240 sephuthelwana ka seng. Ho iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ka posekarete ho: BONA/Special Feeling Giveaway, Box 71541, Bryanston, 2021, kapa o romele SPECIALFEELING ka SMS ho 35919.
17 DIPHUTHELWANA
Letsatsi la ho kwala:
29 Tshitwe 2006
20 DIPHUTHE-LWANA
Iphodise ha monate
A ko itlhaphole o tlose lenyora la motjheso wa lehlabula lena ka dino tsa ha Clover Danone tse kang Tropika Eazy e ntjha.
Seno sena sa ditholwana se ka dulang nako e telele se loketse batho ba mahlahahlaha ba sa kgoneng ho ya mabenkeleng ka mehla.
Ka lebaka la sekwaelo sa teng se boelang se kwalehe, Tropika Eazy e ka dula dikgwedi tse tsheletseng ha e so ka e bulwa, ka hoo, o ka kgona ho e bolokela matsatsi a tjhesang. Mefuta ya lamunu, mango-peach le pineapple e fumaneha naheng ka bophara.
Ho iteka lehlohonolo la ho fumana se seng sa diphuthelwana tse 20 seo ka seng se nang le litara tse tharo tsa seno sena, thaole ya ho ya lewatleng le cooler bag tse bitsang R200, romela lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Tropika Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele TROPIKA ka SMS ho 35919.[s]
*(SMS e bitsa R3.)
Dimpho tse bitsang
R16 080
BONA - August 2005
