sotho.1429.yourlifeguide_health
Buka e nngwe ya hao ya Bophelo!
HO TSEBA nalane ya bophelo ba hao hantle le ya ba lelapa leno ho ka pholosa wena le ba lelapa. "Ho bohlokwa hobane mafu a mang, ke lefutso - o ke ke wa tseba ho laola maemo a kotsi bophelong ba hao ha o sa a tsebe," ho bolela Ngaka James Arens wa ProSano Medical Scheme.
Madi a batswadi ba hao ao o ahilweng ka ona ho tloha boimaneng, a etsa o tshwane le bona - mme hape o be le menyetla ya ho kenwa ke mafu a bona. Ka hoo, sekolong sa dingaka, barutwana ba bontshwa mehato ya bohlokwa ya ho hlokomela se kudisang batho ntle le hore ba ba hlahlobe.
Nalane ya lelapa la habo mokudi. Ke ka hona nako le nako ngaka, tliliniking kapa sepetlele ha o fihla lekgetlo la pele, ba dutseng ba botsa dipotso tse kang tsena. Empa batho ba bang ha ba sa hopola hantle ka maemo a bophelo ba ditho tsa malapa a habo bona. Ke ena mekgwa eo o ka thusang ka yona:
1 QALA Bukana ya Bophelo ya Lelapa: Ngola nalane ya bophelo ba hao kaofela le ya ditho tse ding tsa lelapa.
Ha o arotse maqephe a hao ka ringbinder, qala leqephe ka leng, o ngola mabitso a bona. Athe ha o sebedisa bukana e tlwaelehileng, siya maqephe a mahlano dipakeng tsa setho ka seng. Siya maqephe a mabedi kapa a mararo a ho qetela bakeng sa Mohato 3 o tla latelang. Ngola lebitso, letsatsi la tswalo le bong ba motho ka mong.
2 NGOLA seo o se tsebang: O ka ngola:
Kalafo ya hae, divitamin kapa dijotlatsetso tseo a di nwang, le hore o di nwa ha kae, o di qadile neng, a di reka kae. Ho kenyeletswa le kalafo eo motho a ithekelang yona jwalo ka dipidisi tsa Panado kapa Rennies, le hore di rekwa ha kae.
Ho kula, ho lemala, opereishene, diteko le tsa X-ray - di hlalose le hore di ne di etswe neng le hore motho o ne a alafehe kapa a ba le mathata afe hape.
Ho ba le letlalo le boi, jwalo ka ho hlolwa ke dijo tse itseng kapa lona lesela haholoholo ho hlolwa ke kalafo e itseng jwalo ka penicillin.
Ente, ho kenyeletswa le ya batho ba baholo e jwalo ka ya feberu le ya tetanus.
Ka kakaretso ka letsatsi, ka beke kapa ka kgwedi motho o tsuba disikarete tse kae kapa o nwa jwala bo bokae kapa tsona dithethefatsi (ho balellwa le matekwane).
3 HOPOLA, nahana hantle: Leqepheng la ho qetela, ngola mabitso a ba leloko la heno. Haholoholo ba madi, bao kotsi eo ba leng ho yona ya bophelo e o amang haholo. Ho ya ka Ngaka Arens wa ProSano, ke batswadi, bana beno, bonkgono le bontatemoholo le bana ba bona.
"Ha e mong wa leleko a hlokahetse a le monyenyane, ke ho kula, mohlomong e ka lefu leo a neng a le futsitse," ho bolela Ngaka Shadrack Mazaza, mopresidente wa SA Academy Of Family Physicians.
Ngola letsatsi la tswalo la motho ka mong le lefu le mo tshwereng le hore o ne a le dilemo di kae ha a hlokomelwa hore o na le lona. Ka bonyenyane, ho bolelwa ha a fumanwe a ena le lefu la tswekere a le dilemo di ka tlase ho 20, kgatello e hodimo ya madi pele a eba le dilemo tse 40, kankere ya letswele, ya mala le ya marete a le dilemo tse ka tlase ho tse 50, kapa a eshwa lehlakore a le dilemo di ka tlase ho tse 60.
4 SHEBISISA tse fetileng: O ka botsa batho ba baholo, ka ditho tse ding tse neng di hlokahale o sa le monyenyane. Ha ho sa kgonehe, hlalosa hore o tsebe ho thusahala wena le ba lelapa la hao le dule le phetse hantle.
Hape, o ka ngola haeba batswadi ba hao e le ba leloko (mohlomong e le bomotswala); le hore ke ba morabe ofe. Ke nnete hore ho etsetsana bana le le ba leloko ho ka bakela bana bao kgolofalo e itseng mme hape le batho ba merabe e itseng ba ka nna ba ba le mathata a itseng a bophelo ho feta ba merabe e meng.
5 DULA o le malala-a-laotswe: Sebedisa bukana ena ho latela bophelo bo botle ba ba leloko la heno. Eya le yona ngakeng hore o tsebe ho hlalosetsa ngaka ka maemo a hao.
Ba tla o eletsa ho ya ka maemo a hao a bophelo mme ba o alafe ka tshwanelo. Tsebisa ba lelapa ka bukana eo hore mohlomong ha o ka hlahelwa ke kotsi ba tsebe ho e tlisa ngakeng.[s]
Pale: Patricia McCracken
TSE DING DI NKILWE: samedical.org; familydoctor.org; aafp.org; mayoclinic.com
BOPHELO BA HAO
Mehato e mehlano e bonolo e ka o thusang hore o dule o ena le rekote e ntle ya bophelo bo botle
