sotho.1406.parenting
BOTSWADI BO NEPAHETSENG
Mo thuse mosebetsing wa sekolo
EBILE letsatsi le le lelele ho Mpho sekolong mme o le phethetse ka papadi ya bolo. Jwale o kgathetse o fedile, le tlala e iphile matla, ke nako ya ho leba lapeng. Ntho e kelellong ya hae jwale, ke mosebetsi wa sekolo oo a tlamehang ho o etsa. Ke ntho e sa tlwaelehang, ha ho jwalo?
Jwalo ka mme, o a tseba hore ha o sa mo thuse, Mpho a ke ke a kgona ho qeta mosebetsi wa hae ka nako.
Empa hlokomela! Na e be ke wena ya mo etsetsang ona?
Karabo ke tjhe!
O hopole hore ke yena ya tla ngola diteko, e seng wena!
Ho na le ditsela tseo o ka thusang ngwanahao ya maemong a poraimari ka mosebetsi wa hae ntle le hore o mo etsetse ona...
Dipuo: Thusa ngwanahao ho eketsa boiphihlelo ba hae ba ho bala ka hore a bale kamehla.
Mo qadise ka hore a balle hodimo. Ha a ntse a hola, o tla rata ho ipalla yena - empa o tlameha ho hlokomela moo a bang le mathata teng jwalo ka mantsweng a boima.
Ho bala ha ho qetelle ka ho eketsa tsebo ya ngwana, empa ho ntlafatsa le tsebo ya hae ya puo. Sena hape se tla mo thusa ho kgona ho ngola ka bokgeleke jwalo ka ha a tla kgona ho tseba ho sebedisa mantswe ka bona bokgeleke.
Ho peleta: Mona ke moo o ka mo thusang haholo. Ha ngwana a se a qetile ho bala leqephe le itseng bukeng, le wena o ka bapala karolo ya "titjhere" o mo kope hore a pelete mantswe a itseng. Hore a tle a kgothale, qala ka a bobebe... mme sena se tla etsa a be le thahasello ya ho tswelapele le mosebetsi ona.
Haeba o mo thusa bakeng sa mopeleto wa teko eo ba tla e ngola, ngola mantswe a itseng pampiring mme o mo siele dikgeo tseo a tlamehang ho di tlatsa, mohlala: FO_T_N_ _ _ (FORTUNATE).
Ho bohlokwa hore a a ngole fatshe, a se ke a a bolela ka molomo feela.
Dipalo: Ha se bohle bao dipalo e leng metswalle ya bona, empa ho etsa moralo ho tloha mephatong e tlase, ho tla thusa ngwana ho hola le tsebo e ntle ya dipalo.
Ho tloha ho Grade 1 ke tlameho ho bina times table kamehla.
Jwalo ka motho e moholo, o ke o ipotse hobaneng o ne o tlameha ho bina sena kamehla, empa inahane.
Kamehla re bala manane ka ho a phetapheta ka a itseng ntle le ho sebedisa khaltjhuleitara. Re se re na le tsebo. Le ngwanahao le yena o tlameha ho tseba sena mme o tlameha ho nka karolo hore a tle a se fihlele.
Ho kopanya le ho tlosa le hona ho ntse ho le bohlokwa.
A ko leke papadi ena e thabisang...
Nka dikarete tsa ho bapala (o behelle marena ka thoko).
Haeba ngwanahao a le mephatong e tlase, o ka sebedisa tse dinomoro di tlase, empa haeba a le ho tloha ho Grades 5 ho ya ho 7, o ka di sebedisa kaofela ho fihlela ho 10.
Dulang le shebane, o behe karete ka pela hae butlebutle a kgone ho bona nomoro ya yona mme o behe e nngwe ya bobedi le yona a bone nomoro ya yona. Mo kope hore a kopanye manane ao.
Mohlala: 3 + 5 = 8 + 7 = 15 + 3 = 18 + 4 = 22 + 10 = 32, jwalo jwalo.
Ha a se a tseba, o ka fetela pele - le tlohe ho kopanyeng, le ye ho tloseng. (Beha dikarete ka ho hlahlamana, e nyane e be yona e qalang ka hodimo!)
Ena ke tsela e nepahetseng ya ho ntlafatsa bokgoni ba ngwanahao dipalong. Ka mora moo, neha ngwana monyetla wa hore le yena a ke a o hlabe dipotso... kapa a di hlabe ntatae!
Tse ding dithuto. Mona ho ba bobebe haeba ngwana a hlile a e rata thuto eo hobane ho e bala ha hae kamehla, ho atisa kutlwisiso ya hae.
Mona o ka mo thusa ka ho mo hlalosetsa moo a sa utlwisising.
Mokgwa o bobebe oo o ka o sebedisang, ke wa hore yena e be titjhere, wena o be moithuti, a o hlalosetse.
