SESOTHO.142.yourfamily_child
Bana ba a bua
Ho rekela Keresemese le ngwanahao
E nngwe ya diphephetso tse kgolo ho motswadi ke ho ya reka le bana ba banyane, mme ho rekela Keresemese le hona ha ho mokgelo.
Ngwana o tla kgahlwa ke mekgabiso ya Keresemese, mmino le tse ding dintho mme a se ke a hlola a o tsotella. Sena ke sona se etsang o qetelle o halefile. Seo o tlamehang ho se etsa ke ho ba siya lapeng, empa ho a etsahala o tlamehe ho tsamaya le bona. Judy Ford, setsebi sa botswadi, o re fa dikeletso tsa ho shebana le maemo ao.
Bana ba phakisa ho ba le bodutu. Haeba o ilo reka le bona, le se tsamaye nako e telele. Bana ba ka thabela ho reka nako e ka etsang dihora tse 2-3 mme ba baholwanyane bona ba ka tshwarella dihora tse yang boneng.
Ngwana a ka thabela ho ya mabenkeleng ka nako ya Keresemese ka lebaka la mekgabiso ya teng. Ho qoba dikgathatso, ba bolelle pele le tloha hore ba itshware jwang. O ka nna wa ba tshepisa letho ha ba itshwere hantle.
Ho molemo ho ba tshwarela mofao wa dintho tse kang yoghurt kapa ditholwana. Qoba ho fepa bana dintho tse tswekere hobane di ka ba bakela mathata.
Bana ba a kgathatsa ha ba lapile kapa ba kgathetse ba le hara batho. Netefatsa hore ka bobedi le jele la kgora e le hore ho se be le ya tla kgathatsa.
Ho tsamaya ho a kgathatsa baneng, netefatsa hore ba apara diaparo le dieta tse ba tshwarang hantle. Leka ho reka sebakeng se le seng kapa setsing se le seng sa mabenkele. Se ka ya reka le bana sebakeng se nang le dinyehlisetso.
KELETSO: Ditse tse ding tsa mabenkele di na le karolo ya bana ya ho bapala moo batswadi ba ka siyang bana teng ba bapala nakong eo bona ba ntseng ba reka. Sheba hore sebaka sa heno se na le sona sebaka se kang seo. [s]
O etsa eng sekolong?
Ke a ngola bukeng.
O ngola eng?
Leha e le eng feela ho ya ka ditaelo tsa titjhere.
E reng nomoro ya hao ya boitsebiso?
E re 1 Phato.
Ntatao o dilemo di kae
O hodile empa e seng hakalo.
O a sebetsa?
E, o sebetsa mapoleseng. O tshwara batho ba sa lokang.
Ke ba jwang ba sa lokang?
Ke ba utswang.
O rata ho ba eng ha o se o hodile?
Ke rata ho ba ngaka, ke sebetse sepetlele ke thuse batho.
NGWANA HAO
Kgweding ena re buile le Mpendulo Nkosi ya dilemo di 6 wa Vryheid KwaZulu-
Natal
Haeba o ena le ngwana ya dilemo di pakeng tsa tse tharo le tse tsheletseng, eo o ka thabelang re buisane le yena, re ngolle ho: BONA/Kidspeak, Box 473014, Parklands, 2121. Re romelle setshwantsho sa hae le mohala wa hao o fumanehang ho ona motsheare.
NALEDI EO E LENG MOTSWADI
Sebohodi sa tsa dipapadi Carol Manana o re bolella ka moo o ka bang motshehetsi e moholo wa ngwanahao ka teng
CAROL ke motswadi ya ikgudisetsang bana ba bararo a le mong mme o kgolwa hore motswadi e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho ba motshehetsi ya pele baneng ba hae. Ntle le dijo, lehae le thuto, bana ba tlameha ho holela lapeng le nang le lerato. Hore ba hole ba itshepa, ba sireletsehile, ba hloka tshehetso le kgothatso. Ke tsena dikeletso tsa Carol:
Bontsha thabo ha o bona bana ba hao, o ba thabele, o ba ake, o ba sune.
Bua le bona hantle mme mantswe a hao a tla ba kgothatsa ba itshepe.
Iphe nako ya ho bapala le bona. Sena se tla ba etsa ba ipone ba le bohlokwa.
Ba putse ha ba entse hantle kapa ba fihletse se itseng. Ha ke bolele hore o ba rekele dimpho - ho ba rorisa, kapa ho bapala le bona kapa ho ba ekeletsa nako ka metsotso e 30 dipapading tseo ba di ratang ho molemo.
Eya sekolong ha ho na le mekete e itseng e kang dipapadi.
Ha a entse phoso, bua le yena hantle, o se mo nyatse.
E bokeleditswe ke: Kamogelo Sebola
