sotho.1410.soccer
BOLO
BONA SESOTHO July 2008
Bala ka dikgalala
"Ke kgollwa tabeng ya ho ba le leano la nako e telele," ho rialo Ndlazi. "Ha ke ne ke qala ho ba mokwetlisi, ke ne ke ipolelle hore e tla re ke kopanya dilemo tse 50, ke tla be ke qala ho hapa dikgau.
"Ha o fihla dilemong tseo, o qala ho bona dintho ka leihlo le leng. Ha o sheba motho ka mong, o a bona hore ke motho ya ikgethang, ya tlamehang ho tshwarwa ka tsela e ikgethang.
"Sena ke seo ke se etsang bashemaneng ba ka kamehla boikwetlisong. Ke neha e mong le e mong nako ya hore a iponahatse.
"Sena se ba etsa motho a ipone a le bohlokwa mme he a kgone ho hlahisa bokgoni ba hae hantle.
"Sena se mpha mathata a maholo ha ke tlameha ho kgetha ba tla bapala, hobane kaofela ha bona ba ikemiseditse."
Katleho ka lebaleng, e qalwa ke nna jwalo ka mokwetlisi, ho rialo Ndlazi.
"Bowena ba hao jwalo ka motho le bona bo bohlokwa. Kgollwa mokgweng oo sehlopha sa hao se bapalang ka ona - haeba se le matla dibolong tse telele kapa se rata ho haraka - tiisang moo.
"Ebang le bokgoni ba ho lekola papadi le dibapadi tsa lona, le tsebe bokgoni le bofokodi ba lona.
"Jwalo ka mokwetlise, ke kgollwa tabeng ya ho ba le mokokotlo o tiileng ka lebaleng, ka sena ke bolela sethibathibane, sebapadi sa morao mmoho le forose. Dibapadi tseo ke di badileng, kaofela di tlameha ho ba hlwahlwa.
"Haeba sehlopha se se na mokokotlo o tiileng, ha le letho.
"Ha re phethehla, hopola: o tlameha ho rorisa le hona ho leboha dibapadi tsa hao ha di sebeditse hantle ka dinako tsohle."
BA ne ba hlolwe ka 1-0 ho makgaolakgang mohla la 24 Motsheanong - empa seo e ne e be tlholo e kgolo ho bona. Re rialo hobane ho ne ho se mang ya neng a nahana hore sehlopha sena se ka fihlela maemo ao se a fihletseng. Ba bangata ba tla nahana hore se ne se sa natsehe hobane se ile sa fetola lebitso mathwasong a selemo sa bolo sa 2007/08.
Balatedi ba bangata ba bolo ba ka ntumella hore ho fetola ha bona lebitso, ba ipitsa ka Mpumalanga Black Aces (Amaziyoni) ho ba thusitse haholo mohopeng ona wa ha Nedbank.
Leha ho na le dibapadi tse pele sehlopheng sena tse neng di bapala liking e kgolo, tse kang sethibathibane Michael Babale, Felix Musasa, Lucas Tlhomelang, Isaac Mabotsa, Mandla Zwane le Kabamba Musasa le ba bang ba mmalwa ba tswang ho City Pillars, ho ne o se mang ya neng a nahana hore sehlopha sena se bapalang liking ya pele, se ne se ka fihlela maemo ao. Ke bolela le balatedi ba Emalahleni, Witbank, habo sona, ba ne ba sa nahane letho.
Mokwetlise wa sona Kenny Ndlazi, o na le maikutlo a mang.
"E ne e re ha ke lekola sehlopha sena, ke ne ke bone hore se ka kgona ho fihlela maemo ana ao se a fihletseng," ke yena eo.
O ne a fihle sehlopheng sena mahareng a selemo sa bolo sa 2007/08, mme a tlameha ho feta maimeng le mathateng a mangata. Empa o bolela ha seo se ne se ba tswele molemo haholo.
"Ho kgona ho rarolla mathata ao, ho ne ho bope le hona tiisa sehlopha sena.
"Re ne re tlamehe ho dula fatshe re tentshane tsheya jwalo ka banna pele re ka bapala hantle jwalo ka sehlopha.
"Ho kopanya dikakapa tse kang Felix Musasa le bashemane ba sa leng banyane, ho ne ho mmakatse haholo," ho bolela Ndlazi, eo yena haholo a ratang mosebetsi wa ntshetso pele ya talente baneng ba banyane.
"Ke hona moo o tlameha ho qala ho mo rupella teng, a tle a tsebe ho hola a itshepa jwalo ka sebapadi sa bolo."
Mamello le bohlale ba ho kwetlisa batjha ba nang le tjantjello e kgolo, ke sona se atlehisitseng Ndlazi ho Black Aces.
"Bana ba baholo ba rata ho bontsha bana ba banyane talente ya bona ya papadi.
"Ka ho le leng, le bana ba banyane le bona ba na le thahasello e kgolo ya ho ithuta ho baholwane ba bona mme sena ke sona se tlisang katleho e kgolo."
O boletse hape hore tsela eo a buang le dibapadi ka yona, e fapane hole le ya bakwetlisi ba bang.
"Ke ba nka jwalo ka bana ba ka. Ke mamela le mathata a bona bophelong mme re dule fatshe re a rarolle.
"Ke dutse ke ba bolella hore re lelapa."
"Ke selemo sa ka sa bobedi ke le mokapoteni sehlopheng sena, empa ha ke so ka ke kopana le mathata a makalo hobane dibapadi di a mmamela," ho rialo Felix Musasa, wa Congo, ya kileng a bapalla Ma-Buccaneer.
"O dutse e le mohlala dibapading tse nyane. Ba dutse ba rata ho ithuta letho ho rona, seo he se kopanya sehlopha.
"Re ne re be motlotlo haholo mohla re neng re hapa papadi ya rona ya pele tlhodisanong ena ya ha Nedbank. Re ne re be motlotlo ho bontsha hore re na le talente mme re ka hlola mang kapa mang.
"Mokwetlisi wa rona ke yona tshiya ya rona," ke yena hape. "O tshwana le ntata rona. O kgona ho bua le yena ha ho le teng se sa o tshwarang hantle. Re a makala le rona jwalo ka ha re bapetse dipapadi tse hlano kaofela pele ho makgaolakgang re sa hlajwa ntlha."
Lucas Tlhomelang le yena e ne le sebapadi sa Pirates - ke tshepa ha Pirates e ikwahlaha ka ho lokolla sebapadi se kang yena.
Tlhomelang o rata sehlopha se kopane.
"Re dutse re tshehetsana le hona ho kgothatsana," ke yena eo. Ha ho naledi ho rona. Kaofela ha rona re bohlokwa.
"Re dutse re bapala ho latela ka moo re rerileng ka teng."
Papadi e ntle ka mokgwa ona sehlopheng se kang sena, e bontsha hore talente bolong ya Afrika Borwa e fumaneng dikarolong tsohle. [s]
DIKELETSO TSA MOKWETLISI
bolong ya maoto
Ba ne ba kgakgathe dihlopha tse ngata ho iphetlela tsela e lebang ho makgaolakgang a Mohope wa Nedbank. Le hona ho makgalolakgang, Sundowns e ne e tswe ka soba la nale, ho le hobe, ba re ba eja tala. Re motlotlo ka Amaziyoni, sena se bontsha talente bolong ya rona... Pale ka Steven Makhanya
BONA SESOTHO July 2008
