sotho.1411.yourman_soccer
Itshware hantle kapa o tsamaye
Dikoloi tse mabelo, tahi le boithabiso ba boisu bohle di qetile talente ya dibapadi tsa rona
JWALO ka ha 2010 e se e le haufi, ho foka moya wa thabo bolong ya Afrika Borwa: athe le dibapadi tsa lehae le tsona di se di natswa jwale.
OJ Mabizela, Jabu Mahlangu le Lerato Chabangu ba sa tswa tsoseletsa ditumellano tsa bona dikgweding tsena tse fetileng. Empa boemong bona ba profeshenale, ba tlameha ho ba sedi, ha ba a tlameha ho etsa diphoso.
Mabizela o ne a qosetswe ho kganna a tahilwe ka mora ho tjhaisa ka koloi ya hae e majabajaba ya SUV ngwahola.
O sa tswa fumana tumellano e ntjha le sehlopha sa Platinum Stars - leha a ne a fihle boikwetlisong ka mora nako.
Mahlangu (ya neng a ikahele lebitso ho Kaizer Chiefs e le Jabu Pule) o ne a se a fetohile moleleri, a tsamaya a leka lehlohonolo hohle jwalo ka ha a ne a lebe Austria le Sweden empa botahwa bo mo hlola. Platinum Stars yona e mo nkile mme ba etsa tumellano ya selemo e tla ya ka hore o sebetsa jwang. Ba rata ho mmona hore o tla kgona ho emela monate le mathata.
Chabangu, le yena ya neng a kgathatswa ke ho lemala, o boetse ho Mamelodi Sundowns. Dikgweding tse tsheletseng a le ho SuperSport United, ha a ka a atleha hantle, athe o bile a lahlehelwa ke sebaka ho Bafana Bafana.
Ho ntse ho le teng dibapadi tse ding tsa lehae tseo le tsona setumo sa tsona se thunthetsehileng mme jwale di leka ho hlakisa bokgoni ba tsona.
Re ka etsa mohlala ka Mabhuti Khenyeza ya neng a lahlehelwe ke sebaka sa hae ho Bafana Bafana ka ho se fihle ka nako boikwetlisong. Hona jwale ho bonahala e ka o itahletse monyetla wa ho bapala Mohopeng wa Lefatshe selemong se tlang.
Katlego Mphela eo le yena ho neng ho buuwa dintho ntho ka yena, kajeno e se e le thatohatsi ka mora ho hlaba dintlha tse tharo dipapading tse pedi tsa Bafana Bafana.
O ne a sebedise monyetla ona ho kwala ba neng ba mo nyatsa melomo. "Balatedi le motho ohle ba ne ba le kgahlano le nna. Empa jwale ba thotse tu, hobane ke se ke hlaba dintlha," o boletse jwalo. "Maafrika Borwa a na le mokgwa wa ho se rate sebapadi. Ho sa natsehe hore se etsang, empa ba tla nne ba o nyatse."
Dibapadi tse ngata tsa PSL di bile le mathata ka lebaka la tahi, re ka bala ba kang Collins Mbesuma le Benson Mhlongo.
Mbesuma o leka ho tsoseletsa talente ya hae le Moroka Swallows selemong sena. "O ka bona moshemane ya ikokobeditseng, ya lokileng," ho bolela, mookamedi wa Swallows, Leon Prins. "Ke a tshepa hore dintho di tla mo tsamaela hantle." Ho ba motho ya sa utlweng bolong ya Afrika Borwa ha se taba e kgolo hakalo mona. Setumo, ho hlontjhwa le tjhelete di etsa dintho tse ding bathong ba tshabang Modimo.
Hoba sebapadi se pele ha ho bolele hore o mohalaledi, re ka etsa mohlala ka naledi ya Argentina, Diego Maradona. O ne a sebedisa cocaine ho fihlela ba mo hlokomela ka 1991 mme a ahlolwa dikgwedi tse 15 a sa bapale bolo. Mohopeng wa Lefatshe wa 1994 o ne a fumanwe a sebedisitse sethethefatsi se sa dumellwang sa ephedrine ya ba o kgutlisetswa lapeng.
