sotho.1052.yourworld_overseas
Bomme ba pele
JADA
Ke nnete, Will Smith le Jada Pinkett ke baratani ba batle. Ba a tshwanelana, ba na le neo mme hape ba a tshepana - esitana le dikanong tsa bona tsa lenyalo, e leng ntho e sa tlwaelehang Hollywood. Ba na le bana ba babedi, Jaden (11) le Willow (9) le bona ba thabelang tjhebeho le neo ya batswadi ba bona.
Iponele ka bowena Jada le moratuwa wa hae Willow, ya neng a le ho I Am Legend le ntatae.
DINALEDI TSA MOSE
Basadi ba batho ba batsho le bana ba bona
BOMME BA PELE
HOLLY
Holly Robinson Peete o ntse a tumme haholo ka karolo ya hae ho Hangin' With Mr Cooper. Mohla la 10 Phupjane, 1995, o ne a nyalwe ke sebapadi sa bolo sa Amerika Rodney Peete. Mona o mmone le moradinyana wa hae Ryan le morahae Rodney Jr (ba neng ba hlahe mohla la 19 Mphalane, 1997). Ha Rodney a ne a le dilemo di tharo, ho ne ho fumanehe hore o na le bofokodi ba kelello. Ho tloha ka nako eo, Holly le monnae ba ne ba thehe letlole le bitswang HollyRod foundation, ka lona ba ikemiseditse ho thusa bana ba nang le mathata a kang a ho kula le dikoduwa.
MEL B
Ha ho qeaqeo, mme ya ba fetang bohle ke Melanie Brown - kapa Mel B, jwalo ka ha a tumme - empa o sa tswa hlahella lehlatsong ka taba ya dikamano tsa hae le Eddie Murphy, e neng e hlahelle dikoranteng.
E mong le e mong o ne a na le tatoo ya lebitso la e mong mme sena se ne se hlahelle dikoranteng. Ho ne ho tlalehwe ha setho sena sa mehleng sa sehlopha sa Spice Girl se ne se tla nyalana le sebapadi sena. Nakong eo ho utlwahalang hore Mel B ke moimana, ho bolelwa ha ba ne ba se ba sa ratane. "Ha ke tsebe hore ngwana ke wa mang mme re tla etsa diteko tsa madi ha a se a hlahile," ho rialo Eddie.
Angel Iris Murphy Brown o ne a hlahe mohla la 3 Mmesa 2007 e leng letsatsi la tswalo la Murphy. Diteko tsa madi di ne di bontshe hore Murphy ke ntata ngwana, empa o ne a so ikemisetse ho kgutlelana le Mel B.
MICHELLE
Re bua ka setaele! Michelle Obama - mona o bonahala le moradinyana wa hae ya monyane, ya dilemo di robedi Sasha - mme o ne a kgethwe jwalo ka e mong wa "basadi ba 25 ba kgothatsang" lefatsheng ke ba makasine ya Essence ka motseanong 2006. Ditsebi tsa feshene di boletse ha mosadi enwa a tla tsoseletsa bokgabane ba White House.
Sena mohlomong se etswa ke hobane Michelle o rata diaparo tsa hae ho feta tseo a di nehwang ke diakanyi.
Barack le Michelle ho bonahala e tla ba mohlala batswading lefatsheng ka bophara. Pele a behwa, Mopresidente Obama o ne a ngolle bana ba hae lengolo makasineng ya Parade, a bolela seo a se lebeletseng barading ba hae le baneng bohle: "ho holela fatsheng leo ho lona ho seng letho le ka o thibela ho fihlela ditoro tsa hao, le ho holela leratong, ke rata le hole le be basadi ba thusang lefatshe ho fihlela seo."
ANGELA
Hobane ha a ka a beleha ka tsela ya tlhaho, hoo ha ho bolele hore Bassett ha se mme! Sebapadi sena se binang jwalo ka Tina Turner pineng ya What's Love Got To Do With It, se kileng sa kgethelwa kgau ya Oscar, se ne se nyalwe ke Courtney B Vance eo e leng sebapadi ka 1997. Hobane banyalani bana ba ne ba sa fumane bana, ba ne ba dumellane hore ba kope e mong mosadi hore a ba imele ka tsela ya maiketsetso. Ba ne ba fumane mafahla Slater Josiah le Bronwyn Golden, ba neng ba hlahe mohla la 27 Pherekgong, 2006.
GARCELLE
Sebapadi sena seo e seng e le sebontshi, Garcelle Beauvois ha a qetele ka ho ba mme! Ka 2008, o hlahisitse letshwao la hae la mabenyane le reheletsweng ka bana ba hae, Petit Bijou. Lebitso lena le bolela "Mabenyane a matle a manyane" mme ana ke mabenyane a bana ba dilemo di 4 ho ya ho 16. "Ho labalabela mabenyane ke karolo ya kgolo ya bana," ho bolela Garcelle ya nang le morahae Oliver.
WHITNEY
Leha Whitney Houston a ka ba le dineo tse ngata, empa ho na le seo a haellwang ho sona, ho ba mohlala morading wa hae eo ho utlwahalang a na le yena - ya kileng a leka ho hlaba mmae ka thipa, a boela a leka ho ipolaya ha a le dilemo di 15.
Ho kena dithethefatsing ha sebini sena ho ne ho hlahe dikoranteng. Batho ba bangata ba ne ba nyatse monnae wa ka nako eo, Bobby Brown eo e leng sebini sa R&B. Leha ho le jwalo, seo ha se a ka sa etsa Whitney a phakise ho tswa dithethefatsing. Ha ho motho ya neng a mo qobelle ho dula le yena kapa ho senya neo ya hae.
Leha ho ne ho ka latolwa hore o na le ngwana, empa Bobbi Kristina Houston Brown, ya dilemo di 19, o tshwana le yena.
BOMME BA TSHOSANG
