sotho.141.runner
Ya hao ka molao
Maemo a mabe
MATHATA: Ke tlereke ya dikhomputara khampaneng ya dilori. Mookamedi wa ka e motjha o boleletse basebetsi bohle hore ha ke tshepahale mme hape o tla etsa hore ke sulafallwe ho fihlela ke tsamaya. Ha ke sa buiswa ke motho jwale mme kantoro ya ka e fetotswe sebaka sa ho boloka thepa hape le khomputara ya ka e ntshitswe 'software' ka hoo ha e sebetse - ha ke kgone ho etsa mosebetsi wa ka. Ha ke buisana le yena, o halefa haholo mme a laele hore ke tswe ke fele ka kantorong ya hae. Ha ho moo nka isang ditletlebo teng empa nnete ke hore mosebetsi wa ka ke o etsa ka bokgabane. Ke etse jwang"
KELETSO YA SCORPION:
Mookamedi wa hao e motjha o sentse bophelo ba hao ba mosebetsing. O o ahetse maemo a mabe hona hoo o ka nnang wa iphumana o lelekwa mosebetsing.
Ho lelekwa ha mofuta ona ho tlasa molawana wa karolo 186(1)(e) wa Labour Relations Act mme o dumella mosebetsi ho itokolla mosebetsing a tsebisitse baokamedi ba hae kapa tjhe hobane e le bona ba sulafaditseng bophelo ba hae mosebetsing.
Mookamedi wa hao o entse hore maemo ao o phelang tlasa ona mosebetsing ebe a sa mamelleheng hohang mme moemedi wa ha CCMA a ka nna a kenella hore a shebisise taba ena mme ke bona ekare o tla ba ka lehlakoreng la hao. Ho tla etswa diteko pele taba ena e tshohlwa ka lekgotleng la dinyewe. Ho tla shebisiswa dintlha tsena tse tharo tsa bohlokwa:
u Ebe maemo a ne a le tlasa taolo ya mookamedi eo wa hao"
u Ha ho se seng se molemo se ka etswang ntle le hore o be o lelekilwe mosebetsing"
u Ebe seo se ka susumeletsa mosebetsi ha diela mosebetsing wa hae"
Re nahana hore o bonane le batshwari ba tsa tsamaiso khampaneng ena. Athe haeba a le siyo, o ka kopa ho bonana le e mong wa baokamedi ba ka sehlohong ba khampane ena mme o hlahise tletlebo ya hao. Ha a hana ho bonana le wena kapa le ka mora ho bua le yena o sa bone phapang ya ho rarolla mathata ana mme ho fihla moo o seng o ke ke wa mamella boitshwaro boo ba mookamedi wa hao, o tla tlameha ho itokolla mosebetsing.
Empa o ngole hore o tlohela mosebetsing ka lebaka lefe. Re boetse re o eletsa ho ikopanya le mmuelli wa hao hore a o thuse ho ngola lengolo lena la ho itokolla mosebetsing. [s]
34 BONA SESOTHO - December 2006
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
DI NKILWE KE DIBONTSHI
Ha jwale ke yena ya tswang pele lebelong la dimitara tse 800 lefatsheng ka bophara - re bua ka Moafrika Borwa...
ka ISAAC KWELA
BOLO le rugby ke tsona dipapadi tse ratwang Afrika Borwa.
Empa seo ha se bolele hore katleho dipapading tse ding tse kang mabelo ha di tsotellwe.
Ho a thabisa ho hlokomela hore le mabelo a ntse a hlokometswe.
Mbulaeni Mulaudzi o hlahetse motsaneng wa Muduluni, ka leboya ho Polokwane. O ne a bapala bolo, empa mokwetlisi wa hae, Makonde Makhumisane o ne a hlokomele e nngwe talente ho moshemane enwa.
Taba ena ya ho tjhentjhela ha hae mabelong ha e kaba ya theohela ha monate mmetsong wa ntatae hobane o ne a sa tswa mo rekela dieta tse ntjha tsa bolo. Empa Makhumisane o ne a phehelle hore Mbulaeni e ne e ka ba ramabelo ya pele Afrika Borwa.
Motjha enwa o ne a tswelepele le mabelo ho fihlela ka 1999 nakong eo Makhumisane a neng a mmeha maemong a mang - Vaal Tech a kopana le Ian Harries. Ka nako eo Mbulaeni o ne a na le 1:48;00 ho 800m le 47;20 ho 400m.
Mohla la 22 Phupu, 2000, mane Budaspest, Mulaudzi o ne a hape lebelo la 800m diolimpiking tsa matjhaba a hlola mpodi wa lebelo leo Vebjoern Rodahl.
Mafelong a 2001, Mulaudzi o ne a se a ballwa hara boramabelo ba pele ho 800m a na le 1:44;01 mane kopanong e neng e le Weltklasse Zurich, Switzerland, o ne a kopane le dimathi tse pele feela tsa lefatshe ka bophara.
Ka 2002, o ne a hape dipapadi tsa Commonwealth e leng sona sekola sa hae sa pele sa matjhaba mme ka mora moo mane Zurich ba mmeha nakong ya 1:43;81.
Mbulaeni a tswelapele le ho hapa mahlo a matjhaba, empa o ne a ipabole ka 2004 ha a ne a hapa tlhodisano ya IAAF World Indoor Championships mane Budapest a siha Rashid Ramzi ka nako ya 1:45;71 mme a hapa metale ya hae ya pele ya kgauta.
Mafelong a 2005, Mulaudzi a ikamahanya le JP Van Der Merwe ya neng a kwetlisa Hezekiel Sepeng ya neng a hape metale ya silivera diolimpiking.
Ka 2006, Moscow e ne e be yona sebaka seo ho neng ho tshwaretswe ho sona tlhodisano ya World Indoor Championships.
Mulaudzi o ne a bonahala a lokolohile mabelong a tlhekelo ya 800m. Empa a sala ho Wilfred Bungei wa Kenya mokgahlelong wa pele wa e mene ya lebelo leo.
Mulaudzi leha a ne a lemetse empa o ne a kgone ho hapa metale wa silivera.
Ho ne ho bonahale e ka ho lemala hoo ho ne ho tla phatsamisa Mulaudzi. Mohla 16 Phupu, mane Lapinlathi, Finland o ne a etse nako ya 1:44;99, mme matsatsing a leshome ka mora moo, a leba Helsinki moo a neng a fihle a hapa ka nako ya 1:43;97.
Kopanong e neng e le Weltklasse mane Zurich mohla 18 Phato, Mulaudzi o ne a etse nalane ka ho etsa nako e so kang e fihlelwa selemong sa 2006 e leng ya 1:43;38. Matsatsing a mabedi ka mora moo a boela a pheta ntho e tshwanang nakong eo a neng a qeta lebelo ka nako ya 1:44;14.
O ne a fetele Rieti, mane Italy moo Molaudzi a neng a etse nako ya 1:43;09 mohla la 27 Phato e leng yona nako e neng e so ka e etswa selemong sa 2006.
Ka Labohlano mohla 8 Loetse, Mbulaeni o ne a kopanya dilemo tse 26 a eja mabele mme ka le hlahlamang a ipha mpho ya letsatsi la tswalo e bitsang haholo ha a ne a hapa lebelo la matjhaba la 800m a ikgapela $30 000 (e ka bang R222 000).
Leo e ne e le lebelo la bosupa a le hapa ka tatelano boemong ba matjhaba! [s]
Thahameso mabelong
O matjato
BONA SESOTHO - December 2006 35