Diprojeke: Se etsetse ngwana diprojeke - mosuwe o tla o bona mosebetsi o sa etswang ke ngwana!
O ka mo thusa ho o rala... jwalo ka hore a ka bala kae, le hore a ka fumana ditshwantsho kae.
Ngwana o tlameha ho inahanela ka boyena. O ka mo eletsa, empa le yena a be le seabo.
A ka nna a nka nako, empa o hopole hore e sa le ngwana, o tlameha ho nka dintho butle butle. Lentswe la ho qetela: Bohle re lakaletsa bana ba rona katleho mme sohle seo re se etsang re se etsa molemong wa seo. Motswadi o tlameha ho hlahloba mosebetsi wa ngwana jwalo ka ho bala le mopeleto. Sebetsa le yena, o mo tataise!
BONA SESOTHO July 2008
O batla ngwanahao a sebetse hantle sekolong - leha o se na ho kgona ho laola seo a se etsang ka phaposing, empa o ka etsa letho mosebetsing oo wa hae. Ekaba seo se bolela hore o mo etsetse mosebetsi wa hae wa sekolo? O tlameha ho mo thusa, o felle kae?
NA O NE O TSEBA?
Ho beha lesea koloing e nkgang mosi wa kae, ho kotsi ho phetilweng ha leshome ho feta ho mmeha ka tlung e jwalo.
MAELE KA MOSEBETSI WA SEKOLO
Hlophisa! Hlophisa almanaka ya mosebetsi wa sekolo jwalo ka diprojeke le diteko tse tla latela. Ka mokgwa ona, ho ke ke ha ba bobebe hore mosebetsi o lebalehe; mosebetsi wa diprojeke o ka arolwa ka dikgaolo mme kgaolo ka nngwe e be le letsatsi la yona la ho e phethela. Ka mokgwa ona, mosebetsi o ka fela ka nako.
Qala ka tse thata. Qala ka dikarolo tse thata, o qetele ka tse bobebe. Haeba maths e le thatanyana mme ngwana yena a rata ho bala, qalang ka maths. O tla kgatholoha le moyeng hobane o tla tseba hore o se a fetile karolong e thata, jwale o saletswe ke ena a e ratang.
Sebaka. Netefatsa hore ngwana o etsetsa mosebetsi wa hae moo ho se nang se ka mo sitisang. Ngwana ka mong o tlameha ho ba le sebaka sa hae, hole le ba bang le TV kapa eng feela e ka sitisang.
BONA SESOTHO July 2008
Sunday
Monday
Tuesday
Wednesday
Thursday
Friday
Satuday
20
13
27
6
Write out
oral
Research Egypt
Have Egypt project finished
14
21
28
7
Do keywords + cards
Plan Egypt project
Project on Egypt due date
15
22
1
8
29
Revise spelling
Practise oral
Write out Egypt project
16
23
30
2
9
Check Spelling
10
17
24
3
Oral for Zulu
Spelling test
Write out neatly
25
4
11
18
Library -
research Egypt
Stick everything in place
12
19
26
5
Ke nako ya ditshomo...
Ho balla ngwanahao, ke o mong wa melemo eo o ka mo etsetsang yona bakeng sa bokamoso ba hae. Sena se ka mo tswela molemo nakong eo a yang sekolong, a ithute ha bobebe...
BONA SESOTHO July 2008
DIBUKA TSEO O KA QALANG KA TSONA
Le pele ngwana a ka kgona ho bua, o tla thabiswa ke ditshwantsho tse hlakile mme hape a ka nna a thabela taba ya ho nna a shebisisa bokahare ba seatla sa hao. O tla kgona ho bona ditshwantsho tsa dintho tseo a di bonang kamehla haufi le yena.
Kgetha dibuka tse nang le ditshwatsho tse ngata ho feta mongolo. Ho molemo ho kgetha tse maqephe a matenya hore a tle a kgone ho iphetlela ka boyena.
Tsena tse entsweng ka masela di nepahetse haholo hobane di ke ke tsa ba le mathata leha a ka di kenya ka hanong, a di suwa kapa hona ho di kenya metsing.
O ke ke wa hloka dibuka tse ngata hobane bana ha ba kgathatswe ke ho bala ntho e le nngwe hangata.
BA DILEMO DI KA TLASE HO TSE HLANO
Ho na le lethathama la dibuka tse nang le ditshwantsho bakeng sa bana ba dilemo di ka tlase ho tse hlano. Ikopanye le laiborari hore o di fumane. Sheba dipale tseo ngwana a ka di utlwisisang ha bonolo, tse nang le ditshwantsho tse hlakileng tseo a ka di tshwantshang ha bonolo.
