sotho.1402.piracy
Operation Dudula
Kgesa mmino wa mokokotelo
Ha o motshehetsi ha o reka di-CD tsa mokokotelo, ho etsa jwalo ho tshwana le boshodu
SE SEHOLO: Haeba o hlile o rata mmino, o ke se reke mmino wa mokokotelo diterateng.
HO NA LE mekgatlo e mengata ya sekgukgung e hatisang di-CD tsa mokokotelo.
Dibini, bahlahisi le ba bang ba nang le seabo mminong, ba sa tswa thakgola leano le bitswang Operation Dudula ho leka ho hlola bora bona.
Mokgahlelo wa pele wa leano lena ke moo dibini di hwantang teng diterateng di hlokomedisa setjhaba ka bora bona, wa bobedi ona ke moo ba tlang ho hatisa di-CD mmoho le DVD tse tshehetsang leano lena.
Mokgahlelong wa boraro ba tla etsa konsarete ho kopanya le hona ho kgothatsa dibini.
Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse 18 tseo ho tsona mekokotelo ya mmino e tlisang tahlehelo ya 25 ho ya ho 50 lekgolong thekisong ya mmino. Di-CD le di-DVD tse 80 ho tse lekgolo tsa mokokotelo di rekiswa sebakeng sa Gauteng.
Ka 2005 feela, ho ne ho nkwe ka mahahapa di-DVD le di-CD tse fetang milione.
Naledi ya mmino wa bodumedi Rebecca Malope, o re e ne e re ka mora beke feela albamo ya hae e reng Umthombo e phatlaladitswe ho ne ho se ho na le dikhophi tsa mokokotelo tse neng di se di rekiswa ka R16.
"Mokokotelo ona o bitsa indasteri ena dibilione tsa diranta ka selemo," ke yena eo.
E mong wa beng ba Bula Records, Tshepo Nzimande, o dumellana le yena. "Dibini di iphedisa ka mmino, mmino ona wa mokokotelo o lematsa dibini tsena."
Ho hatisa mmino ntle le tumello ha se ho hatikella ditokelo tsa bohlale ba motho feela, empa ke karolo ya bonokwane bo rerilweng. Nigeria ke yona e di hulang pele ka bonokwane ba mofuta ona mme e na le ditse tse robedi tseo ho hatisetswang mmino ona ho tsona mme e be e fepela dinaha tse kang Senegal, Ghana le Afrika Borwa ka di-CD le di-DVD tseo. [s]
BONA SESOTHO - May 2007
HODIMO le KA HODIMO: Ho thubuwa di-CD tsa mokokotelo.
pale TEDDY GOMBA
