sotho.1053.BEC events
Sebaka: The Pyramid, 96 Eloff Street Extension, Johannesburg
Letsatsi: Labone 11 Motsheanong 2006
Nako: 6pm bakeng sa 6.30pm
Ditjeho: R30 motho (o lefa monyako)
Ho kenyelletswa le dijo. Bara e tla bulwa.
BEHELETSA SEBAKA HO: 011-883-8829
JWALO kaha mariha a se a kene tjena na ho na le mokgwa o molemo wa ho qala kgwebo ho feta ho rekisa dikobo"
Ditho tsa BONA club ke a mang a Maafrika Borwa a lehlohonolo a nehwang monyetla wa ho iqalla dikgwebo ka dikobo tsa ha Aranda.
O ka ithekela dikobo tse ngata tsa Aranda ka nyehlisetso mme o di rekise ka phaello.
Dikgau tsa Proudly South African
DIKGAU tsena tseo jwale di seng di ketekwa selemo sa bobedi, ho tsona ho tlotlwa khampane le dietswa tse pele tsa Proudly South African.
Di tsheheditswe ke Proudly South African, Lefapha la tsa Kgwebo le Indasteri le WesBank.
Dikgau tsena ke molemo o mong hape o ekeditsweng ho netefatsa hore dikgwebo tsa Maafrika Borwa di dula di ipeha maemong a matle kgwebong bakeng sa kaho ya moruo wa naha mme hape ba reke dietswa tse entsweng ka hare ho naha ka boitshepo hobane le tsona di le maemong a tsa lefatshe.
Proudly South African e thehilwe ka 2001 ka tshebedisanommoho ya mmuso, dikgwebo le setjhaba ka kgopolo ya ho kgothalletsa theko ya dietswa le ditshebeletso tsa Afrika Borwa bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa naha, tshehetso ya dikgwebo tse ntjha le theho ya mesebetsi.
Dikgau tsena di na le dikarolo tse fapaneng tse kenyeleditseng le dikgwebo tse nyenyane (tse nang le basebetsi ba tlohang ho 1-150) le tse kgolo (tsa ba ka hodimo ho 150).
Dikarolo tsena ke:
PSA Company of the Year; PSA Product of the Year; PSA Service of the Year; PSA Innovator of the Year; PSA Exporter of the Year, le PSA Bridge-Builder of the Year.
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka Proudly South African le ka dikgau tsena, o ka sheba ho:www.proudlysa.co.za kapa o letsetse mohala ho:
011-327-7778.
Dibui
BONA SESOTHO - June 2006
Pinky Dibeng le Chad Ramagofu, wa SAICOM South Africa
Boithabiso ka Mzet
MC: Joyce Skefu
Dikeletso tsa Mageu Number 1 tsa ho hlokomela batshehetsi
HO tshwara batshehetsi hantle ho thusa hore o fumane bonyane ba bane ba batjha ka letsatsi ha tse mpe di etsa o lahlehelwe ke ba robedi!
n Iphe nako ya mosebetsi wa hao.
n Dula o hlahloba mosebetsi wa hao.
n Tshwara bareki ka mokgwa o le wena o
ka thabelang ho tshwarwa ka ona.
n Phetha mosebetsi ka makgethe.
n Eba motlotlo ka mosebetsi wa hao.
n Phetha ditshepiso.
n Tshepahala.
n Etsa se molemo le feta ka moo o neng o
tshepisitse ka teng.
Taste the Soul of Africa... Taste success with Mageu Number 1
Kopano ya kgwedi ena e tla ba Johannesburg
Lepetjo: Monyetla wa mohala o theko e ntle wa ha SAICOM South Africa
SOUTH AFRICANS HAVE NO BUSINESS BEING POOR!
Mzet
Pinky Dibeng
QALA KGWEBO KA ARANDA
Seo o lokelang ho se etsa ke:
1. Ho ya kopanong ya BONA Empowerment Club.
2. Mamela ditaelo hantle tsa kgwebo mme o tlase setlankana sa ho otora hona moo neng kapa neng selemong.
3. Qalella ho batla bareki, theha dikamano tsa kgwebo le batho bao o ka ba rekisetsang. O hopole hore o rekisetsa setjhaba, dikolo esitana le mabenkele a spaza.
Dula o bala BONA o utlwe tse ding hape ka kgwebo ya dikobo tsa Aranda le BONA Empowerment Club selemong sena.
BONA le SAICOM Payphones e tla ba le kopano eo lepetjo la yona le reng "Monyetla wa Ditefello tse Tlase tsa Mohala wa SAICOM South Africa". Maikemisetso ke ho tsebisa setjhaba ka moo se ka thehang dikgwebo tsa mehala ka bonolo ka teng. SAICOM e tla o bontsha ka moo o ka qalang mme wa ntlafatsa kgwebo ya hao ka teng bakeng sa boiphediso le ho thusa setjhaba sa heno.
SAICOM ke masupatsela a mehala ya GSM-payphone mme e tshwara batshehetsi ba yona hantle. Khampane ena e thabela ho thusa batho ho feta ho etsa phaello, e inehetse ho sebetsa le batshehetsi ba yona hohle naheng ena hore e ba thuse ho ba borakgwebo ba maemo.
Batshehetsi ba SAICOM ba tla natefelwa ke menyetla ya ho iqalla dikgwebo. Ba na le leano le bonolo: ha ba o saenise tumellano, o lefa ka mokitlane, ha o tlamellwe ho rekisa ka tjhelete e itseng hape o thuswa o le kae kapa kae.
SAICOM ke e nngwe ya dikgwebo tsa Afrika Borwa tse holang ka ho fetisisa mme e se e thusitse diketekete tsa baahi ba naha ena. Beheletsa sebaka sa hao hona kajeno!
TSWEKERE YA Illovo e matlafatsa Maafrika Borwa. Tswekere ya Illovo e a fumaneha e thumisehile (e tshweu) kapa e sa thumiseha (e le sootho).
E sootho le yona ke tswekere e feletseng ya tlhaho. Ha e na dikhemikhale le metswako ya ho tjhentjha mmala. Le yona e ntle bakeng sa ho baka le ho noka dino tse tjhesang athe e tswa pele ho natefiseng jwala ba setho ba KwaZulu- Natal.
Tswekere e sootho e phuthetswe ka makgethe, e fumaneha ka boholo ba 500g le ka 1kg.
Athe e tshweu yona e fumaneha ka boholo ba ho tloha ho 250g, ho ya mokotleng wa 12,5kg athe e rekwang haholo ke ya boholo ba 2,5kg. Dipakana tsa Illovo di a tsebisahala mmarakeng mme moreki ka mong o fumana ya boholo boo a bo ratang.
Ka hoo dula o qamaka dipakana tse mmala o mosweu le botala, ha o kena mabenkeleng a maholo. Bohle ba rata Illovo!
BONA SESOTHO - June 2006
BAKE AND COOK FOR PROFIT WORKSHOP JOHANNESBURG
Lepetjo: Taolo e ntle ya kgwebo: Ho kgothalletswa mekgwa yohle ya ho etsa phaello.
Sebui: Rebecca Masinga
Letsatsi: Labohlano 12 Motsheanong 2006.
Sebaka: The Pyramid,
96 Eloff Street Extension, Johannesburg
Nako: 9am ho ya motsheare
Ditjeho: R10 motho (ho lefshwa monyako)
Ho kenyeleditswe le dijo.
HO BEHELETSA SEBAKA: LETSETSA 011-883-8829 KA DINAKO TSA MOSEBETSI
