sotho.140.health
GREAT STOCK!
Tsa bophelo bo botle
Tlhokomediso baneng
Ho ka thusa bana ho ba le masapo, meno, mesifa le madi a matle, ba tlameha ho fetjwa dijo tse phepo le ho feta batho ba baholo, ho rialo setsebi sa dijo Anne Till. Ho tsona hopola ho kenyeletsa le nama e sa nonang e kgubedu e kang ya kgomo hobane e tletse iron, zinc le vitamin B6 - tseo bana ba fokollwang ka tsona hangata.
Inahane habedi
Phaphama o inahane botjha haeba le wena o le e mong wa dimilione tse 1,5 tsa Maafrika Borwa ao e leng bakudi ba bohloko ba tswekere. Dipatlisiso tsa morao tjena di bontshitse hore bakudi bana ba menyetleng e phetilweng habedi ho tshwarwa ke lefu la pelo kapa la ho shwa lehlakore ha ho bapiswa le bathong ba baholo ba se nang mathata a lefu lena. Le cholesterol e boemong bo lekaneng, e sa bontsheng mathata, e tlameha ho alafuwa. Iphedise ka ho hlahloba cholesterol ya hao ngakeng kapa tliliniking kajeno. - Zodidi Mhlana
Hlahloba manala a hao
Ho ba le matheba a itseng manaleng a matsoho kapa a maoto, ho bontsha ho lemala kapa ho ruruha moo manaleng mme seo se tla fela ha lenala le ntse le hola. Empa haeba sena se etsahala kgafetsa, bonana le ngaka hobane e ebe e le tshwaetso. Ka nako e nngwe, ao e ebe e le matshwao a mathata a diphio kapa sebetse, ka hoo, fumana kalafo.
Boela o ithabise hape
Ke dilemo jwale batho ba nahana hore ho robala betheng ke yona tharollo ya bohloko ba mokokotlo. Empa ba dipatlisiso ba UK, BackCare, ba bolela hore seo o ka se etsa nakwana. Itlwaetse ho tsamaya, eo ke keletso ya bona hobane ho robala ho etsa mesifa e tihe. [s]
BONA SESOTHO - March 2007
Dula o phetse
le Patricia McCracken
KE NNETE: Mahe a bohlokwa a mosadi a lekana le morara o moholo.
Hlokomela meno a hao
Se makale ha o utlwa ngaka ya hao ya meno e o botsa dipotso ka ho nwa ha hao, ho rialo Professor Peter M. Miller wa Medical University of South Carolina. Ho nwa haholo ho ka o beha kotsing ya ho kenwa ke kankere ya lehano, mme o ntse a sheba mekgwa ya ho hlokomedisa batho ka kotsing eo ba ka kenang ho yona.
O ke ke wa mpona ke phaka
Hobane molaetsa wa hore o kgotshe o dieha ho fihla kelellong, ka hoo, ba dipatlisiso ba University of Rhode Island, ba eletsa hore o je butle haeba o rata ho theola boima ba mmele. Ba fumane hore motho ya jang pasta ka a phaka, a sa e hlafunisise, o nyolla dipersente tsa kilojoules ka tse 12, o ja dipersente tse 12 ho feta ha motho a neng a ja butle a hlafunisisa. Se molemo haholo seo ba se hlokometseng ke hore ha motho a eja butle, o phakisa ho kgora, hape o dieha ho lapa.
KE NNETE: Ba tsubang ba na le menyetla e mehantsweng habedi ya ho tswa meno ha ba tshwantshwa le ba sa tsubeng.
GREAT STOCK!
BONA - August 2005