Maradona haesale a etswa a kena dikolong tsa tlhabollo ya dithethefatsi ho tloha ka bo 1990 mme dilemong tse mmalwa tse fetileng, o ile a kgona ho kgwa mekgweng eo a ba a kgona ho kwetlisa sehlopha sa habo sa naha.
Ntle le dithethefatsi tsena, ntlha ya hae ya Mohope wa Lefatshe wa 1986, e ne e etse hore a ikwahlaye jwalo ka ha a ne a hlontjhwe lefatsheng ka bophara ka lebaka la yona.
Sebapadi sa Northern Ireland le Manchester United, George Best, o ne a qetelle a lahlehetswe ke talente ya hae a le dilemo di 28 feela ka lebaka la tahi. O ne a qoswe ka lebaka la ho hlekefetsa ba lelapa, ho otla lepolesa, ho nwa setjhabeng le ho kganna a tahilwe.
Best o nea re: "Ke ne ke senya tjhelete e ngata jwaleng, ke reka dinonyana le dikoloi tse lebelo, e setseng ke ne ke e senya." Ena ke ntho e ka etsahalang dibapading tsa rona, ka mekgwa e fapaneng.
Di ngata dibapadi tse itshwereng ka mokgwa ona
bolong ya Afrika Borwa, ba thetswa ke setumo le tjhelete
feela.
Empa matsatsing ana ao dibapadi di rekwang ka dimilione tsa diranta, di amohelang tjhelete e ngata, di bileng di hlahellang kgafetsa ho ba ditaba, masawana ao ha a sa dumellwa hohang.
Ke ntho e ntjha naheng ena hore ba ditaba ba nne ba latellane le barui le dinaledi, empa ho thata ho ba maemong ao. Sena se bolela hore dibapadi tsena tse ratang boithabiso ba bosiu boraditaba ba di behile le ntjhotjho. Sena ha se senye lebitso la dibapadi feela, empa le la dihlopha tsa bona.
Dibapadi tse ngata di iphumana talente ya tsona e phakisa ho
fela. Nakong e fetileng, boitshwaro bona ba bona bo ne bo se na ho nyatswa, empa jwale dintho di fetohile.
Pule o ne a tletlebe ka tsela eo boraditaba ba neng ba bue ka yona ka yena. Balatedi ba hae ba ne ba mmone ditameneng tsa Gauteng mme ba letsetsa Chiefs le dikoranta, ba batla ho tseba hore ho etsahalang ka sebapadi sena. Mahlangu (jwalo ka ha a se a bitswa jwale) Chiefs e ne e mo ise sekolong sa tlhabollo ka lebaka la jwala. Eitse ha ba sa bone phetoho, ba mo tlohele a tsamaya. Muhsin Ertugral o ne a mo ise Austria. E ne e re ka mora hore a tjhaise hobane a ne a robetse a kganna, a kgutlisetswa kwano.
Le Mabizela le yena re ka re mathata a hae a ne a qale ho qaleheng ha setumo sa hae. O ne a kene sehlopheng sa naha ka mora ho bapalla Orlando Pirates nakwana.
Ka mora moo o ne a nkuwe ke sehlopha sa Manyesemane, Tottenham Hotspur. E ne e re ha a fihla moo, a kena tahing, mme a lelekwa. Ha se hangata sebapadi se lelekwang, empa leha a ne a rekilwe ka dimilione tsa diranta, o ne a lelekwe. Ba ne ba se na taba le tjhelete, seo ba neng ba se hloka feela ke ho tlosa moleko ka pela mahlo a bona.
Ka mora moo, o ne a fetele Norway, le moo le teng a hloleha, a kgutlela lapeng ho Mamelodi Sundowns le yona e neng e mo qhale. Stars e mo nkile ya mo neha tumellano e tsamaisanang le dipehelo tsa hore o tla sebetsa hantle. Haeba a sa bapale, ha a na fumana moputso.
Jwalo ka bohle ba tshwanang
le yena, bokamoso ba hae bo diatleng tsa hae. [s]
Pale: Mark Gleeson
Ditshwantsho: Gallo
TSE ITLHOMMENG PELE
Katlego Mphela: o boetse hape ke thatohatsi, empa nako e kae?
Bongata ba dibapadi tsa rona ha se baha-laledi
Ke nako jwale ya hore Jabu Mahlangu
a ipona-hatse ho Platinum Stars.
