sotho.1409.yourfamily_child
Bana ba reng
Ha ho bonolo ho ba ngwana haholoholo ha bohle ba o bolella hore o se etse sena le sane. Uchenna Igwe wa Joburg o re bolella ka moo a neng a tla phela ka teng hoja ebe o ne a iketsetsa
Ha o ne o ka bolella mme wa hao dijo tseo o di ratang, ke sefe seo o neng o sa tlo se ja hohang?
Ha ke rate dijo tse sebopeho se kgutlonne.
Mme wa hao o na le melao e thata kapa tjhe?
Ke a mo rata hobane ha a nkomanye hape ka nako e nngwe o ya le nna casino hore ke lo bapala dipapadi tsa tjhelete.
Mesebetsing yohle eo mme a o etsisang yona, ke ofe o ratang haholo le hona hobaneng?
Ke rata ho borosola meno a ka hobane a hlweka.
Na o tseba hore pocket money keng?
Hantle haholo - ke tjhelete ya ho reka dintho tsa ho bapala.
O nahana hore o lokela ho fumana bokae ka letsatsi?
Ke lokela ho fumana ditjhelete tse hlano letsatsi le letsatsi.
O ne o tla reka dintho tsa ho bapala feela ka yona?
E, nka reka dintho tsa ho bapala ka ditjhelete tse hlano, empa ke nahana hore nka boela ka fa mme wa ka e nngwe. Ke rata ho fa mme tjhelete, hore a tsebe ho dula a ena le tjhelete ya ho reka dijo.
NGWANA WA HAO
Ha o batla re buisane e ngwana wa hao, ngolla ho BONA/Kidspeak, Box 473014, Parklands, 2121. Re bolelle dilemo tsa hae mme o kenye le setshwantsho sa hae mmoho le mohala oo re ka mo fumanang ho yona motsheare.
KELETSO YA NTATE EO E LENG NALEDI
Ntate eo e leng naledi Mandla M wa Gang Of Instrumentals o re bolella ka merero ya hae ya ka moo a tla hodisa ngwanahae ka teng:
Bohle re a se tseba sena: se arabise batho ba baholo
Dumedisa batho ka hlompho.
Ka mehla "kopa" hape "o lebohe."
Rata ba leloko la heno le baahisane mme o bue le bona ka bolokolohi. Ka mantswe a mang: eba le botho.
Malapa a Maafrika a maholo, ka hoo ho bohlokwa ho itlwaetsa ho fana o sa le monyenyane.
Eba le lelapa le bolokehileng bakeng sa bana ba hao
Ho ya ka Website childsafe.org.za bana ba bangata ba lemala malapeng a habo bona. Ke tsena dikeletso tsa ka moo o ka sireletsang ngwana wa hao ka teng ka lapeng:
KA KAKARETSO
Hlahloba phaposi ka nngwe ho netefatsa hore ha ho letho le ka bang kotsing ngwaneng, o le lokise. Ha re etsa mohlala: kwala masobana a motlakase ka "plug covers" hore bana ba se nna ba kenya menwana ho ona kapa ba kenye le dipene mme ba qetelle ba lemaditswe ke motlakase. Di theko e tlase mme hape bana ba ke ke ba di ntsha ka bonolo.
KETJHENENG
Se siye ngwana a le mong ka ketjheneng o ntse o phehile.
Pheha dipoleiting tse ka morao tsa setofo kapa o shebise mehele morao.
Boloka dietswa tse tjhefo hole moo bana ba ke keng ba di fihlela, mohlomong ka khabatheng e notletsweng.
PHAPOSI YA HO PHOMOLA
Sebedisa masela a manyenyane a ho alla dijo bakeng sa lesela la tafole, hobane ho bonolo ho bana ho itshwarella ka lona mme ho we sohle se hodima tafole, se wele hloohong ya hae.
Se behe tosi ya mollo kapa tsona dithutswana moo bana ba ka di fihlelang.
Netefatsa hore dimmata ha di thelle.
PHAPOSI YA HO HLAPELA
Se siye bana ba banyenyane ka bateng ba le bang.
Qhala metsi ka bateng hang ha o qeta ho a sebedisa.
Boloka mahare, meriana le dintho tse ding tse kotsi moo bana ba sa tlo di fihlela.
Boloka bakete ya maleiri e kwetswe ka thata ka dinako tsohle hape e be ka phaposing e kwetsweng. [s]
E bokeleleditswe ke: Ntokozo Maseko