HA A SE A LOKETSE HO BALA
Bana ba kgona ho etsa dintho ho ya ka dilemo ho fapana, ka hoo, e se re ha o bona ngwana wa moahisane a se a kgona ho bala, o be o se o beha kgatello ho wa hao ho re le yena a etse jwalo - ke bolela le haeba e le dithaka. Taba ya bohlokwa ke hore na o se a ho loketse ho bala, ho ena le hore e be wena ya mo rutang.
Mo kgothaletse ho rata buka - a kgone ho bona ditlhaku le dibopeho tse itseng tsa ditshwantsho. Mo hlalosetse ditlhaku butle-butle mme o mo nehe monyetla wa hore le yena a shebe ditlhaku tseo moo bukeng. Se fele matla ho balla ngwana pale e le nngwe makgetlo kgetlo. Ha o ntse o mmalla, o tla ba le thahasello ya ho mamela.
HA RE DIELA DIKGALA...
O se leke ho hatella ngwana ho etse se ka hodimo ho matla a hae.
MAELE A HO BALA
Qala ho balla ngwana a sa le monyane. Sena se tla ntlafatsa tsebo ya hae ya puo.
Netefatsa hore le etsetsa sena sebakeng se kgutsitseng moo ho seng letho le ka le sitisang.
Buisana le yena o ntse o fetofetola lentswe ho ya ka ho fapana ha ditlhaku mme hape o sebedisa le matsoho ho leka ho netefatsa seo o se bolelang. Bana ba bangata ba tla rata ho nka karolo... le bona ba etse tsa bona dipale.
Netefatsa hore kamehla o mmalla dipale jwalo pele a robala.
MO REKELE SETULO
HAEBA o ka kgona, e bile o na le sebaka, o ka rekela ngwanahao setulo sa masea. Setulo sena se tla bebofatsa mosebetsi wa ho mo fepa. Ke sena seo o tlamehang ho se sheba ha o ilo se reka...
Bonolo: Ngwana o tla qeta nako e telele a le setulong, ka hoo, netefatsa hore o fumana se bonolo, seo a ka itshetlehang ho sona. Bana hape ba a rata ho ya kwana le kwana, ka hoo, o tlameha ho batla se tla mo neha sebaka sa ho etsa jwalo. Ho bohlokwa hape hore se be le sebaka sa ho beha maoto.
Bophahamo: Ekaba se a kgona ho nyoloha le ho theoha? Ho na le ba bonang sena se le bohlokwa, le ba sa boneng ka mokgwa oo.
Ho se hlwekisa: Ngwana o a qhala ha a eja, ka hoo, netefatsa hore ha se setulong se menwang hangata, seo dijo di ka ipatang ka bonolo ho sona. Bongata ba ditulo di phethetswe ka PVC e leng se bebofatsang mosebetsi wa ho se hlakola.
Terei: Terei ya teng e tlameha ho tseba ho tswa le ho kena hantle. O boele hape o shebisise le bobatsi ba yona.
Polokelo: Sheba hore na se a kgona ho meneha hore o tle o tsebe ho se boloka hantle? Se a kgona ho nkeha ha bobebe? Se na le mabidi? Ha se na le ona, hlahloba mariki a sona.
Polokeho: Kgetha se tiileng, se batsi, se se nang ho phethoha ha bobebe. Se tlameha ho ba le dibaka tsa ho itshwarella le mabanta bakeng sa lesea.
BONA SESOTHO July 2008
Ho ja ka nepo
Masea le ona ho tloha bonyaneng ba ona, le ona a rata mokgwa wa hore ho jewe mmoho jwalo ka lelapa.
Dumella ngwana hore a latswe mefuta e fapafapaneng ya dijo.
Hopola: masea a rata ho itjesa - pele ba tla isa dijo hanong, ba qala ba di suwe.
Bomme ba bang ha ba kgone ho mamella seo, ba rata ha ngwana a ntse a eja, ba nne ba mo hlakole. Mo tlohele! Sena se tla mo nyahamisa. Tlohela ngwana a itjese, a itshele, wena o tla mo hlakola ha a se a qetile.
Ha ngwana a se a loketse ho itjesa, mo dumelle ho etsa jwalo. Sena ha se o nehe nako ya ho phomola ho mo futiseng, empa se neha le yena ngwana monyetla wa hore a kgone ho itjesa.
YA MAHALA! Just for baby
Dihlahiswa tsa ha Just For Baby ke tsa bomme ba tsotellang bana ba bona jwalo ka ha ba tsotella ho ba fumanela tse molemo ka tjhelete ya bona. Lethathama lena la ha Just For Baby le na le setlolo sa aqueous se monko le se se nang ona, petroleum jelly e monko le e se nang ona, phoshwana e nkgang ha monate le baby oil.
Ho iteka lehlohonolo la ho fumana se seng sa diphuthelwana tse 20 tse bitsang R200, romela lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Just For Baby Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa o romele JUST FOR BABY ka SMS ho 35919. (SMS ka nngwe e bitsa R3).
