sotho.1417.spar adv
E fepela ba: 4-6. Ho e lokisa: metsotso e 15.
Ho e pheha: metsotso e 10
1. Pheha 3 dikopi (750ml) SPAR macaroni o latela ditaelo tse pakaneng ya yona. E minye metsi o e behe ka thoko.
2. Hadika hanyenyane eie e le nngwe e kgabetsweng hasesanyane ka hara SPAR olive oil. Tshela 30ml garlic e thumilweng le 500g ground beef.
Pheha ho fihlela e ba soothwana.
3. Tshela kotikoti (130g) ya SPAR tomato and onion mix o bedise butle metsotso e 5. Noka ka letswai le black pepper e foreshe.
4. Tshela macaroni dipoleiting mme o tshele motswako ona ka hodimo. Fafatsa
60g SPAR mature Cheddar cheese
ka hodimo.
B3944/05/08 Setshwantsho: Graeme Borchers; setaele ka Linda Bean; Dibontshi Busisiwe le Bontle: ; moriri le mokgabiso wa sefahleho ka Heather.
leqephe la papatso
Mom's Day Macaroni Surprise
E entswe ka lerato la
mme
BOMME ba na le maqheka a ho kgothaletsa bana ho pheha! SPAR yena o tseba hore bakeng sa resepe efe kapa efe, ha ho se fetang hore ba qale ka ho ya reka lebenkeleng le haufi le bona la ha SPAR. SPAR o na le sohle seo o se hlokang bakeng sa ho pheha masutsa mme o thabise mmao ka Letsatsi la Bomme - ho tloha metswakong ho ya dijaneng tsa ho fepela.
Ha SPAR, o fumana sohle sa boleng seo o batlang ho se reka. Ho bua nnete, leha theko ya dijo tsa teng e le tlase, empa boleng bona ke bo ikgethang. Ho na le dietswa tsohle bakeng sa ditlhoko tsa letsatsi le letsatsi esitana le tsa boithabiso. Dietswa tsa ha SPAR, di molemo haholo bakeng sa tjhelete ya hao mme ha ho moo o ka di fumanang teng ka theko e ntle jwalo ka ya bona. Ka tjhelete eo o e bolokang ha o reka dietswa tsa ha SPAR, o kgona ho reka dintho tse ding tsa boithabiso.
Mmao o tla natefelwa ke resepe ena mme a ithorise le metswalleng ya hae ka hore bana ba hae ba mo thabisitse ka dietswa tsa ha SPAR! [s]
